Esaia
Jehova o mpitsitse le pele ke hlaha.*+
Ho tloha ke sa le ka popelong ya Mme, o bitsitse lebitso la ka.
2 O entse hore molomo wa ka o be jwalo ka sabole e bohale.
O mpatile moriting wa letsoho la hae.+
O entse hore ke be lerumo le leoditsweng,
A mpata ka mokotleng wa hae o tshelang metsu.
4 Empa ka re: “Ke sehletse lefeela.
Ke sentse matla a ka bakeng sa ntho e siyo.
5 Jwale Jehova ya nkentseng ho tloha ka popelong ke le mohlanka wa hae,
O itse ke kgutlisetse Jakobo ho yena
E le hore Iseraele e bokellelwe ho yena.+
Ke tla tlotliswa mahlong a Jehova
Mme Modimo wa ka e tla be e le matla a ka.
6 Yaba o re: “Ha ho a lekana hore ebe o mohlanka wa ka
Bakeng sa ho hlahisa maloko a Jakobo
Le ho kgutlisa ba sireleditsweng ba Iseraele feela.
Ke boetse ke fane ka wena o le lesedi la ditjhaba+
E le hore poloko ya ka e ka fihla dikgutlong tsa lefatshe.”+
7 Jehova, Molopolli wa Iseraele, Mohalaledi wa yona,+ o re ho ya rohakilweng,+ ho ya hloilweng ke setjhaba, ho mohlanka wa babusi:
“Marena a tla bona mme a raohe
Le dikgosana di tla inama
Ka lebaka la Jehova, ya tshepahalang,+
Mohalaledi wa Iseraele, ya o kgethileng.”+
8 Jehova o re:
Ke nnile ka o sireletsa e le hore ke fane ka wena o le selekane bakeng sa batho+
Hore o etse hore naha e boele e be le baahi,
Ho etsa hore ba je mafa a bona a lahlilweng kgerehlwa.+
9 Ho tla thwe ho batshwaruwa: ‘Tswang!’+
Le ho ba lefifing:+ ‘Itlhahiseng!’
Ba tla jella pela ditsela,
Makgulo a bona a be pela ditsela tsohle.*
12 Batho bana ba tla ba tswa hole,+
Bana ba tswa leboya le bophirimela
Mme bana bona ba tswa naheng ya Sinime.”+
13 Hweletsang le thabile, lona mahodimo mme o thabe, wena lefatshe.+
Dithaba di ke di nyakalle, di hweletse di thabile.+
14 Empa Sione o ile a nna a re:
“Jehova o ntahlile.+ Jehova o ntebetse.”+
15 Na mosadi a ka lebala ngwana wa hae ya anyang
Kapa a hloleha ho hauhela mora wa hae eo a mo tswetseng?*
Esita le haeba basadi bana ba ka lebala, nna nke ke ka o lebala.+
16 Ke o ngotse diatleng tsa ka.
Marako a hao a ka pela ka ka mehla.
17 Bana ba hao ba kgutla ba potlakile.
Ba ileng ba o qhaqha le ho o ripitla ba tla tloha ho wena.
18 Phahamisa mahlo mme o shebe hohle.
Kaofela ha bona ba a bokana.+
Ba tla ho wena.
Jehova o re: “Ha feela ke ntse ke phela,
O tla ikapesa bona kaofela jwalo ka ha eka ke mekgabiso,
Jwalo ka ha monyaduwa a rwala sefaha.
19 Le hoja dibaka tsa hao di ne di ripitlilwe le naha ya hao e le dithako,+
Hona jwale e tla ba nyenyane haholo bakeng sa ba dulang moo.+
Ba ileng ba o ripitla*+ ba tla ba hole.+
20 Bana ba hlahileng ka mora hore o shwelwe ke bana ba tla re moo o ntseng o utlwa:
‘Sebaka sena se senyenyane haholo bakeng sa rona.
Re fe sebaka e le hore re dule mona.’+
21 O tla re ka pelong:
‘Ntate wa bana baa ba ka ke mang
Ka ha ke mosadi ya shwetsweng ke bana ebile ke nyopa,
Ke hapuwe ebile ke motshwaruwa?
Ke mang ya hodisitseng bana baa?+
Ke ne ke setse ke le mong to!+
Jwale bana baa ba tswa kae?’”+
22 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re:
Ba tla o inamela difahleho di shebile fatshe,+
Mme jwang kapa jwang o tla tseba hore ke nna Jehova.
Ba ntshepang ba ke ke ba swaba.”+
24 Na monna ya matla a ka amohuwa ba seng ba hapilwe
Kapa na batshwaruwa ba mohatelli ba ka pholoswa?
25 Jehova o itse:
Ke tla lwantsha ba le lwantshang,+
Ke pholose bana ba lona.
26 Ke tla etsa hore ba le tshwarang hampe ba je nama ya bona,
Ba tahwe ke madi a bona jwalo ka ha eka ba tahilwe ke veine e monate.