Buka ya Pele ya Samuele
16 Jehova a qetella a itse ho Samuele: “O tla nne o utlwe bohloko ka lebaka la Saule+ ho fihlela neng ha e le moo ke mo lahlile hore e se ke ya hlola e eba morena wa Iseraele?+ Tlatsa lenaka la hao ka oli+ mme o tsamaye. Ke tla o romela ho Jese+ wa Mobethlehema hobane ke ikgethetse morena ho bara ba hae.”+ 2 Empa Samuele a re: “Nka ya jwang? Ha Saule a ka utlwa, o tla mpolaya.”+ Jehova a mo araba a re: “Tsamaya le kgomo e nyenyane mme o re, ‘Ke tlile ho tla etsetsa Jehova sehlabelo.’ 3 O memele Jese sebakeng seo o tla etsetsa sehlabelo ho sona mme ke tla o bolella hore na o etseng. O ntlotsetse eo ke tla o bontsha yena.”+
4 Samuele a etsa seo Jehova a se buileng. Ha a fihla Bethlehema,+ baholo ba motse ba thothomela ha ba kopana le yena yaba ba re: “Na o tlile ka kgotso?” 5 Yaba o re: “Ke tlile ka kgotso. Ke tlile ho tla etsetsa Jehova sehlabelo. Itlhwekiseng,* le tle le nna moo ke yo etsetsa sehlabelo teng.” A hlwekisa* Jese le bara ba hae. Ka mora moo, a ba memela moo a yo etsetsa sehlabelo teng. 6 Eitse ha ba kena mme a bona Eliabe+ a re: “E tlameha ebe enwa ke motlotsuwa wa Jehova.” 7 Empa Jehova a re ho Samuele: “O se ke wa sheba tsela eo a shebahalang ka yona le ka moo a leng molelele ka teng+ ka ha ha ke a kgetha yena. Modimo ha a shebe dintho ka tsela eo motho a di shebang ka yona. Motho o bona se bonwang ke mahlo feela empa Jehova o bona se ka pelong.”+ 8 Jwale Jese a bitsa Abinadabe+ mme a re a fete ka pela Samuele empa a re: “Le enwa Jehova ha a mo kgetha.” 9 Ka mora moo, Jese a tlisa Shama+ empa Samuele a re: “Le enwa Jehova ha a mo kgetha.” 10 Ka hoo, Jese a re bara ba hae ba supileng ba fete ka pela Samuele empa Samuele a re ho Jese: “Ha ho na eo Jehova a mo kgethileng hara bona.”
11 Qetellong Samuele a re ho Jese: “Na baa ke bara bohle ba hao?” Yaba o re: “Ho ntse ho ena le e mong e monyenyane.+ O ntse a disitse dinku.”+ Samuele a re ho Jese: “Ere a latwe hobane re ke ke ra dula fatshe ra ja a eso fihle.” 12 Ka hoo, a roma motho hore a mo late. O ne a le mofubedu, a ena le mahlo a matle mme a le motle.+ Jwale Jehova a re: “Ema, o mo tlotse hobane enwa ke yena.”+ 13 Samuele a nka lenaka le tshetseng oli+ mme a mo tlotsa ka pela boabuti ba hae. Moya wa Jehova wa qala ho fa Davida matla ho tloha letsatsing leo ho ya pele.+ Ha morao Samuele a tloha mme a ya Rama.+
14 Moya wa Jehova o ne o tlohile ho Saule+ mme moya o mobe o tswang ho Jehova o ne o mo tshwenya.+ 15 Bahlanka ba Saule ba re ho yena: “O a bona hore moya o mobe o tswang ho Modimo o a o tshwenya. 16 Morena wa rona, re kopa hore o re rome re yo batla monna ya tsebang ho letsa harepa.+ Neng kapa neng ha moya o mobe o tswang ho Modimo o tla ho wena, o tla e letsa mme o tla ba hantle.” 17 Ka hoo, Saule a re ho bahlanka ba hae: “Ke kopa le mpatlele monna ya tsebang ho letsa harepa ha monate mme le mo tlise ho nna.”
18 E mong wa bahlanka a re: “Ke bone ka moo mora wa Jese wa Mobethlehema a letsang harepa ha monate ka teng ebile ke monna ya sebete le ya matla.+ O bua ha monate, o motle+ mme Jehova o na le yena.”+ 19 Yaba Saule o romela baromuwa ho Jese o re: “Romela mora wa hao Davida ya ntseng a disa mohlape.”+ 20 Jese a nka tonki a e jarisa bohobe, lekuka* la veine le potsanyane mme a di romela ho Saule ka mora wa hae Davida. 21 Ka hoo, Davida a tla ho Saule mme a qala ho mo sebeletsa.+ Saule o ile a mo rata haholo mme ya eba mojari wa dihlomo tsa hae. 22 Saule a romela molaetsa ho Jese a re: “Ke kopa o dumelle Davida hore a nne a ntshebeletse hobane ke a mo rata.” 23 Neng kapa neng ha moya o mobe o tswang ho Modimo o tla ho Saule, Davida o ne a nka harepa a e letsa ebe Saule o a imoloha, o ba hantle mme moya o mobe o ne o tloha ho yena.+