Esaia
25 Jehova, o Modimo wa ka.
Ke a o phahamisa, ke rorisa lebitso la hao
Hobane o entse dintho tse hlollang,+
O di rerile* ho tloha mehleng ya kgale,+
Ka botshepehi+ le ka nnete.
2 O entse motse qubu ya majwe,
Wa etsa hore motse o sireleditsweng ka thata o hloke baahi.
Sebaka se sireletsehileng sa baditjhaba ha e sa le motse,
O ke ke wa tsosoloswa hape.
3 Ke ka lebaka leo setjhaba se matla se tla o tlotlisa.
Motse wa ditjhaba tse sehloho o tla o tshaba.+
4 O fetohile sebaka se sireletsehileng ho motho ya tlase
Le ho mofutsana ya leng mahlomoleng,+
Setshabelo puleng e nang ka sefefo
Le moriti ha ho tjhesa.+
Ha bohale ba bahatelli bo tshwana le pula e nang ka sefefo ha e otla lerako
5 Jwalo ka motjheso naheng e omeletseng,
O fedisa bohale ba basele.
Pina ya bahatelli e thodiswa
Jwalo ka motjheso o fediswang ke moriti wa leru.
6 Thabeng ena,+ Jehova wa mabotho o tla etsetsa ditjhaba tsohle
Mokete wa dijo tsa maemo,+
Mokete wa veine ya boleng bo phahameng,*
Wa dijo tsa maemo tse tletseng moko,
Wa veine e tlhotlilweng, ya boleng bo phahameng.
7 Thabeng ena, o tla tlosa* lesira le kwahetseng batho bohle,
Le lesela le lohilweng* le kwahetseng ditjhaba tsohle.
8 O tla fedisa lefu ka ho sa feleng.+
Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o tla hlakola meokgo difahlehong tsohle.+
O tla etsa hore batho ba hae lefatsheng lohle ba se ke ba hlola ba tlotlollwa
Hobane ke Jehova ka boyena ya buileng jwalo.
9 Letsatsing leo ba tla re:
“Enwa ke Modimo wa rona.+
Enwa ke Jehova.
Re mo tshepile.
A re thabeng mme re nyakalle ka ha o re pholositse.”+
10 Letsoho la Jehova le tla sireletsa* thaba ena,+
Moabe e tla hatakelwa sebakeng sa yona+
Jwalo ka jwang bo hatakelwang hore bo etswe qubu ya moitedi.
11 O tla otlolla matsoho a otle Moabe
Jwalo ka ha motho ya sesang a otla metsi ka matsoho hore a sese
Mme o tla kokobetsa boikgohomoso ba yona+
A sebedisa matsoho a hae ka tsela e hlwahlwa.
12 O tla diha motse o sireleditsweng ka thata le marako a hao a phahameng a tshireletso.
O tla o lahlela fatshe leroleng.