Dipesaleme
Ho motsamaisi. Pesaleme ya Davida. Pina.
65 Modimo, o tla roriswa thabeng ya Sione.+
Re tla phethahatsa dikano tseo re o etseditseng tsona.+
2 Wena Ya Utlwang thapelo, batho bohle ba tla tla ho wena.+
Batho ba dulang dikarolong tsohle tsa lefatshe ba a o tshepa+
Le ba dulang hole ka nqane ho lewatle.
6 O hlomme dithaba, wa di tiisa ka matla a hao.
O na le matla a maholo.+
8 Batho ba dulang dibakeng tse hole ba tla makatswa ke dipontsho tsa hao.+
O tla etsa hore batho ba dulang ho tloha botjhabela ho ya fihla bophirimela ba hweletse ba thabile.
Nokana e tswang ho Modimo e na le metsi a mangata.
O ba fa dijo,+
Ke ka tsela eo o entseng lefatshe ka yona.
10 O kolobisa diforo tsa lona ebile o batalatsa mobu wa lona o lenngweng.
O le nolofatsa ka dipula tsa medupe, o a le hlohonolofatsa e le hore dijalo di hole.+
11 O rwesitse selemo korone ka ho se hlohonolofatsa ka dintho tse ntle.
Ditsela tsa hao di tletse dintho tse molemo.+
Di hweletsa ka thabo, di a bina.+