Kosepele ya Luka
13 Ka nako eo, batho ba bang ba neng ba le teng moo ba ile ba bolella Jesu hore Pilato o bolaile Bagalilea ba neng ba etsa mahlabelo. 2 A re ho bona: “Na le nahana hore Bagalilea baa ba shwele hobane e le baetsadibe ba fetang Bagalilea ba bang kaofela? 3 Ho hang! Empa ke a le bolella hore haeba le sa bake, le tla shwa jwalo ka ha ba shwele.+ 4 Le reng ka banna bane ba 18 bao tora ya Siloame e ba wetseng hodimo ya ba bolaya, le nahana hore e ne e le baetsadibe ba fetang banna bohle ba Jerusalema? 5 Ho hang! Empa ke a le bolella hore haeba le sa bake, le tla shwa jwalo ka ha ba shwele.”
6 A ba etsetsa papiso a re: “Monna e mong o ne a ena le sefate sa feie* tshimong ya hae ya morara, yare ha a tla a tlo kga feie, a fumana se sa beha.+ 7 A re ho motho ya hlokomelang tshimo ya hae ya morara: ‘Dilemo di tharo jwale ke ntse ke tla ke batla feie sefateng sena empa ke sa fumane letho. Se reme, ke tshenyo ya mobu feela.’ 8 Ha a mo araba a re: ‘Mongaka, se fe selemo sena hape ke tle ke se lemele ebe ke se tshella manyolo. 9 Mohlomong se tla beha, ho seng jwalo o se reme.’”+
10 Ka Sabatha e nngwe o ne a ruta ka tlung ya thapelo.* 11 Ho ne ho ena le mosadi ya neng a qetile dilemo tse 18 a holofaditswe ke modemona. O ne a kotlobane haholo hoo a neng a sa kgone ho inamoloha ho hang. 12 Ha Jesu a mo bona a re ho yena: “Ngwaneso,* o tlo fola.”+ 13 A mo beha matsoho mme hanghang mosadi eo a otloloha yaba o rorisa Modimo. 14 Empa molaodi ya okamelang ntlo ya thapelo* o ne a halefile hobane Jesu a phekotse motho ka Sabatha. Ka hoo, a re ho letshwele: “Ho na le matsatsi a tsheletseng a mosebetsi.+ Ha le batla ho phekolwa le tle ka ona matsatsi ao, eseng ka Sabatha.”+ 15 Morena a re ho yena: “Lona baikaketsi,+ ka Sabatha e mong le e mong wa lona o fasolla poho kapa tonki ya hae setaleng ebe o yo e nwesa.+ 16 Mosadi enwa eo e leng ngwana wa Abrahama o qetile dilemo tse 18 a sotlwa ke Satane. Jwale na yena ha a lokela ho phekolwa ka Sabatha?” 17 Ka mora hore a tjho jwalo, bahanyetsi ba hae kaofela ba swaba empa letshwele kaofela la thabela dintho tsohle tse ntle tseo a di entseng.+
18 Ka mora moo a re: “Ebe Mmuso wa Modimo o tshwana le eng, nka o bapisa le eng? 19 O tshwana le peo ya mosetareta eo motho e mong a ileng a e lema jareteng ya hae. E ile ya hola ya eba jwalo ka sefate mme dinonyana tsa hahela makaleng a sona.”+
20 A boela a re: “Ke tla bapisa Mmuso wa Modimo le eng? 21 O tshwana le tomoso eo mosadi a ileng a e nka a e tswaka le dijeke tse tharo tse kgolo tsa phofo* ho fihlela hlama eo kaofela e betse.”+
22 Ha a le tseleng e yang Jerusalema, a tsamaya metse le metsana a ntse a ruta batho. 23 Monna e mong a re ho yena: “Morena, na ke nnete hore ho tla pholoswa ba seng bakae feela?” Jesu a re ho bona: 24 “Lwanelang ho kena ka monyako o monyenyane*+ hobane ke a le bolella hore ba bangata ba tla batla ho kena empa ba ke ke ba kgona. 25 Hang ha monga ntlo a ema a notlela lemati, le tla ema ka ntle le ntse le kokota le re: ‘Morena, re bulele.’+ Empa o tla re ho lona: ‘Ha ke tsebe hore na le tswa kae.’ 26 Jwale le tla re: ‘Re ne re ja, re nwa le wena ebile o ruta batho diterateng tse kgolo tsa motse wa rona.’+ 27 O tla re ho lona: ‘Ha ke tsebe hore na le tswa kae. Tlohang ho nna kaofela lona ba sa lokang.’ 28 Ke hona moo le tla lla le ho tsikitlanya meno teng ha le bona Abrahama, Isaka, Jakobo le baprofeta bohle Mmusong wa Modimo empa lona le tla be le lahletswe ka ntle.+ 29 Hape batho ba tla tla ba tswa ka botjhabela, bophirimela, leboya le borwa mme ba dule tafoleng Mmusong wa Modimo. 30 Ho na le ba bang ba ho qetela bao e tla ba ba pele hape ho na le ba bang ba pele bao e tla ba ba ho qetela.”+
31 Bafarisi ba bang ba tla ho yena ka yona nako eo ba re: “Baleha hobane Heroda o batla ho o bolaya.” 32 Yaba o re ho bona: “Jwetsang phokojwe eno hore ke re: ‘Letsatsing lena le hosane ke tla be ke leleka bademona ke be ke fodise batho, ka letsatsi la boraro ke tla be ke qetile mosebetsi wa ka.’ 33 Empa hore na ho etsahalang, ke tla etsa mosebetsi wa ka letsatsing lena, hosane le ha ho feta hosane, ke tswele pele ka leeto la ka hobane moprofeta a ka bolaelwa Jerusalema feela, eseng sebakeng sefe kapa sefe.+ 34 Jerusalema, Jerusalema, mmolai wa baprofeta le ya tlepetsang ka majwe ba rometsweng ho yena,+ ke hakae ke neng ke batla ho bokella bana ba hao jwalo ka ha kgoho e bokella ditsuonyana tsa yona empa la nna la hana?+ 35 Modimo o tla tlohela ntlo ya lona a le siye le yona.*+ Ke a le bolella, ho hang le ke ke la mpona ho fihlela le re: ‘Ho hlohonolofetse ya tlang ka lebitso la Jehova.’”*+