LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Ezekiele 34
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya Ezekiele

      • Boprofeta bo buang ka kahlolo ya badisa ba Iseraele (1-10)

      • Jehova o hlokomela dinku tsa hae (11-31)

        • “Mohlanka wa ka Davida” o tla di disa (23)

        • “Selekane sa kgotso” (25)

Ezekiele 34:2

Mangolo a Dithupiso

  • +Jer 23:1; Mik 3:1, 11; Sof 3:3; Zak 11:17; Mat 23:13
  • +Esa 40:11; Joh 21:15

Ezekiele 34:3

Mangolo a Dithupiso

  • +2Ma 21:16; Jer 22:17; Mik 3:3; Zak 11:4, 5
  • +Esa 56:11

Ezekiele 34:4

Mangolo a Dithupiso

  • +Lu 15:4
  • +Jer 22:13

Ezekiele 34:5

Mangolo a Dithupiso

  • +Jer 23:2; 50:6; Mat 9:36

Ezekiele 34:10

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “ke be ke batle dinku tsa ka ho bona.”

  • *

    Kapa: “hlokomele.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Jer 52:24-27

Indexes

  • Research Guide

    Borapedi ba Nnete, maq. 90, 101

Ezekiele 34:11

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 17:34, 35; Pes. 80:1; Esa 56:8

Indexes

  • Research Guide

    Kgutlela ho Jehova, leq. 4

Ezekiele 34:12

Mangolo a Dithupiso

  • +Esa 40:11
  • +Joe 2:1, 2; Sof 1:14, 15

Ezekiele 34:13

Mangolo a Dithupiso

  • +Jer 23:3; Eze 11:17; Amo 9:14; Mik 7:14

Indexes

  • Research Guide

    Borapedi ba Nnete, leq. 106

Ezekiele 34:14

Mangolo a Dithupiso

  • +Esa 25:6; 30:23; Jer 31:12
  • +Jer 33:12

Indexes

  • Research Guide

    Borapedi ba Nnete, leq. 106

    Kgutlela ho Jehova, leq. 5

Ezekiele 34:15

Mangolo a Dithupiso

  • +Jer 3:15
  • +Sof 3:13

Indexes

  • Research Guide

    Borapedi ba Nnete, leq. 107

Ezekiele 34:16

Mangolo a Dithupiso

  • +Mik 4:6; Mat 15:24; Lu 15:4

Indexes

  • Research Guide

    Borapedi ba Nnete, leq. 107

    Kgutlela ho Jehova, leq. 5

Ezekiele 34:17

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “dipodi tse tona.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Zak 10:3

Ezekiele 34:22

Mangolo a Dithupiso

  • +Esa 40:11; Jer 23:3

Ezekiele 34:23

Mangolo a Dithupiso

  • +Joh 10:11; Heb 13:20; 1Pe 5:4; Tshe 7:17
  • +Esa 11:1; Jer 30:9
  • +Eze 37:24; Hos 3:5

Indexes

  • Research Guide

    Borapedi ba Nnete, maq. 89, 90-91

Ezekiele 34:24

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 29:45; Jer 31:1
  • +Pes. 2:6; Esa 9:6; Jer 23:5; Mik 5:2; Lu 1:32; Dik 5:31

Ezekiele 34:25

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 37:26
  • +Le 26:6; Esa 11:6-9; 35:9; 65:25; Hos 2:18
  • +Jer 23:6; 33:16

Indexes

  • Research Guide

    Borapedi ba Nnete, maq. 90-91, 109-111

Ezekiele 34:26

Mangolo a Dithupiso

  • +Esa 56:7; Eze 20:40; Mik 4:1
  • +Ge 12:2, 3; De 28:12; Zak 8:13

Ezekiele 34:27

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 26:4; Pes. 85:12; Esa 35:2; Eze 36:30
  • +Le 26:13

Ezekiele 34:28

Mangolo a Dithupiso

  • +Jer 30:10; 46:27

Ezekiele 34:29

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 36:29
  • +Eze 36:15

Ezekiele 34:30

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 37:27

Ezekiele 34:31

Mangolo a Dithupiso

  • +Pes. 78:52; 100:3; Esa 40:11

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

Ezek. 34:2Jer 23:1; Mik 3:1, 11; Sof 3:3; Zak 11:17; Mat 23:13
Ezek. 34:2Esa 40:11; Joh 21:15
Ezek. 34:32Ma 21:16; Jer 22:17; Mik 3:3; Zak 11:4, 5
Ezek. 34:3Esa 56:11
Ezek. 34:4Lu 15:4
Ezek. 34:4Jer 22:13
Ezek. 34:5Jer 23:2; 50:6; Mat 9:36
Ezek. 34:10Jer 52:24-27
Ezek. 34:111Sa 17:34, 35; Pes. 80:1; Esa 56:8
Ezek. 34:12Esa 40:11
Ezek. 34:12Joe 2:1, 2; Sof 1:14, 15
Ezek. 34:13Jer 23:3; Eze 11:17; Amo 9:14; Mik 7:14
Ezek. 34:14Esa 25:6; 30:23; Jer 31:12
Ezek. 34:14Jer 33:12
Ezek. 34:15Jer 3:15
Ezek. 34:15Sof 3:13
Ezek. 34:16Mik 4:6; Mat 15:24; Lu 15:4
Ezek. 34:17Zak 10:3
Ezek. 34:22Esa 40:11; Jer 23:3
Ezek. 34:23Eze 37:24; Hos 3:5
Ezek. 34:23Joh 10:11; Heb 13:20; 1Pe 5:4; Tshe 7:17
Ezek. 34:23Esa 11:1; Jer 30:9
Ezek. 34:24Ex 29:45; Jer 31:1
Ezek. 34:24Pes. 2:6; Esa 9:6; Jer 23:5; Mik 5:2; Lu 1:32; Dik 5:31
Ezek. 34:25Eze 37:26
Ezek. 34:25Le 26:6; Esa 11:6-9; 35:9; 65:25; Hos 2:18
Ezek. 34:25Jer 23:6; 33:16
Ezek. 34:26Esa 56:7; Eze 20:40; Mik 4:1
Ezek. 34:26Ge 12:2, 3; De 28:12; Zak 8:13
Ezek. 34:27Le 26:4; Pes. 85:12; Esa 35:2; Eze 36:30
Ezek. 34:27Le 26:13
Ezek. 34:28Jer 30:10; 46:27
Ezek. 34:29Eze 36:29
Ezek. 34:29Eze 36:15
Ezek. 34:30Eze 37:27
Ezek. 34:31Pes. 78:52; 100:3; Esa 40:11
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Ezekiele 34:1-31

Ezekiele

34 Jehova a boela a re ho nna: 2 “Mora motho, profeta molaetsa wa kahlolo ho badisa ba Iseraele o re, ‘Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Ho madimabe lona badisa ba Iseraele+ ba iphepang. Na ha se mohlape oo badisa ba lokelang ho o fepa?+ 3 Le ja mafura, le apara diaparo tse entsweng ka ulu ebile le hlaba diphoofolo tse nonneng ka ho fetisisa+ empa ha le fepe mohlape.+ 4 Ha le a matlafatsa tse fokolang, ha le a fodisa tse kulang, ha le a tlamisa tse lemetseng, ha le a kgutlisa tse hlahlathetseng ebile ha le a batla tse lahlehileng.+ Ho ena le hoo, le ne le di laola ka thata ebile le di hateletse.+ 5 Di ile tsa hasana hobane di se na modisa.+ Ka ha di ne di hasane, di ile tsa fetoha dijo tsa dibata tsohle tsa naha. 6 Dinku tsa ka di ne di hlahlathela dithabeng tsohle le maralleng ohle. Di ne di hasane hohle lefatsheng, ho se na motho ya batlanang le tsona kapa ya ikemiseditseng ho di fumana.

7 Ka lebaka leo, lona badisa mamelang mantswe a Jehova. 8 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Dinku tsa ka di fetohile dijo tsa dibata tsohle tsa naha hobane di se na modisa. Badisa ba ka ha ba a di batla. Ho ena le hoo, ba ile ba iphepa yaba ha ba fepe dinku tsa ka.’ 9 Ka lebaka leo, badisa mamelang mantswe a Jehova. 10 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ke tla fa badisa kotlo ke be ke etse hore ba ikarabelle ka tsela eo ba neng ba tshwere dinku tsa ka ka yona.* Nke ke ka ba dumella hore ba di fepe*+ ebile le bona ha ba sa tla hlola ba iphepa. Ke tla pholosa dinku tsa ka ho bona e le hore ba se ke ba hlola ba di ja.’

11 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ke nna enwa, ke tla batlana le dinku tsa ka ke be ke di hlokomele.+ 12 Ke tla hlokomela dinku tsa ka jwalo ka modisa ya hlokomelang dinku tsa hae tse neng di hasane ebe o a di fepa.+ Ke tla di pholosa dibakeng tsohle tseo di neng di hasane ho tsona letsatsing la maru le la lefifi le letsholetsho,+ 13 ke di ntshe hara ditjhaba, ke di bokelle ha mmoho ho tswa dinaheng ke be ke di tlise naheng ya tsona. Ke tla di fepa thabeng ya Iseraele,+ pela dinokana le dibaka tseo ho dulwang ho tsona, 14 ke di fudise makgulong a matle mme di tla fula dithabeng tse phahameng tsa Iseraele.+ Di tla dula moo naheng e nang le makgulo a matle+ ebile di tla fula dithabeng tsa Iseraele tse nang le makgulo a matle.’

15 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re, ‘Ke nna ya tla fepa dinku tsa ka+ ke be ke di fe sebaka sa ho phomola.’+ 16 Ke tla batlana le e lahlehileng,+ ke kgutlise e hlahlathetseng, ke tlamise e lemetseng ke be ke matlafatse e fokolang. Empa ke tla fedisa e nonneng le e matla ebile ke tla e ahlola.”

17 Lona mohlape wa ka, nna Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ke re: “Ke tlisa kahlolo, ke tla ahlola dinku, diramo le diphooko* ka toka.+ 18 Na ha ho a lekana hore ebe le fula dibakeng tse nang le jwang bo botle ka ho fetisisa? Na le lokela ho hata jwang bo setseng ka maoto? Na ka mora hore le nwe metsi a hlwekileng ka ho fetisisa le lokela ho a silafatsa ka hore le a hate ka maoto? 19 Na jwale dinku tsa ka di fule jwang boo le bo hatileng ka maoto di be di nwe le metsi ao le a silafaditseng?”

20 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re ho tsona: “Ke tla ahlola dinku tse nonneng le tse otileng ka toka. 21 Le ne le sutumetsa dinku tsohle tse kulang ka mmele ya lona ebile le di hlaba ka manaka ho fihlela le di hasantse hohle. 22 Ke tla pholosa dinku tsa ka ebile ha di sa tla hlola di fetoha dijo tsa diphoofolo tse ding.+ Ke tla ahlola nku e nngwe le e nngwe ka toka. 23 Ke tla di fa modisa a le mong+ e leng mohlanka wa ka Davida+ mme o tla di fepa. O tla di fepa, e be modisa wa tsona.+ 24 Nna Jehova ke tla ba Modimo wa tsona+ mme mohlanka wa ka Davida e be kgosana ya tsona.+ Ke nna Jehova ya buileng.

25 Ke tla etsa selekane sa kgotso le tsona.+ Ke tla tlosa diphoofolo tse kotsi tse hlaha+ e le hore di dule di sireletsehile naheng di be di robale merung.+ 26 Ke tla di hlohonolofatsa ke be ke hlohonolofatse sebaka se potolohileng leralla la ka+ hape ke tla etsa hore pula e ne ka nako ya yona. Ke tla nesa ditlhohonolofatso jwalo ka pula.+ 27 Difate di tla beha ditholwana, mobu o hlahise dijo+ le batho ba ka ba dule ba sireletsehile naheng. Ba tla tseba hore ke nna Jehova ha ke roba joko ya bona+ mme ke ba pholosa ho batho ba ba entseng makgoba. 28 Ha ba sa tla hlola ba hlaselwa ke ditjhaba, le dibata tsa naha di ke ke tsa ba bolaya. Ba tla dula ba sireletsehile ho se na motho ya ba tshosang.+

29 Ke tla ba fa sebaka se tla tuma ka ho hlahisa dijalo tse ntle. Ha ba sa tla hlola ba bolawa ke tlala+ ebile ha ho sa tla hlola ho eba le ditjhaba tse tla etsa hore ba hlajwe ke dihlong.+ 30 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re, ‘Baiseraele ba tla tseba hore nna Jehova ke Modimo wa bona, ke na le bona ebile ke setjhaba sa ka.’+

31 Lona dinku tsa ka+ tseo ke di hlokomelang, le batho mme nna ke Modimo wa lona,” ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.’”

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share