Dipesaleme
Ho motsamaisi wa Gitithe.* Pesaleme ya bara ba Kora.+ Pina.
84 Jehova wa mabotho,
Tabernakele ya hao e ntle* hakaakang!+
Ke hweletsa Modimo ya phelang ke thabile
Ka pelo ya ka yohle le ka matla a ka ohle.
3 Le dinonyana di fumana moo di ka dulang ntlong ya hao,
Lefokotsane le ikahela sehlaha
Moo le hlokomelang madinyane a lona
Haufi le aletare ya hao e kgolo, Jehova wa mabotho,
Morena wa ka le Modimo wa ka.
4 Ho thaba ba dulang ka tlung ya hao.+
Ba dula ba o rorisa.+ (Selah)
5 Ho thaba batho ba fumanang matla ho wena,+
Ba lakatsang ho tsamaya ditseleng tse yang ntlong ya hao.
Pula ya pele e e apesa* ditlhohonolofatso.
7 Matla a bona a tla eketseha ha ba ntse ba tsamaya.+
E mong le e mong o hlaha ka pela Modimo Sione.
8 Jehova Modimo wa mabotho, utlwa thapelo ya ka.
Mamela hle Modimo wa Jakobo. (Selah)
10 Ho qeta letsatsi le le leng mabaleng a hao ho molemo ho feta ho qeta a sekete sebakeng se seng.+
Ke kgetha ho ema monyako wa ntlo ya Modimo wa ka
Ho ena le ho dula ditenteng tsa batho ba kgopo.
11 Jehova Modimo o jwalo ka letsatsi+ le thebe ho rona.+
O mosa ebile o etsa hore re hlomphehe.
Jehova a ke ke a hanela ba se nang molato+
Ka ntho le ha e le efe e ntle.