Dipesaleme
Thapelo ya Davida.
17 Utlwa kopo ya ka mme o nketsetse toka hle Jehova.
Mamela sello sa ka ha ke kopa thuso.
Utlwa thapelo ya ka eo ke e etsang ke sa bue leshano.+
3 O hlahlobile pelo ya ka, wa ntlhahloba le bosiu.+
O ntlhwekisitse.+
O tla fumana hore ha ke a rera letho le lebe
Le hore molomo wa ka ha o a bua letho le phoso.
4 Ha ke etse dintho tseo dinokwane di di etsang jwalo ka ha batho ba bang ba etsa,
Ke mamela mantswe a hao.+
6 Ke hweletsa wena hobane o tla nkaraba,+ Modimo wa ka.
Mmamele.* Utlwa mantswe a ka.+
7 Bontsha lerato* la hao ka ditsela tse hlollang,+
Wena Mopholosi wa ba balehelang letsohong la hao le letona hore ba fumane tshireletso
Ho ba o fetohelang.
10 Ha ba na kutlwelobohloko.
Ba a ikgohomosa ha ba bua.
12 Ya kgopo o jwalo ka tau e batlang ho kgaola phofu ya yona dikoto,
O tshwana le tawana e ipatileng hore e hlasele.