Ezekiele
1 Ka letsatsi la bohlano la kgwedi ya bone selemong sa bo30, ke ne ke le nokeng ya Kebare+ hara batho ba hapilweng+ ha mahodimo a buleha mme ke bona dipono tse tswang ho Modimo. 2 Ka letsatsi la bohlano la kgwedi, selemong sa bohlano Morena Jojakine+ a hapilwe, 3 Jehova a bua le nna Ezekiele* mora wa moprista Buzi pela noka ya Kebare naheng ya Bakalde.+ Ha ke le moo, ka utlwa matla a Jehova a le hodima ka.*+
4 Ha ke ntse ke shebile, ka bona ho hlaha moya o matla wa sefefo+ ho tswa ka leboya. Ho ne ho ena le kganya e bohale*+ e potapotileng leru le leholo le mollo o kganyang. Hara mollo ho ne ho ena le ntho e kang motswako wa kgauta le silevera.+ 5 Hara mollo oo ho ne ho boetse ho ena le dintho tse kang mangeloi*+ a mane a tshwanang le batho. 6 Le leng le le leng le ne le ena le difahleho tse nne le mapheo a mane.+ 7 Maoto a ona a ne a otlolohile a bile a tshwana le a namane ka tlase, a benya jwalo ka koporo e bentshitsweng.+ 8 Mangeloi ao a ne a ena le matsoho a tshwanang le a batho ka tlasa mapheo a ona a mane mme ka bone ba ona a ne a ena le difahleho le mapheo. 9 Mapheo a ona a ne a thetsane. Ha a tsamaya a ne a sa tjeke, le leng le le leng le ne le ya pele.+
10 A ne a shebahala tjena: A ne a ena le sefahleho sa motho ka pele, sa tau+ ka lehlakoreng le letona, sa poho+ ka lehlakoreng le letshehadi le sa ntsu+ ka morao. 11 Difahleho tsa ona di ne di le jwalo. Mapheo a ona a ne a phukaletse hodimo. Le leng le le leng le ne le ena le mapheo a mabedi a thetsaneng le a mabedi a kwahetseng mmele wa lona.+
12 Le leng le le leng le ne le ya pele, le ya kae kapa kae moo moya o neng o le kgannela teng.+ Ha a tsamaya a ne a sa tjeke. 13 Mangeloi ao a ne a tshwana le mashala a hlenneng a mollo. Dintho tse kang dirumula tsa mollo o bohale di ne di ya pele le morao pakeng tsa mangeloi ao mme mollong ho ne ho hlaha lehadima.+ 14 Ha mangeloi ao a fofa,* e ne eka ho hlaha lehadima.
15 Ha ke ntse ke shebile mangeloi ao, ka bona lebidi fatshe pela lengeloi ka leng le nang le difahleho tse nne.+ 16 Mabidi ao a ne a phatsima jwalo ka ha eka a entswe ka lejwe la krisolite mme ka bone ba ona a ne a tshwana. A ne a bonahala a entswe jwalo ka ha eka lebidi le ka hara lebidi le leng.* 17 Ha a tsamaya, a ne a kgona ho ya mahlakoreng a ona a mane a sa tjeke. 18 Dirimi tsa mabidi ao a mane di ne di phahame ka tsela e makatsang ebile di tletse mahlo ka hohle.+ 19 Ha mangeloi a tsamaya, mabidi a ne a tsamaya le ona. Ha mangeloi a phahama ho tloha fatshe, mabidi le ona a ne a phahama.+ 20 A ne a ya moo moya o a kgannelang teng a bile a ya hohle moo moya o yang. Mabidi a ne a phahama mmoho le mangeloi ka ha moya o neng o tataisa mangeloi* ao o ne o boetse o le mabiding. 21 Ha mangeloi a tsamaya, mabidi le ona a ne a tsamaya. Ha a ema, mabidi le ona a ne a ema. Ha a phahama ho tloha fatshe, mabidi a ne a phahama le ona ka ha moya o neng o tataisa mangeloi ao o ne o boetse o le mabiding.
22 Hodima dihlooho tsa mangeloi ho ne ho ena le ntho e kang sepakapaka se benyang jwalo ka leqhwa ebile se hlolla, se le hodima dihlooho tsa ona.+ 23 Mapheo a ona a ne a otlolohile* ka tlasa sepakapaka ebile a thetsane. Lengeloi ka leng le ne le ena le mapheo a mabedi mahlakoreng ka bobedi a kwahelang mmele kaofela. 24 Mapheo a ona a ne a etsa modumo o kang wa metsi a phallang ka matla ebile o le jwalo ka lentswe la Ya Matla Ohle.+ Ha a tsamaya, e ne eka modumo wa lebotho. Ha a ema, a ne a theola mapheo a ona.
25 Ho ile ha utlwahala lentswe hodima sepakapaka se hodima dihlooho tsa ona. (Ha a ema, a ne a lepeletsa mapheo a ona.) 26 Hodima sepakapaka seo, ho ne ho ena le ntho e shebahalang jwalo ka terone+ e entsweng ka lejwe la safire.+ Teroneng eo ho ne ho bonahala eka ho dutse motho.+ 27 Ho tloha thekeng la hae ho ya hodimo ke ile ka bona ntho e kganyang jwalo ka motswako wa kgauta le silevera,+ e kang mollo. Ho ya tlase ka bona ntho e kang mollo.+ Ho ne ho ena le kganya e mo potolohileng 28 e jwalo ka mookodi+ o bang teng marung ha pula e na. Ena ke tsela eo kganya e neng e mo potolohile e neng e shebahala ka yona. E ne e shebahala jwalo ka kganya ya Jehova.+ Ha ke e bona ke ile ka kgumama yaba ke utlwa motho ya buang.