LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Deuteronoma 7
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya Deuteronoma

      • Ditjhaba tse supileng tse tlo fediswa (1-6)

      • Lebaka la hore Modimo a kgethe Baiseraele (7-11)

      • Ho mamela ho tlisa katleho (12-26)

Deuteronoma 7:1

Mangolo a Dithupiso

  • +De 31:3
  • +Ex 33:2; Jos 3:10
  • +Ge 15:16
  • +Ge 10:15-17
  • +De 20:1

Deuteronoma 7:2

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 33:52
  • +Le 27:29; Jos 6:17; 10:28
  • +Ex 23:32; 34:15; De 20:16, 17

Deuteronoma 7:3

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “la nyallana.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Jos 23:12, 13; 1Ma 11:1, 2; Esd 9:2

Deuteronoma 7:4

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 34:16; 1Ma 11:4
  • +De 6:14, 15

Deuteronoma 7:5

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Sheba Tlhaloso.

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 23:24; 34:13
  • +De 16:21, 22
  • +De 7:25; 12:2, 3

Deuteronoma 7:6

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “letlotlo la bohlokwa.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 19:5, 6; De 14:2; Amo 3:2

Deuteronoma 7:7

Mangolo a Dithupiso

  • +De 10:15
  • +De 10:22

Deuteronoma 7:8

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “letsohong.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 6:6; 13:3, 14
  • +Ge 22:16, 17

Deuteronoma 7:9

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 34:6, 7

Deuteronoma 7:10

Mangolo a Dithupiso

  • +Pr 2:22; 2Pe 3:7

Deuteronoma 7:12

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Deuteronoma 7:13

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 26:9
  • +Le 26:4
  • +Ge 13:14, 15

Deuteronoma 7:14

Mangolo a Dithupiso

  • +De 33:29; Pes. 147:20
  • +Ex 23:26; De 28:11; Pes. 127:3

Deuteronoma 7:15

Mangolo a Dithupiso

  • +De 28:15, 27

Deuteronoma 7:16

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “Leihlo la hao le.”

Mangolo a Dithupiso

  • +De 7:1, 2; 20:16; Jos 10:28
  • +Ge 15:16; Le 18:25; De 9:5
  • +Ex 20:3
  • +Ex 23:33; De 12:30; Bhl 2:2, 3; Pes. 106:36

Deuteronoma 7:17

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 13:31

Deuteronoma 7:18

Mangolo a Dithupiso

  • +De 1:29; 31:6; Pes. 27:1; Esa 41:10
  • +Ex 14:13

Deuteronoma 7:19

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “diteko.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Ne 9:10, 11; Jer 32:20
  • +De 4:34
  • +Ex 23:28; Jos 3:10

Deuteronoma 7:20

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa mohlomong: “tshohe.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 23:29; De 2:25; Jos 2:9; 24:12

Deuteronoma 7:21

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 14:9
  • +De 10:17; 1Sa 4:7, 8

Deuteronoma 7:22

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 23:30

Deuteronoma 7:23

Mangolo a Dithupiso

  • +De 9:3

Deuteronoma 7:24

Mangolo a Dithupiso

  • +Jos 10:24; 12:1
  • +Ex 17:14; Pes. 9:5
  • +De 11:25; Jos 1:5; Bar 8:31
  • +Jos 11:14

Deuteronoma 7:25

Mangolo a Dithupiso

  • +De 12:3; 1Kr 14:12
  • +Esa 30:22
  • +De 27:15

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

Deut. 7:1De 31:3
Deut. 7:1Ex 33:2; Jos 3:10
Deut. 7:1Ge 15:16
Deut. 7:1Ge 10:15-17
Deut. 7:1De 20:1
Deut. 7:2Nu 33:52
Deut. 7:2Le 27:29; Jos 6:17; 10:28
Deut. 7:2Ex 23:32; 34:15; De 20:16, 17
Deut. 7:3Jos 23:12, 13; 1Ma 11:1, 2; Esd 9:2
Deut. 7:4Ex 34:16; 1Ma 11:4
Deut. 7:4De 6:14, 15
Deut. 7:5Ex 23:24; 34:13
Deut. 7:5De 16:21, 22
Deut. 7:5De 7:25; 12:2, 3
Deut. 7:6Ex 19:5, 6; De 14:2; Amo 3:2
Deut. 7:7De 10:15
Deut. 7:7De 10:22
Deut. 7:8Ex 6:6; 13:3, 14
Deut. 7:8Ge 22:16, 17
Deut. 7:9Ex 34:6, 7
Deut. 7:10Pr 2:22; 2Pe 3:7
Deut. 7:13Le 26:9
Deut. 7:13Le 26:4
Deut. 7:13Ge 13:14, 15
Deut. 7:14De 33:29; Pes. 147:20
Deut. 7:14Ex 23:26; De 28:11; Pes. 127:3
Deut. 7:15De 28:15, 27
Deut. 7:16De 7:1, 2; 20:16; Jos 10:28
Deut. 7:16Ge 15:16; Le 18:25; De 9:5
Deut. 7:16Ex 20:3
Deut. 7:16Ex 23:33; De 12:30; Bhl 2:2, 3; Pes. 106:36
Deut. 7:17Nu 13:31
Deut. 7:18De 1:29; 31:6; Pes. 27:1; Esa 41:10
Deut. 7:18Ex 14:13
Deut. 7:19Ne 9:10, 11; Jer 32:20
Deut. 7:19De 4:34
Deut. 7:19Ex 23:28; Jos 3:10
Deut. 7:20Ex 23:29; De 2:25; Jos 2:9; 24:12
Deut. 7:21Nu 14:9
Deut. 7:21De 10:17; 1Sa 4:7, 8
Deut. 7:22Ex 23:30
Deut. 7:23De 9:3
Deut. 7:24Jos 10:24; 12:1
Deut. 7:24Ex 17:14; Pes. 9:5
Deut. 7:24De 11:25; Jos 1:5; Bar 8:31
Deut. 7:24Jos 11:14
Deut. 7:25De 12:3; 1Kr 14:12
Deut. 7:25Esa 30:22
Deut. 7:25De 27:15
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Deuteronoma 7:1-26

Deuteronoma

7 Ha Jehova Modimo wa lona a le tlisa naheng eo le tlang ho kena ho yona hore e be ya lona,+ o tla boela a tlose ditjhaba tse nang le baahi ba bangata ka pela lona:+ Bahethe, Bagirgashe, Baamore,+ Bakanana, Bapereze, Baheve le Bajebuse,+ e leng ditjhaba tse supileng tse nang le baahi ba bangata le tse matla ho le feta.+ 2 Jehova Modimo wa lona o tla nehelana ka tsona ho lona mme le tla di hlola.+ Ka sebele le lokela ho di fedisa.+ Le se ke la etsa selekane le tsona kapa la di hauhela.+ 3 Le se ke la etsa selekane le ha e le sefe sa lenyalo* le ditjhaba tseo. Le se ke la fana ka baradi ba lona hore ba nyalwe ke bara ba tsona kapa hore bara ba lona ba nyale baradi ba tsona.+ 4 Ka ha ba tla kgelosa bana ba lona hore ba se ke ba ntatela mme ba sebeletse medimo e meng,+ Jehova o tla le halefela haholo mme o tla le fedisa ka potlako.+

5 Ho ena le hoo, le etse tjena ho ditjhaba tseo: Le heletse dialetare tsa tsona, le dihe dipilara tsa tsona tse halalelang,+ le kgaole dipalo tsa tsona tse halalelang*+ mme le tjhese le ditshwantsho tsa tsona tse betlilweng.+ 6 Le setjhaba se halalelang ho Jehova Modimo wa lona mme Jehova Modimo wa lona o kgethile lona hore le be setjhaba sa hae, thepa ya hae e kgethehileng* hara ditjhaba tsohle tse hodima lefatshe.+

7 Ha se hobane le le bangata ho feta ditjhaba tsohle Jehova a ileng a le rata mme a le kgetha+ ka ha le ne le le setjhaba se senyenyane hara ditjhaba tsohle.+ 8 Ho ena le hoo, Jehova o ile a le ntsha ka letsoho le matla e le hore a le lopolle ntlong ya bokgoba,+ matleng* a Faro morena wa Egepeta hobane Jehova a le rata hape a phethile kano ya hae eo a e hlapanyeditseng baholoholo ba lona.+ 9 Le tseba hantle hore Jehova Modimo wa lona ke Modimo wa nnete, Modimo ya tshepahalang, ya phethang selekane sa hae le ya bontshang lerato* melokong e sekete ya ba mo ratang le ba mamelang ditaelo tsa hae.+ 10 Empa ba mo hloileng o tla iphetetsa ka ho ba fedisa.+ A ke ke a dieha ho fana ka kotlo ho ba mo hloileng, o tla iphetetsa. 11 Ka hoo, le etse bonnete ba hore le mamela ditaelo le melao eo ke le laelang yona kajeno ka hore le e phethe.

12 Haeba le tswela pele ho mamela diqeto tsena tsa boahlodi mme le di latela, Jehova Modimo wa lona o tla phetha selekane sa hae mme a le bontshe lerato* jwalo ka ha a hlapanyeditse baholoholo ba lona. 13 O tla le rata, a le hlohonolofatse mme a le atise. O tla le hlohonolofatsa ka bana ba bangata+ mme a eketse dihlahiswa tsa mobu wa lona, dijo tsa lona tsa masimong, veine ya lona e ntjha, oli ya lona,+ manamane a dikgomo tsa lona le dikonyana tsa dinku tsa lona naheng eo a hlapanyeditseng baholoholo ba lona hore o tla le fa yona.+ 14 Le tla hlohonolofatswa ka ho fetisisa ditjhabeng tsohle.+ Ha ho na monna kapa mosadi ya ke keng a ba le bana hara lona kapa mehlape ya lona e ke keng ya tswala.+ 15 Jehova o tla tlosa ho kula hohle hara lona mme a ke ke a le tlisetsa malwetse le ha e le afe a mabe ao le a boneng Egepeta.+ Ho ena le hoo, o tla a tlisetsa bohle ba le hloileng. 16 Le tla fedisa ditjhaba tsohle tseo Jehova Modimo wa lona a le fang tsona.+ Le* se ke la di utlwela bohloko+ mme le se ke la sebeletsa medimo ya tsona+ hobane seo e tla ba leraba ho lona.+

17 Haeba le ka re ka dipelong tsa lona, ‘Ditjhaba tsena di ngata ho re feta. Re tla di leleka jwang?’+ 18 Le se ke la di tshaba.+ Le hopole seo Jehova Modimo wa lona a se entseng ho Faro le ho Baegepeta bohle+ 19 le dikotlo* tse kgolo tseo le di boneng le dipontsho+ le mehlolo le letsoho le matla leo Jehova Modimo wa lona a le ntshitseng ka lona.+ Ke seo Jehova Modimo wa lona a tla se etsa ho ditjhaba tsohle tseo le di tshabang.+ 20 Jehova Modimo wa lona o tla etsa hore di nyahame* ho fihlela ba neng ba siilwe+ le ba neng ba ipatetse lona ba fediswa. 21 Le se ke la tshoha ka lebaka la bona hobane Jehova Modimo wa lona o na le lona,+ Modimo e moholo le ya hlomphehang.+

22 Jehova Modimo wa lona o tla leleka ditjhaba tsena hore di be hole le lona butlebutle.+ Le ke ke la dumellwa hore le di fedise kapele e le hore diphoofolo tse hlaha di se ke tsa ba ngata mme tsa le lematsa. 23 Jehova Modimo wa lona o tla nehelana ka tsona ho lona mme le di hlole ho fihlela di fedisitswe.+ 24 O tla nehelana ka marena a tsona matsohong a lona+ mme ha ho na motho ya tla hopola mabitso a tsona.+ Ha ho na motho ya tla ema kgahlanong le lona+ ho fihlela le di fedisitse.+ 25 Le tjhese ditshwantsho tsa medimo ya tsona mollong.+ Le se ke la kgalla silevera le kgauta e ho tsona kapa la inkela yona+ e le hore e se ke ya le tshwasa hobane ke ntho e nyonyehang ho Jehova Modimo wa lona.+ 26 Le se ke la tlisa ntho e nyonyehang ka matlung a lona yaba le fetoha ntho e lokelang ho fediswa jwalo ka yona. Le e hloye ka dipelo tsohle tsa lona hobane e lokela ho fediswa.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share