Dipesaleme
O fe ba ikgohomosang kahlolo e ba tshwanelang.+
3 Jehova, ba kgopo ba tla tswela pele ba thabile ho fihlela neng?+
E tla ba ho fihlela neng?
4 Ba bua ba sa nahane ebile ba a ikgohomosa.
Bohle ba etsang dintho tse mpe ba a ithorisa.
Modimo wa Jakobo ha a hlokomele se etsahalang.”+
8 Utlwisisang sena, lona ba se nang kelello.
Lona mawatla, le tla hlalefa neng?+
9 Na ya entseng* tsebe ha a kgone ho utlwa?
Na ya entseng leihlo ha a kgone ho bona?+
10 Na ya fang ditjhaba kotlo ha a kgone ho kgalemela?+
Ke yena ya fang batho tsebo.+
12 Jah, ho thaba motho eo o mo kgalemelang,+
Eo o mo rutang molao wa hao+
13 Hore o mo fe kgotso matsatsing a tlokotsi,
Ho fihlela ya kgopo a tjhekelwa sekoti.+
15 Kahlolo e tla boela e etswe ka toka,
Bohle ba dipelo di ntle ba tla e latela.
16 Ke mang ya tla ntwanela ho ba kgopo?
Ke mang ya tla mpuella ho ba etsang dintho tse mpe?
20 Ha ho na moo o kopanang teng le babusi* ba kgopo
Hobane ba baka mathata ka ho loha mano, ba etsa eka ba latela molao.+
22 Empa Jehova e tla ba setshabelo sa ka se sireletsehileng,*
Modimo wa ka ke lefika la ka leo ke balehelang ho lona.+