Kosepele ya Mareka
5 Ba tla ka lehlakoreng le leng la lewatle naheng ya Bagerasa.+ 2 Hang ha Jesu a tswa ka sekepeng, monna e mong ya nang le modemona a mo kgahlanyetsa a hlaha mabitleng. 3 O ne a dula mabitleng moo. Ho ne ho se na motho ya kgonang ho mo tlama ka thata esita le ka ketane. 4 Batho ba ne ba ye ba mo tlame maoto le matsoho ka diketane empa o ne a di kgaola. Ho ne ho se na motho ya nang le matla a ho mo tshwara. 5 O ne a itsheha ka majwe a bile a hweletsa a sa kgaotse bosiu le motshehare a le mabitleng le dithabeng. 6 Empa ha a re hedi! a bona Jesu a le hojana, a matha mme a mo kgumamela.+ 7 A hweletsa a re: “Hantle o mpatlang Jesu Mora Modimo Ya Phahameng ka ho Fetisisa? Ikane ka Modimo hore o ke ke wa ntlhokofatsa.”+ 8 Etswe Jesu o ne a ntse a re ho modemona eo: “Tswa ho monna eo, wena modemona.”+ 9 Jesu a re: “O mang?” Yaba modemona eo o re ho yena: “Lebitso la ka ke Legione hobane re bangata.” 10 Bademona bao ba kopa Jesu ka makgetlo hore a se ke a ba lelekela ka ntle ho naha.+
11 Ho ne ho ena le mohlape o moholo wa dikolobe+ o ntseng o fula thabeng.+ 12 Ka hoo, bademona bao ba mo kopa ba re: “Re romele dikolobeng e le hore re ka kena ho tsona.” 13 A ba dumella. Yaba bademona ba a tswa mme ba kena dikolobeng. Di ne di ka ba 2 000 yaba kaofela di mathela selomong di wela ka lewatleng mme di kgangwa ke metsi. 14 Empa badisa ba tsona ba baleha mme ba tlaleha taba ena motseng le dibakeng tse ka thoko. Batho ba tla ho tla bona hore na ho etsahetseng.+ 15 Ha ba tla ho Jesu ba fumana monna ya neng a kenwe ke legione a se a hlaphohetswe kelellong, a apere a bile a dutse yaba ba a tshoha. 16 Batho ba boneng hore na ho etsahetseng ba ba bolella ka monna eo ya neng a ena le bademona le ka dikolobe. 17 Ka hoo, ba kopa Jesu hore a tsamaye.+
18 Yare ha a palama sekepe, monna eo ya neng a ena le modemona a kopa ho tsamaya le yena.+ 19 Empa Jesu a mo hanela a re ho yena: “Eya lapeng ho beng ka wena, o ba bolelle dintho tsohle tseo Jehova* a o etseditseng tsona le ka moo a o hauhetseng ka teng.” 20 Monna eo a tloha yaba o bolella batho ba Dekapolise* dintho tsohle tseo Jesu a mo etseditseng tsona. Batho bohle ba qala ho makala.
21 Ka mora hore Jesu a boele a tshelele lebopong le ka mose wane ka sekepe, letshwele le leholo la mo bokanela. O ne a le ka thoko ho lewatle.+ 22 E mong wa balaodi ba okamelang ntlo ya thapelo* ya bitswang Jairuse, a fihla. Eitse ha a bona Jesu, a itihela maotong a hae,+ 23 a mo kopa ka makgetlo a re: “Moradinyana wa ka o kula hampe.* Ke kopa o tle o tlo mo beha matsoho+ e le hore a fole mme a phele.” 24 Yaba Jesu o tsamaya le yena. Batho ba bangata ba ne ba mo setse morao ba bile ba mo peteditse.
25 Ho ne ho ena le mosadi e mong ya neng a ena le bothata ba phallo ya madi+ ka dilemo tse 12.+ 26 Dingaka tse ngata di ne di mo baketse bohloko bo boholo. O ne a sebedisitse tjhelete ya hae kaofela empa ho ena le hore a fole, o ne a kula le ho feta. 27 Ka mora hore a utlwele ka Jesu, a tla ka mora hae hara letshwele mme a tshwara seaparo sa hae,+ 28 ka ha o ne a ntse a re ka pelong: “Haeba feela nka tshwara diaparo tsa hae ke tla fola.”+ 29 Hanghang madi a hae a kgaotsa ho phalla mme a utlwa mmeleng wa hae hore o fodile.
30 Kapelepele Jesu a hlokomela hore matla+ a tswile ho yena. A qamaka hara letshwele yaba o re: “Ke mang ya thetsitseng diaparo tsa ka?”+ 31 Barutuwa ba hae ba re ho yena: “Na ka nnete batho ba o peteditse ba le bangata tjee, o ka re na ke mang ya o thetsitseng?” 32 Empa o ne a ntse a qamaka hore na ke mang ya mo thetsitseng. 33 Ka ha mosadi eo o ne a hlokometse hore o fodile, a tla mme a kgumama ka pela hae a tshohile a bile a thothomela yaba o ipuela nnete feela. 34 Jesu a re ho yena: “Ngwaneso,* tumelo ya hao e o fodisitse. Tsamaya ka kgotso,+ bohloko ba hao bo fole.”+
35 Ha a sa ntse a bua, banna ba bang ba tswang lapeng la molaodi ya okamelang ntlo ya thapelo* ba fihla yaba ba re: “Moradi wa hao o hlokahetse. O sa tshwenyetsang Mosuwe?”+ 36 Empa Jesu a utlwa hore na ba itseng yaba o re ho molaodi ya okamelang ntlo ya thapelo:* “O se ke wa tshoha,* eba le tumelo feela.”+ 37 Ha a ka a dumella mang kapa mang ho mo sala morao haese Petrose, Jakobo le Johanne ngwanabo Jakobo.+
38 Ka hoo, ba tla ntlong ya molaodi ya okamelang ntlo ya thapelo* mme Jesu a fumana ho le moferefere, batho ba lla ha bohloko.+ 39 Ka mora hore a kene, a re ho bona: “Ke hobaneng ha le lla ebile le entse moferefere? Ngwana ha a shwa, o robetse.”+ 40 Yaba ba a mo tsheha. A ba ntshetsa ka ntle kaofela, a dumella feela batswadi ba ngwana eo le barutuwa bao a neng a ena le bona hore ba ye moo ngwana eo a neng a le teng. 41 A tshwara ngwana eo ka letsoho a re ho yena: “Talitha kumi,” eo ha e fetolelwa e bolelang: “Ngwanana, ke re ho wena, tsoha.”+ 42 Ngwanana eo a tsoha hanghang mme a qala ho tsamaya. (O ne a le dilemo di 12.) Batho ba thaba haholo. 43 Empa a ba laela ka makgetlo* hore ba se ke ba bolella mang kapa mang ka taba ena+ mme a re ngwanana eo a fuwe dijo.