Buka ya Bobedi ya Samuele
12 Jehova a romela Nathane+ ho Davida. Ha Nathane a fihla ho yena+ a re: “Ho ne ho ena le banna ba babedi motseng o mong, e mong o ne a ruile mme e mong a futsanehile. 2 Monna ya ruileng o ne a ena le dikgomo le dinku tse ngata.+ 3 Empa monna ya futsanehileng o ne a se na letho haese konyana e le nngwe e nyenyane e tshehadi eo a neng a e rekile.+ O ile a e hlokomela mme a e hodisa ha mmoho le bara ba hae. E ne e ja dijo tse nyenyane tseo a neng a ena le tsona mme a e nwesa ka kopi ya hae ebile e robala sefubeng sa hae. Ho yena e ne e le jwalo ka moradi. 4 Ha morao ha fihla moeti ha monna ya ruileng empa ha a ka a hlaba nku kapa kgomo ya hae hore a etsetse moeti ya neng a tlile ho yena dijo. Ho ena le hoo, a nka konyana ya monna ya futsanehileng mme a e hlabela moeti wa hae.”+
5 Davida a halefela monna eo haholo yaba o re ho Nathane: “Ka Jehova ya phelang,+ monna ya entseng ntho ena o tshwanelwa ke lefu! 6 O lokela ho patala konyana eo ka tse nne+ hobane o entse ntho ena mme ha a ka a ba le qenehelo.”
7 Jwale Nathane a re ho Davida: “Monna eo ke wena! Jehova Modimo wa Iseraele o re: ‘Ke nna ya o tlotsitseng hore o be morena wa Iseraele+ mme ka o pholosa letsohong la Saule.+ 8 Ke ne ke ikemiseditse ho o fa ntlo ya monga hao+ le basadi ba monga hao+ mme ke o file ntlo ya Iseraele le ya Juda.+ Ho ekelletsa moo, ke ne ke bile ke ikemiseditse ho o etsetsa dintho tse ding tse ngata.+ 9 Ke hobaneng ha o sa hlompha lentswe la Jehova mme o entse ntho e mpe tjee mahlong a hae? O bolaile Uria wa Mohethe ka sabole+ yaba o nka mosadi wa hae o mo etsa mosadi wa hao+ ka mora hore o etse hore Baamone ba mo bolaye ka sabole.+ 10 Jwale ba lelapa la hao ba tla dula ba bolawa ka sabole+ hobane o ntelletse ka hore ebe o nkile mosadi wa Uria wa Mohethe hore e be mosadi wa hao.’ 11 Jehova o itse: ‘Ke tla tlisa tlokotsi lelapeng la hao+ mme ke tla fana ka basadi ba hao ho monna e mong*+ o ntse o shebile mme o tla robala le bona phatlalatsa.*+ 12 Le hoja o entse sena sephiring,+ ke tla etsa sena ka pela Baiseraele bohle phatlalatsa.’”*
13 Davida a re ho Nathane: “Ke sitetswe Jehova.”+ Yaba Nathane o re ho Davida: “Jehova le yena o o tshwaretse.*+ O ke ke wa shwa.+ 14 Ka ha ha o a hlompha Jehova tabeng ena, mora enwa wa hao ya qetang ho hlaha o tla shwa.”
15 Jwale Nathane a kgutlela ha hae.
Yaba Jehova o kudisa ngwana eo mosadi wa Uria le Davida ba bileng le yena. 16 Davida a rapella moshanyana eo ho Modimo wa nnete. Davida a qala ho itima dijo mme bosiu o ne a robala fatshe.+ 17 Baholo ba ntlo ya hae ba ema pela hae ba leka ho mo phahamisa empa a hana. O ne a sa batle le ho ja le bona. 18 Ka letsatsi la bosupa ngwana eo a shwa empa bahlanka ba Davida ba ne ba tshaba ho mo bolella hore ngwana eo o shwele. Ba ne ba re: “Ha ngwana a ntse a phela re ile ra bua le yena empa o ne a sa batle ho re mamela. Jwale re tla mo bolella jwang hore ngwana o shwele? A ka nna a intsha kotsi.”
19 Ha Davida a bona hore bahlanka ba hae ba ntse ba sebelana, a hlokomela hore ngwana o shwele. Davida a re ho bahlanka ba hae: “Na ngwana o shwele?” Yaba ba re: “E, o shwele.” 20 Jwale Davida a phahama fatshe. A itlhatswa mme a itlotsa ka oli,+ a apara diaparo tse ding yaba o ya ntlong+ ya Jehova mme a fihla a kgumama. Ka mora moo, a ya ntlong* ya hae mme a kopa hore ba mo tlisetse dijo yaba o a ja. 21 Yaba bahlanka ba hae ba re ho yena: “Ke hobaneng ha o entse tjee? Ha ngwana a ntse a phela o ne o itima dijo ebile o dula o lla. Empa hang ka mora hore ngwana a shwe, o ile wa phahama mme wa qala ho ja.” 22 Yaba o re ho bona: “Ha ngwana a ntse a phela, ke ile ka itima dijo+ ebile ke ne ke dula ke lla hobane ke ne ke re, ‘Mohlomong Jehova o tla nkgauhela mme a tlohele ngwana hore a phele.’+ 23 Ka ha jwale o shwele, ke sa itimelang dijo? A ke ke a kgutlela ho nna+ empa ke nna ya tlo shwa jwalo ka yena.”+
24 Jwale Davida a tshedisa mosadi wa hae Bathe-sheba.+ Yaba Davida o ya ho yena mme o robala le yena. Ha nako e ntse e ya Bathe-sheba a ba le mora mme a rehwa Solomone.+ Jehova o ne a rata Solomone*+ 25 yaba o romela molaetsa a sebedisa moprofeta Nathane+ hore a mo rehe Jedidia,* ka lebaka la Jehova.
26 Joabe a nna a lwantsha Raba+ ya Baamone+ mme a hapa motse wa borena.*+ 27 Ka hoo, Joabe a romela baromuwa ho Davida a re: “Ke lwantshitse Raba+ mme ke hapile motse wa metsi.* 28 Jwale bokella masole a mang ohle le hlome ditente mme le hape motse. Ho seng jwalo ke nna ya tla hapa motse mme ho tla roriswa nna.”*
29 Ka hoo, Davida a bokella masole ohle mme a ya Raba, a e lwantsha mme a e hapa. 30 Ka mora moo, a nka korone e neng e le hloohong ya Malkame.* Boima ba korone eo bo ne bo lekana le ba kgauta e ka etsang dikhilokramo tse 34,* e bile e ena le majwe a bohlokwa yaba e behwa hloohong ya Davida. O ile a boela a nka thepa e ngata eo a e hapileng+ motseng oo.+ 31 A ntsha batho ba neng ba le motseng oo mme a ba fa mosebetsi wa ho betla majwe, wa ho sebetsa ka disebediswa tse bohale tsa tshepe, dilepe tsa tshepe le wa ho etsa ditene. O ile a etsa sena metseng yohle ya Baamone. Qetellong Davida le masole ohle ba kgutlela Jerusalema.