LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 1 Dikronike 17
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya 1 Dikronike

      • Ha se Davida ya tla haha tempele (1-6)

      • Modimo o etsa selekane sa mmuso le Davida (7-15)

      • Thapelo ya Davida ya diteboho (16-27)

1 Dikronike 17:1

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “phaleising.”

Mangolo a Dithupiso

  • +1Ma 1:8; 1Kr 29:29
  • +1Kr 14:1
  • +2Sa 7:1-3; 1Kr 15:1; 2Kr 1:4

1 Dikronike 17:4

Mangolo a Dithupiso

  • +2Sa 7:4-7; 1Ma 8:17-19; 1Kr 22:7, 8

1 Dikronike 17:5

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Mohlomong e bolela “ho tloha sebakeng sa tente ho ya ho se seng le ho tloha sebakeng sa bodulo ho ya ho se seng.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 40:2; Nu 4:24, 25; 2Sa 6:17; Pes. 78:60

1 Dikronike 17:7

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 16:11, 12; 17:15; 25:30; 2Sa 7:8-11; Pes. 78:70, 71

1 Dikronike 17:8

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 18:14; 2Sa 8:6
  • +1Sa 25:29; 26:10; Pes. 89:20, 22
  • +1Sa 18:30

1 Dikronike 17:9

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “ba se kgathatsa.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 2:23

1 Dikronike 17:10

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “ntlo ya borena.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Bhl 2:16
  • +Pes. 18:40

1 Dikronike 17:11

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “peong.”

Mangolo a Dithupiso

  • +1Ma 8:20; Pes. 132:11
  • +2Sa 7:12-17; 1Ma 9:5; 1Kr 28:5; Jer 23:5

1 Dikronike 17:12

Mangolo a Dithupiso

  • +1Ma 5:5; 1Kr 22:10
  • +Pes. 89:3, 4; Esa 9:7; Dan 2:44

1 Dikronike 17:13

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “ho mo bontsha lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Mangolo a Dithupiso

  • +2Sa 7:14; Lu 9:35; Heb 1:5
  • +Esa 55:3
  • +1Sa 15:24, 28; 1Kr 10:13, 14

1 Dikronike 17:14

Mangolo a Dithupiso

  • +Dan 2:44; Joh 1:49; 2Pe 1:11
  • +Pes. 89:36; Jer 33:20, 21; Lu 1:32, 33; Heb 1:8; Tshe 3:21

1 Dikronike 17:16

Mangolo a Dithupiso

  • +2Sa 7:8, 18-20

1 Dikronike 17:17

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “motho ya boemong bo phahameng.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Mat 22:42; Dik 13:34; Tshe 22:16

1 Dikronike 17:18

Mangolo a Dithupiso

  • +Pes. 139:1

1 Dikronike 17:19

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “le ka ho dumellana le pelo ya hao.”

Mangolo a Dithupiso

  • +2Sa 7:21-24

1 Dikronike 17:20

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 15:11
  • +Esa 43:10

1 Dikronike 17:21

Mangolo a Dithupiso

  • +De 4:7; Pes. 147:20
  • +Ex 19:5; Pes. 77:15
  • +De 4:34; Ne 9:10; Esa 63:12; Eze 20:9
  • +De 7:1; Jos 10:42; 21:44

1 Dikronike 17:22

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 12:22
  • +Ge 17:7; De 7:6, 9

1 Dikronike 17:23

Mangolo a Dithupiso

  • +2Sa 7:25-29

1 Dikronike 17:24

Mangolo a Dithupiso

  • +2Kr 6:33; Pes. 72:19; Mat 6:9; Joh 12:28
  • +Pes. 89:35, 36

1 Dikronike 17:25

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “ntlo ya borena.”

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

1 Dikron. 17:11Ma 1:8; 1Kr 29:29
1 Dikron. 17:11Kr 14:1
1 Dikron. 17:12Sa 7:1-3; 1Kr 15:1; 2Kr 1:4
1 Dikron. 17:42Sa 7:4-7; 1Ma 8:17-19; 1Kr 22:7, 8
1 Dikron. 17:5Ex 40:2; Nu 4:24, 25; 2Sa 6:17; Pes. 78:60
1 Dikron. 17:71Sa 16:11, 12; 17:15; 25:30; 2Sa 7:8-11; Pes. 78:70, 71
1 Dikron. 17:81Sa 18:14; 2Sa 8:6
1 Dikron. 17:81Sa 25:29; 26:10; Pes. 89:20, 22
1 Dikron. 17:81Sa 18:30
1 Dikron. 17:9Ex 2:23
1 Dikron. 17:10Bhl 2:16
1 Dikron. 17:10Pes. 18:40
1 Dikron. 17:111Ma 8:20; Pes. 132:11
1 Dikron. 17:112Sa 7:12-17; 1Ma 9:5; 1Kr 28:5; Jer 23:5
1 Dikron. 17:121Ma 5:5; 1Kr 22:10
1 Dikron. 17:12Pes. 89:3, 4; Esa 9:7; Dan 2:44
1 Dikron. 17:132Sa 7:14; Lu 9:35; Heb 1:5
1 Dikron. 17:13Esa 55:3
1 Dikron. 17:131Sa 15:24, 28; 1Kr 10:13, 14
1 Dikron. 17:14Dan 2:44; Joh 1:49; 2Pe 1:11
1 Dikron. 17:14Pes. 89:36; Jer 33:20, 21; Lu 1:32, 33; Heb 1:8; Tshe 3:21
1 Dikron. 17:162Sa 7:8, 18-20
1 Dikron. 17:17Mat 22:42; Dik 13:34; Tshe 22:16
1 Dikron. 17:18Pes. 139:1
1 Dikron. 17:192Sa 7:21-24
1 Dikron. 17:20Ex 15:11
1 Dikron. 17:20Esa 43:10
1 Dikron. 17:21De 4:7; Pes. 147:20
1 Dikron. 17:21Ex 19:5; Pes. 77:15
1 Dikron. 17:21De 4:34; Ne 9:10; Esa 63:12; Eze 20:9
1 Dikron. 17:21De 7:1; Jos 10:42; 21:44
1 Dikron. 17:221Sa 12:22
1 Dikron. 17:22Ge 17:7; De 7:6, 9
1 Dikron. 17:232Sa 7:25-29
1 Dikron. 17:242Kr 6:33; Pes. 72:19; Mat 6:9; Joh 12:28
1 Dikron. 17:24Pes. 89:35, 36
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
1 Dikronike 17:1-27

Buka ya Pele ya Dikronike

17 Ha Davida a se a dula ka tlung* ya hae, a re ho moprofeta Nathane:+ “Nna ke dula ka tlung e entsweng ka dikedare+ empa areka ya selekane sa Jehova e dula ka tenteng ya masela.”+ 2 Nathane a re ho Davida: “Etsa ntho le ha e le efe e ka pelong ya hao hobane Modimo wa nnete o na le wena.”

3 Bosiung bona boo, Modimo a re ho Nathane: 4 “Eya ho mohlanka wa ka Davida mme o re, ‘Jehova o re: “Ha se wena ya tla nkahela ntlo eo ke tla dula ho yona.+ 5 Ha ke eso dule ka tlung ho tloha letsatsing leo ka lona ke ntshitseng Baiseraele Egepeta ho fihlela letsatsing lena empa ke ne ke ntse ke tloha tenteng e nngwe ho ya ho e nngwe le tabernakeleng e nngwe ho ya ho e nngwe.*+ 6 Nakong yohle eo ke neng ke tsamaya le setjhaba sohle sa Iseraele, na nkile ka bua ntho le ha e le efe ho moahlodi le ha e le ofe wa Iseraele eo ke mo kgethileng hore a dise setjhaba sa ka, ka re, ‘Ke hobaneng ha o sa nkahela ntlo e entsweng ka dikedare?’”’

7 Ere ho mohlanka wa ka Davida, ‘Jehova wa mabotho o re: “Ke o nkile naheng moo o neng o disa mohlape, ka o etsa moetapele wa setjhaba sa ka sa Iseraele.+ 8 Ke tla ba le wena kae kapa kae moo o yang teng+ mme ke fedise dira tsohle tsa hao.+ Ke tla etsa hore lebitso la hao le tsebahale, le be jwalo ka mabitso a batho ba tummeng lefatsheng.+ 9 Ke tla kgethela setjhaba sa ka sa Iseraele sebaka mme se tla dula moo. Ha ho sa tla hlola ho eba le batho ba tla se tshwenya. Banna ba kgopo ba ke ke ba se hatella* hape jwalo ka pele,+ 10 ho tloha letsatsing leo ke kgethelang setjhaba sa ka sa Iseraele baahlodi.+ Ke tla hlola dira tsohle tsa hao.+ Hape, ke a o bolella, ‘Jehova o tla o hahela ntlo.’*

11 Ha o shwa mme o patwa le baholoholo ba hao, ke tla etsa hore baneng* ba hao, e mong wa bara ba hao+ e be morena ya o hlahlamang mme ke tla tiisa mmuso wa hae.+ 12 Ke yena ya tla nkahela ntlo+ mme ke tla tiisa terone ya hae ka ho sa feleng.+ 13 Ke tla ba ntate wa hae mme yena e tla ba mora wa ka.+ Nke ke ka kgaotsa ho mo rata*+ jwalo ka ha ke ile ka tlohela ho rata ya tlileng pele ho wena.+ 14 Ke tla mo etsa morena wa ka ka tlung ya ka ka ho sa feleng+ mme terone ya hae e tla dula e le teng ka ho sa feleng.”’”+

15 Nathane a bolella Davida mantswe ana ohle le sohle seo a se boneng ponong.

16 Morena Davida a tla mme a dula ka pela Jehova a re: “Nna ke mang Jehova Modimo? Lelapa la ka e ne e boetse e le eng hore ebe o nketseditse dintho tsee?+ 17 Ho feta moo, Jehova Modimo, o boetse o bua ka seo o tla se etsetsa lelapa la mohlanka wa hao nakong e tlang+ mme o bone ke le motho ya lokelang ho phahamiswa le ho feta.* 18 Nna mohlanka wa hao Davida ke tla reng ka tlotla eo o mphileng yona ka ha o tseba mohlanka wa hao hantle?+ 19 Jehova, ka lebaka la mohlanka wa hao le ka hobane o ne o batla,* o entse dintho tsena tsohle tse kgolo mme wa senola boholo ba hao.+ 20 Jehova, ha ho na ya tshwanang le wena+ mme ha ho Modimo ntle ho wena.+ Dintho tsohle tseo re di utlwileng ka ditsebe tsa rona di paka sena. 21 Ke setjhaba sefe lefatsheng se tshwanang le setjhaba sa hao sa Iseraele?+ Wena Modimo wa nnete, o ile wa se lopolla hore e be setjhaba sa hao.+ O iketseditse lebitso ka diketso tsa hao tse kgolo le tse makatsang,+ wa leleka ditjhaba ka pela batho ba hao+ bao o ba lopolotseng Egepeta. 22 O entse hore setjhaba sa Iseraele e be setjhaba sa hao ka ho sa feleng+ mme wena Jehova, o ile wa ba Modimo wa sona.+ 23 Jehova, e se eka o ka phetha tshepiso eo o e etseditseng nna mohlanka wa hao le lelapa la ka ka ho sa feleng. E se eka o ka etsa seo o se tshepisitseng.+ 24 E se eka lebitso la hao le ka dula le le teng mme le phahamiswe+ ka ho sa feleng e le hore batho ba ka re, ‘Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele, ke Modimo ho batho ba Iseraele.’ Hape e se eka ntlo ya mohlanka wa hao Davida e ka tiiswa ka thata ka pela hao+ 25 hobane wena, Modimo wa ka, o tsebisitse nna mohlanka wa hao morero wa hao wa ho nkahela ntlo.* Ke ka lebaka leo nna mohlanka wa hao ke nang le sebete sa ho o rapela ka tsela ena. 26 Jehova, o Modimo wa nnete ebile o tshepisitse mohlanka wa hao dintho tsena tse ntle. 27 E se eka o ka hlohonolofatsa ntlo ya mohlanka wa hao mme ya dula e le teng ka ho sa feleng ka ha wena Jehova, o e hlohonolofaditse mme e tla hlohonolofatswa ka ho sa feleng.”

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share