Diketso Tsa Baapostola
15 Barutuwa ba bang ba tswang Judea ba ne ba ruta barutuwa ba Antioke ba re: “Haeba le sa latele Molao wa Moshe ka hore le bolle,+ le ke ke la pholoha.” 2 Pauluse le Barnabase ba ngangisana le bona empa ha morao ha etswa qeto ya hore Pauluse, Barnabase le barutuwa ba bang ba ise taba ena ho baapostola le baholo Jerusalema.+
3 Barutuwa ba ba felehetsa yaba ba ba kgutlela tseleng. Pauluse, Barnabase le batho ba nang le bona ba tswela pele ka leeto mme ba feta Foenisia le Samaria. Ba ne ba phetela barutuwa ka moo batho ba ditjhaba tse ding ba sokolohang ka teng. Ha barutuwa ba utlwa ditaba tsena ba thaba haholo. 4 Ha ba fihla Jerusalema ba amohelwa ka mosa ke phutheho, baapostola le baholo. Ba ba phetela dintho tse ngata tseo Modimo a ileng a ba thusa ho di etsa. 5 Empa ba bang ba lequlwana la Bafarisi bao e neng e se e le barutuwa ba ema yaba ba re: “Ba lokela ho bolla mme ba mamele Molao wa Moshe.”+
6 Baapostola le baholo ba kopana e le ho sekaseka taba ena. 7 Ba buisana* ka taba ena empa ba ne ba sa dumellane. Ka hoo, Petrose a ema yaba o re ho bona: “Bana beso, le a tseba hore e se e le nako Modimo a nkgethile hara lona hore ke bolelle batho ba ditjhaba ditaba tse monate tsa Mmuso wa hae e le hore ba dumele.+ 8 Modimo o tseba dipelo+ mme o pakile hore o a ba amohela ka ho ba fa moya o halalelang+ jwalo ka ha le rona a re file wona. 9 Ha a ka a kgetholla pakeng tsa rona le bona+ empa o ile a ba hlwekisa dipelo ka lebaka la tumelo ya bona.+ 10 Jwale ke hobaneng ha le leka Modimo ka ho jarisa barutuwa joko+ eo rona le baholoholo ba rona re sitilweng ho e jara?+ 11 Hona jwale re na le tumelo e tshwanang le ya bona ya hore re tla pholoha ka mosa* wa Morena Jesu.”+
12 Ha batho bohle ba utlwa ditaba tsena ba thola. Jwale ba mamela Barnabase le Pauluse ha ba ba phetela ka mehlolo e mengata eo Modimo a ileng a ba sebedisa hore ba e etse hara batho ba ditjhaba. 13 Ha ba qeta ho bua, Jakobo a re: “Bana beso mmameleng. 14 Simeone*+ o sa tswa re phetela ka moo ka lekgetlo la pele Modimo a ileng a amohela batho ba ditjhaba tse ding e le hore ba ka bitswa ka lebitso la hae.+ 15 Dibuka tsa Baprofeta di dumellana le taba ena ha di re: 16 ‘Ka mora moo ke tla kgutla ke phahamise ntlo* ya Davida e weleng. Ke tla e haha botjha 17 e le hore batho ba setseng ba ka sebeletsa nna Jehova,* ba ntshebeletsa le batho ba ditjhaba tsohle ba bitswang ka lebitso la ka. Ke nna Jehova* ya buang dintho tsena. Ke nna ya etsang dintho tsena.+ 18 Ke kgale ke entse qeto ya ho di etsa.’+ 19 Ka hoo maikutlo* a ka ke hore re se ke ra kgathatsa batho bana ba ditjhaba ba seng ba rapela Modimo+ 20 empa ba ngollwe hore ba qobe dintho tse amanang le medimo ya ditshwantsho,+ boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano,*+ diphoofolo tse fenethilweng* le madi.+ 21 Ho tloha mehleng ya kgale, esale ho ena le batho ba rutang ba sebedisa dibuka tsa Moshe motseng o mong le o mong hobane batho ba di ballwa matlong a thapelo* ka sabatha e nngwe le e nngwe.”+
22 Ka hoo baapostola, baholo le phutheho yohle ba etsa qeto ya hore ho kgethwe banna ba babedi hara bona ba ka tsamayang le Pauluse le Barnabase ho ya Antioke. Ba kgetha Silase+ le Judase ya bitswang Barsabase. Banna bana ba ne ba le hara ba etellang pele. 23 Ba ba fa lengolo le reng:
“Rona baapostola le baholo, re a le dumedisa bana ba bo rona ba Antioke,+ Siria le Silisia ba tswang ditjhabeng. 24 Re utlwile hore ho na le batho ba bang ba tswang mona ba le baketseng dikgathatso ka dintho tseo ba di buileng+ mme ba lekile ho le kgelosa empa re ne re sa ba roma. 25 Re dumellane ka hore re kgethe banna ba tla tla ho lona ba ena le Barnabase le Pauluse bao re ba ratang. 26 Barnabase le Pauluse ba behile bophelo ba bona kotsing ka lebaka la lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste.+ 27 Ka hona, re roma Judase le Silase e le hore le bona ba ka le phetela dintho tse ngotsweng lengolong lena.+ 28 Moya o halalelang+ o re thusitse ho fihlela qeto ya hore re se ke ra le ekeletsa morwalo empa hore le nne le etse dintho tsena tse hlokahalang: 29 Le qobe dintho tse hlabetsweng medimo ya ditshwantsho,+ madi,+ dintho tse fenethilweng*+ le boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano.*+ Haeba le qoba dintho tsena le tla atleha. Salang ka kgotso.”*
30 Banna bao ba tloha ba ya Antioke yaba ba bokella phutheho yohle mme ba e fa lengolo leo. 31 Ka mora hore phutheho e bale mantswe ao a kgothatsang, ya thaba haholo. 32 Ka ha Judase le Silase e ne e le baprofeta, ba kgothatsa barutuwa ka makgetlo a mangata le ho ba matlafatsa.+ 33 Ka mora hore ba qete nako e itseng ba le moo, ba tsamaya ba kgutlela ho batho ba ba rommeng yaba barutuwa ba re ba tsamaye hantle. 34 *—— 35 Pauluse le Barnabase bona ba sala Antioke ba ruta ba bile ba phatlalatsa ditaba tse monate tsa lentswe la Jehova* ba ena le barutuwa ba bangata.
36 Ka mora matsatsi a itseng Pauluse a re ho Barnabase: “A re etele barutuwa ba metseng yohle eo re ileng ra phatlalatsa lentswe la Jehova* ho yona ho bona hore na ba ya jwang.”+ 37 Barnabase o ne a ikemiseditse ho tsamaya le Johanne ya bitswang Mareka.+ 38 Empa Pauluse o ne a sa batle hore ba tsamaye le yena hobane ha ba le Pamfilia o ile a ba siya yaba ha a ye mosebetsing le bona.+ 39 Ba ile ba halefelana haholo hoo ba ileng ba arohana. Barnabase+ a tsamaya le Mareka ka sekepe ba ya Saeprase. 40 Pauluse yena a kgetha Silase. Ka hoo, bana ba bo rona ba rapela Jehova* hore a be mosa ho Pauluse. Ka mora moo a tsamaya.+ 41 A feta le Siria le Silisia a ntse a matlafatsa diphutheho.