Daniele
4 “Nna Morena Nebukadnezare ke ngolla ditjhaba tsohle, merabe yohle le batho ba buang dipuo tse fapaneng ba dulang lefatsheng lohle: E se eka le ka ba le kgotso e ngata. 2 Ke thabela ho le bolella ka dipontsho le dintho tse makatsang tseo Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa a nketseditseng tsona. 3 Dipontsho tsa hae le dintho tse makatsang tseo a di entseng di kgolo haholo. Mmuso wa hae o tla dula o busa le puso ya hae e tla dula e le teng melokong yohle.+
4 Nna Nebukadnezare ke ne ke iketlile ka tlung ya ka ke bile ke atleha phaleising ya ka 5 yaba ke lora toro e ileng ya ntshosa. Ditshwantsho le dipono tseo ke di boneng ha ke robetse betheng ya ka di ile tsa ntshosa.+ 6 Ka hoo, ka laela hore banna bohle ba bohlale ba Babilona ba tliswe ho nna e le hore ba ka mpolella tlhaloso ya toro eo.+
7 Baprista ba maselamose, dinohe, Bakalde* le balepi ba dinaledi+ ba fihla. Ha ke ba bolella hore na ke lorileng, ba ile ba hloleha ho mpolella tlhaloso ya toro eo.+ 8 Qetellong ha fihla Daniele, eo lebitso la hae e leng Beltsatsare,+ ya rehelletsweng ka lebitso la modimo wa ka+ le ya nang le moya wa medimo e halalelang.+ Ka mo bolella toro eo ka re:
9 ‘Beltsatsare mookamedi wa baprista ba maselamose,+ ke a tseba hore moya wa medimo e halalelang o ho wena+ ebile ha ho na sephiri se ka o thatafallang hore o se senole.+ Jwale ntlhalosetse dipono tseo ke di boneng torong le hore na di bolelang.
10 Diponong tseo ke di boneng ha ke ntse ke le betheng ya ka, ke ile ka bona sefate+ bohareng ba lefatshe, se ne se le selelele haholo.+ 11 Sefate seo sa hola mme sa eba matla. Se ne se fihla lehodimong mme se bonahala lefatsheng lohle. 12 Makgasi a sona a ne a le matle, ditholwana tsa sona di le ngata ebile se ena le dijo bakeng sa bohle. Dibata tsa naha di ne di dula moriting wa sona, dinonyana di dula makaleng a sona mme dintho tsohle tse phelang di ja ditholwana tsa sona.
13 Ha ke ntse ke shebile dipono tseo ke ileng ka di bona ke le betheng ya ka, ke ile ka bona molebedi, mohalaledi, a theoha lehodimong.+ 14 A hweletsa a re: “Remang sefate seo,+ le pome makala a sona. Hlohlorang makgasi a sona le hasanye ditholwana tsa sona. Dibata di ke di balehe ka tlasa sona le dinonyana di balehe makaleng a sona. 15 Empa le siye kutu le metso ya sona fatshe hara jwang ba naha, e tlanngwe ka lebanta la tshepe le la koporo. E ke e kolobiswe ke phoka e tswang lehodimong mme e dule le dibata hara dimela tsa lefatshe.+ 16 Pelo ya yona e fetohe e be jwalo ka ya sebata, e se ke ya eba ya motho mme ho fete dinako tse supileng+ e ntse e le boemong boo.+ 17 Balebedi ke bona ba faneng ka taelo eo+ le bahalaledi ke bona ba kopileng hore ho etswe sena e le hore batho ba phelang ba ka tseba hore Ya Phahameng ka ho Fetisisa ke Mmusi mmusong wa batho+ le hore o o fa motho eo a batlang ho mo fa wona mme o kgetha le motho ya tlase ka ho fetisisa hore a buse ho wona.”
18 ‘Ena ke toro eo nna Morena Nebukadnezare ke e lorileng. Beltsatsare, ntlhalosetse yona hobane banna ba bang bohle ba bohlale ba pusong ya ka, ha ba kgone ho ntlhalosetsa yona.+ Empa wena o kgona ho e hlalosa hobane moya wa medimo e halalelang o ho wena.’
19 Daniele eo lebitso la hae e leng Beltsatsare,+ a makala ka nakwana mme dintho tseo a neng a di nahana tsa mo tshosa.
Morena a re, ‘Beltsatsare, toro eo le tlhaloso ya yona di se ke tsa o tshosa.’
Beltsatsare a re, ‘Morenaka, e se eka dintho tse torong ena di ka etsahalla ba o hloileng mme tlhaloso ya yona e phethahale ho dira tsa hao.
20 Sefate seo o se boneng, se ileng sa eba seholo mme sa eba matla, se neng se fihla lehodimong mme se bonahala lefatsheng lohle,+ 21 se neng se ena le makgasi a matle, ditholwana tse ngata le dijo bakeng sa bohle, seo dibata di neng di dula ka tlasa sona le dinonyana di dula makaleng a sona,+ 22 sefate seo ke wena morena hobane o ile wa ba moholo mme wa ba matla. O ile wa tuma haholo ho fihla lehodimong+ mme wa busa lefatshe lohle.+
23 Morena o ile a bona molebedi, mohalaledi,+ a theoha lehodimong a re: “Remang sefate mme le se senye. Empa le siye kutu le metso ya sona fatshe hara jwang ba naha, e tlanngwe ka lebanta la tshepe le la koporo. E ke e kolobiswe ke phoka e tswang lehodimong mme e dule le dibata tsa naha ho fihlela dinako tse supileng di feta e ntse e le boemong boo.”+ 24 Morena ena ke tlhaloso ya toro eo o e lorileng. Ke taelo ya Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa e tla etsahalla wena morenaka. 25 O tla lelekwa hara batho mme o tla dula le dibata tsa naha. O tla ja jwang jwalo ka dipoho. O tla kolobiswa ke phoka e tswang lehodimong+ mme dinako tse supileng+ di tla feta boemo ba hao+ bo ntse bo le jwalo. Ho fihlela o tseba hore Ya Phahameng ka ho Fetisisa ke Mmusi mmusong wa batho le hore o o fa motho eo a batlang ho mo fa wona.+
26 Empa ka ha ba itse ho siuwe kutu ya sefate le metso ya sona,+ mmuso wa hao o tla kgutlela ho wena hape ka mora hore o tsebe hore ho na le ya busang lehodimong. 27 Ka lebaka leo, morena, e se eka o ka amohela keletso ya ka. Tlohela ho etsa dibe mme o etse dintho tse lokileng, o tlohele bokgopo mme o hauhele ba futsanehileng. Mohlomong o tla phela nako e telele o atlehile.’”+
28 Dintho tsena tsohle di ile tsa etsahalla Morena Nebukadnezare.
29 Ka mora dikgwedi tse 12 morena o ne a tsamaya ka hodima marulelo a phaleisi ya borena ya Babilona, 30 a ntse a re: “Na ee ha se Babilona e Moholo eo nna ka bonna ke e hahetseng ntlo ya borena ka matla a ka hore ke tlotliswe ke be ke hlomphuwe?”
31 Ha morena a ntse a bua, ha hlaha lentswe lehodimong la re: “Mamela wena Morena Nebukadnezare, ‘O nketswe mmuso+ 32 ebile o a lelekwa hara batho. O tla dula le dibata tsa naha ebile o tla ja jwang jwalo ka dipoho mme ho tla feta dinako tse supileng o ntse o le boemong boo, ho fihlela o tseba hore Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa ke Mmusi mmusong wa batho le hore o o fa motho eo a batlang ho mo fa wona.’”+
33 Ka yona nako eo, mantswe ao a phethahala ho Nebukadnezare. O ile a lelekwa hara batho, a ja jwang jwalo ka dipoho mme a kolobiswa ke phoka e tswang lehodimong, ho fihlela moriri wa hae o eba molelele jwalo ka masiba a ntsu mme manala a hae a eba jwalo ka dinala tsa nonyana.+
34 Ha nako eo e feta,+ nna Nebukadnezare, ka sheba lehodimong yaba kelello ya ka e a kgutla. Ka rorisa Ya Phahameng ka ho Fetisisa, ka tlotlisa le ho rorisa Modimo ya phelang ka ho sa feleng hobane puso ya hae ke e ke keng ya fela le mmuso wa hae ke o tla dula o le teng melokong yohle.+ 35 Baahi bohle ba lefatshe ha se letho ha ba bapiswa le yena ebile o etsa seo a se ratang ka mangeloi a lehodimong le ka batho ba dulang lefatsheng. Ha ho na motho ya ka mo thibang+ kapa ya ka reng ho yena, ‘O entseng?’+
36 Ka nako eo, kelello ya ka ya kgutla. Ka boela ka fuwa mmuso wa ka, ho hlompheha le bokgabane.+ Balaodi ba ka ba phahameng le bahlomphehi ba ile ba mpatla yaba ke kgutlisetswa pusong ya ka mme ka tlotliswa le ho feta pele.
37 “Nna Nebukadnezare, ke rorisa Morena wa mahodimo, ke a mo phahamisa le ho mo tlotlisa+ hobane dintho tsohle tseo a di etsang di lokile ebile o etsa dintho tsohle ka toka+ hape o kgona ho tlotlolla batho ba ikgohomosang.”+