Exoda
33 Jehova a re ho Moshe: “Tsamaya, o tlohe mona le setjhaba seo o se eteletseng pele ho tswa naheng ya Egepeta. O ye naheng eo ke e hlapanyeditseng Abrahama, Isaka le Jakobo ka re, ‘Ke tla e fa ditloholo* tsa hao.’+ 2 Ke tla romela lengeloi hore le le etelle pele+ mme ke leleke Bakanana, Baamore, Bahethe, Bapereze, Baheve le Bajebuse.+ 3 Eyang naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi.+ Empa nke ke ka tsamaya le lona hobane le setjhaba se manganga*+ mme nka nna ka le fedisa tseleng.”+
4 Ha batho ba utlwa mantswe ana a bohloko, ba hlonama. Ha ho le ya mong ho bona ya ileng a rwala mekgabiso ya hae. 5 Jehova a re ho Moshe: “Ere ho Baiseraele, ‘Le setjhaba se manganga.*+ Ka motsotswana feela nka tla ho lona mme ka le fedisa.+ Le se ke la rwala mekgabiso ya lona ha ke ntse ke nahana hore na ke etseng ka lona.’” 6 Ho tloha Thabeng ya Horebe ho ya pele, Baiseraele ha ba a ka ba rwala mekgabiso ya bona.
7 Moshe a nka tente ya hae a e hloma ka ntle ho diahelo holenyana le tsona yaba o e bitsa tente ya pokano. Batho bohle ba neng ba batla ho botsa Jehova+ ba ne ba ya tenteng ya pokano, e neng e le ka ntle ho diahelo. 8 Hang ha Moshe a ya tenteng, batho bohle ba ne ba ema menyako ya ditente tsa bona. Ba ne ba sheba Moshe ho fihlela a kena ka tenteng. 9 Hang ha Moshe a kena ka tenteng, leru*+ le ne le theohela fatshe mme le ema monyako wa tente ha Modimo a ntse a bua le Moshe.+ 10 Ha setjhaba sohle se bona leru le eme monyako wa tente, e mong le e mong o ne a ema mme a inama monyako wa tente ya hae. 11 Jehova a bua le Moshe ba shebane mahlong+ jwalo ka ha motho a bua le motho e mong. Ha a kgutlela diahelong, Joshua+ mora wa Nune, e leng mosebeletsi le mohlanka+ wa Moshe, o ne a sa tlohe tenteng.
12 Moshe a re ho Jehova: “O re ke etelle setjhaba sena pele empa ha o a ntsebisa hore na ke mang eo o tla mo roma le nna. Ho feta moo o itse, ‘Ke o tseba ka lebitso* ebile o a nkgahlisa.’* 13 Haeba ke a o kgahlisa,* ke kopa o ntsebise ditsela tsa hao+ e le hore ke o tsebe mme ke dule ke o kgahlisa. Hape o se ke wa lebala hore setjhaba sena ke setjhaba sa hao.”+ 14 Modimo a re: “Ke tla tsamaya le wena+ mme ke tla o phomotsa.”+ 15 Moshe a re ho yena: “Haeba o sa tsamaye le rona o se ke wa re tlosa mona. 16 Batho ba tla tseba jwang hore nna le setjhaba sa hao re a o kgahlisa?* Na ha se ka hore o tsamaye le rona+ e le hore nna le setjhaba sa hao re be ba sa tshwaneng le ditjhaba tse ding tsohle tse lefatsheng?”+
17 Jehova a re ho Moshe: “Ke tla etsa le ntho ena eo o e kopang hobane o a nkgahlisa* ebile ke o tseba ka lebitso.” 18 Moshe a re ho Modimo: “Ke kopa o mpontshe kganya ya hao.” 19 Modimo a re: “Ke tla etsa hore molemo wohle wa ka o fete ka pela sefahleho sa hao mme ke tla bolela lebitso la Jehova+ ka pela hao. Ke tla bontsha mosa ho eo ke tla mo bontsha mosa mme ke tla bontsha mohau ho eo ke tla mo bontsha mohau.”+ 20 Hape a re: “O ke ke wa bona sefahleho sa ka hobane ha ho na motho ya ka mponang mme a phela.”
21 Jehova a re: “Sebaka ke sena haufi le nna. Ema hodima lefika. 22 Ha kganya ya ka e feta, ke tla o kenya ka lepatsong la lefika mme ke tla o sireletsa ka letsoho la ka ho fihlela ke fetile. 23 Ka mora moo, ke tla tlosa letsoho la ka mme o tla bona mokokotlo wa ka. Empa sefahleho sa ka se ke ke sa bonwa.”+