Esaia
48 Utlwang, lona ba ntlo ya Jakobo,
Lona ba ipitsang ka lebitso la Iseraele+
Le ba tswang lelokong* la Juda,
Lona ba hlapanyang ka lebitso la Jehova+
Le ba ipiletsang ho Modimo wa Iseraele
Le hoja e se ka nnete le ho loka.+
2 Ba ipitsa ka motse o halalelang,+
Ba batla thuso ho Modimo wa Iseraele,+
Eo lebitso la hae e leng Jehova wa mabotho.
3 “Dintho tse fetileng* ke o boleletse tsona ho tloha kgale.
Di tswile molomong wa ka,
Ke entse hore di tsejwe.+
Ka nka bohato ka ho panya ha leihlo mme tsa etsahala.+
4 Ke tsebile ka moo o leng manganga ka teng,
Le hore mosifa wa molala wa hao ekare tshepe mme phatla ya hao ekare koporo.+
5 Ka hoo, ke o boleletse dintho tsohle esale kgale.
Pele di etsahala, ka o bolella tsona
E le hore o se ke wa re, ‘Setshwantsho sa ka se entse tjena,
Setshwantsho sa ka se betlilweng le setshwantsho* sa ka sa tshepe se laetse tjena.’
6 O* utlwile ebile o bone dintho tsena kaofela.
Na o ke ke wa di bolela?+
Ho tloha hona jwale ke o bolella dintho tse ntjha,+
Makunutu a patilweng, ao o sa a tsebeng.
7 Ke hona di etsahalang hona jwale eseng kgale,
Dintho tseo ho fihlela kajeno o eso di utlwe
E le hore o se ke wa re, ‘Ke se ke ntse ke di tseba.’
8 Tjhe, o ne o sa batle ho utlwa,+ o sa batle ho utlwisisa.
Hape nakong e fetileng o ne o ithibile ditsebe.
9 Empa molemong wa lebitso la ka, ke tla kokobetsa bohale ba ka,+
Ka lebaka la thoriso ya ka ke tla ithiba,
Nke ke ka o fedisa.+
10 Ke o* hlwekisitse empa eseng jwalo ka silevera.+
Ke dumelletse hore o hloriswe e le hore o ka hlwekiswa jwalo ka ha tshepe e hlwekiswa mollong.*+
11 Ka lebaka la ka, ka lebaka la ka feela ke tla nka bohato+
Hobane nka tlohela jwang hore ke senngwe lebitso?+
Nke ke ka fa e mong kganya ya ka.*
12 Mmamele, wena Jakobo le wena Iseraele eo ke mo bitsitseng.
Ke nna Ya tshwanang.+ Ke nna wa pele le wa ho qetela.+
Ha ke di bitsa, di ema mmoho.
14 Phuthehang kaofela ha lona mme le mamele.
Ke ofe hara medimo* ya boletseng dintho tsee?
Ya ratwang ke nna Jehova,+
O tla etsa seo ke se thabelang ha a lwantsha Babilona+
Mme o tla otla Bakalde ka letsoho la hae.+
15 Ke buile hape ke mo bitsitse.+
Ke mo tlisitse mme tsela ya hae e tla atleha.+
16 Atamelang ho nna mme le mamele:
Ho tloha qalong, ha ke a ka ka buela lekunutung.+
Ho tloha ha e etsahala ke ne ke le teng.”
Jwale Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o nthomile, a ba a mpha* moya wa hae.
17 Jehova, Molopolli wa hao, Mohalaledi wa Iseraele o re:+
“Nna Jehova ke Modimo wa hao
Ya o rutang dintho tse tswelang wena molemo,+
Ya o tataisetsang tseleng eo o lokelang ho tsamaya ho yona.+
18 Hoja o ka mamela melao ya ka,+
Kgotso ya hao e ne e tla tshwana le noka,+
Ho loka ha hao ho tshwane le maqhubu a lewatle.+
19 Bana* ba hao ba ne ba tla ba bangata jwalo ka lehlabathe
Le ditloholo tsa hao di tshwane le dithollo tsa lona.+
Lebitso la bona le ne le ke ke la tloswa kapa la fediswa ka pela ka.”
Le balehe naheng ya Bakalde.*
Bolelang ka mohoo wa thabo, e phatlalatseng.+
Etsang hore e tsejwe dikgutlong tsohle tsa lefatshe.+
Ereng: “Jehova o lopolotse mohlanka wa hae Jakobo.+
21 Ha ba a ka ba nyorwa ha a ne a ba tataisa lehwatateng.+
O ile a etsa hore metsi a phalle lefikeng,
A petsola lefika ho etsa hore metsi a phorosele.”+