Ho Baefese
1 Nna Pauluse, moapostola wa Kreste ho ya ka thato ya Modimo, ke ngolla badumedimmoho le rona* ba Efese+ ba tshepahalang ebile e le balatedi ba Kreste Jesu.
2 E se eka Modimo Ntate wa rona le Morena Jesu Kreste ba ka ba mosa* ho lona le ho le fa kgotso.
3 Modimo Ntate wa Morena wa rona Jesu Kreste a ke a roriswe. Lehodimong o re file ditlhohonolofatso tsohle tse tliswang ke moya o halalelang hobane re le balatedi ba Kreste Jesu.+ 4 O re kgethile hore re momahane le yena* pele lefatshe le thehwa e le hore re be lerato, re halalele le hore re hlahe re se na molato+ ka pela hae. 5 O ile a re kgetha esale pele+ hore re nkelwe ka lapeng re le bara ba hae+ a sebedisa Jesu Kreste. Ke yona ntho e mo thabisang le eo e leng thato ya hae.+ 6 O entse jwalo e le hore batho ba rorise Modimo ka lebaka la mosa wa hae o moholo+ oo a re bontshitseng wona a sebedisa mora wa hae eo a mo ratang haholo.+ 7 Re lopolotswe sebeng hobane mora wa hae o ile a re patalla ka madi a hae.+ Ka hona, re tshwarelwa dibe+ ka lebaka la mosa o moholo wa Modimo.
8 O ile a ba mosa haholo ho rona a ba a re fa bohlale bohle le bokgoni bohle ba ho nahana hantle 9 ka hore a re tsebise lekunutu le halalelang+ la thato ya hae. Lekunutu leo le dumellana le dintho tse mo thabisang tseo a di rerileng. 10 Le boetse le akareletsa hore a hlophise dintho ha nako e behilweng e fihla* ka hore a bokelle dintho tsohle tse mahodimong le tse lefatsheng+ a sebedisa Kreste. Dintho tsohle di tla bokellwa ho sebediswa Kreste 11 eo re momahaneng le yena ebile re kgethilwe ho ba majalefammoho+ le yena. Modimo o ile a re kgetha esale pele hobane e le thato ya hae. O etsa dintho tsohle ho ya ka thato ya hae 12 e le hore a tlotliswe le ho roriswa ka lebaka la rona ba ileng ba dumela ho Kreste pele. 13 Le ile la dumela ho yena ka mora hore le utlwe lentswe la nnete e leng ditaba tse monate tse buang ka hore le tla pholoswa. Ka mora hore le dumele, Modimo o ile a sebedisa Kreste ho le tshwaya+ ka moya o halalelang oo a neng a o tshepisitse. 14 Moya oo ke pontsho* ya hore re tla fumana lefa leo re le tshepisitsweng.+ Modimo o ile a re tshwaya e le hore a ka fana ka tefo e hlokahalang hore batho ba hae+ ba lokollwe+ e leng ntho e tla etsa hore a roriswe haholo.
15 Ka lebaka leo, ka ha ke utlwile ka tumelo eo le nang le yona ho Morena Jesu le tsela eo le ratang badumedimmoho le rona* ka yona, 16 ha ke kgaotse ho leboha Modimo ka lebaka la lona. Ke dula ke le rapella 17 e le hore Modimo wa Morena wa rona Jesu Kreste, Ntate ya nang le kganya yohle, a ka le fa bohlale le ho le thusa ho utlwisisa dintho tseo a le senoletseng tsona e le hore le ka mo tseba ka tsela e nepahetseng.+ 18 Modimo o le butse mahlo* e le hore le bone tshepo eo a le kgethetseng* yona, ditlhohonolofatso tse ke keng tsa bapiswa le eng kapa eng tseo a di tshepisitseng badumedi*+ 19 le hore le bone matla a maholo ao a a sebedisang ho rona badumedi.+ Matla ao a hae a maholo a ile a bonahala 20 ha a tsosa Kreste bafung mme a mo beha ka letsohong la hae le letona+ lehodimong. 21 O phahamiseditswe ka hodima mebuso yohle, bolaodi bohle, matla ohle, borena ba mofuta o mong le o mong le lebitso le leng le le leng le nkwang le le bohlokwa+ eseng hona jwale* feela empa le nakong e tlang. 22 Modimo o boetse o behile dintho tsohle tlasa taolo ya* Kreste+ ebile o mo entse hlooho hodima dintho tsohle tse amanang le phutheho.+ 23 Phutheho ke mmele+ wa hae mme o e fa dintho tsohle tseo e di hlokang.