Kosepele ya Johanne
8 12 Jesu a bua le bona hape a re: “Ke nna lesedi la lefatshe.+ Ya ntatelang a ke ke a tsamaya lefifing empa o tla ba le lesedi+ le fanang ka bophelo.” 13 Bafarisi ba re ho yena: “O a ipakela empa bopaki ba hao ha se nnete.” 14 Jesu a re ho bona: “Le haeba ke a ipakela, bopaki ba ka ke nnete hobane ke a tseba hore na ke tswa kae le hore na ke ya kae.+ Empa lona ha le tsebe hore na ke tswa kae le hore na ke ya kae. 15 Le ahlola ho ya ka menahano ya batho,+ nna ha ho motho eo ke mo ahlolang. 16 Le haeba ke ahlola, kahlolo ya ka e lokile hobane ha ke mong, Ntate ya nthomileng o na le nna.+ 17 Hape Molao wa lona o re: ‘Bopaki ba batho ba babedi ke nnete.’+ 18 Ke a ipakela le Ntate ya nthomileng o a mpakela.”+ 19 Ba re ho yena: “Ntate eo wa hao o kae?” Jesu a re: “Ha le ntsebe ebile ha le tsebe Ntate.+ Hoja le ne le ntseba, le ka be le tseba le Ntate.”+ 20 O buile ditaba tsena ha a ntse a ruta ka tempeleng a le moo ho bolokwang matlotlo.+ Ha ho na motho ya ileng a mo tshwara hobane nako ya hae e ne e eso fihle.+
21 A boela a re ho bona: “Ke a tsamaya, lona le tla mpatla empa moo ke yang le ke ke la fihla.+ Le tla shwa le ntse le le baetsadibe.”+ 22 Bajuda ba re: “Ha a re moo a yang re ke ke ra fihla, ebe o rera ho ipolaya?” 23 A re ho bona: “Lona le tswa lefatsheng, nna ke tswa hodimo.+ Lona le tswa lefatsheng lena, nna ha ke tswe teng. 24 Ke ka lebaka leo ke itseng ho lona: Le tla shwa le ntse le le baetsadibe. Haeba le sa dumele hore ke nna ya ronngweng, le tla shwa le ntse le le baetsadibe.” 25 Ba re ho yena: “O mang?” Jesu a re ho bona: “Ke hobaneng ha ke itshenyetsa nako ka ho bua le lona? 26 Ho na le dintho tse ngata tseo nka di buang ka lona le ho le ahlolela tsona. Tsebang hore ya nthomileng o bua nnete ka mehla mme dintho tseo ke di utlwileng ho yena ke di bua lefatsheng.”+ 27 Ba ne ba sa utlwisise hore o bua ka Ntate wa hae ya lehodimong. 28 Jesu a re: “Hang ka mora hore le fanyehe Mora motho,+ le tla tseba hore nna ke yena+ le hore ha ke etse letho leo ke iqapetseng lona,+ ke bua dintho tseo ke di rutilweng ke Ntate. 29 Ya nthomileng o na le nna. Ha a ntahla hobane ka mehla ke etsa dintho tse mo thabisang.”+ 30 Ha a ntse a bua dintho tsena, batho ba bangata ba dumela ho yena.
31 Yaba Jesu o re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: “Haeba le dula le mamela dithuto tsa ka, ehlile le barutuwa ba ka. 32 Le tla tseba nnete+ mme nnete e tla le lokolla.”+ 33 Ba re: “Re bana ba Abrahama ebile ha re eso be makgoba a motho. O bolelang ha o re re tla lokoloha?” 34 Jesu a re: “Ke a le tiisetsa hore bohle ba etsang sebe ke makgoba a sona.+ 35 Hape lekgoba ha le dule ka lapeng ka ho sa feleng, mora ke yena ya dulang ka ho sa feleng. 36 Haeba Mora a le lokolla, le tla fela le lokolohe. 37 Ke a tseba hore le bana ba Abrahama empa le batla ho mpolaya hobane ha le dumele dithuto tsa ka. 38 Ke bua dintho tseo ke ithutileng tsona ho Ntate+ empa lona le etsa dintho tseo le di utlwileng ho ntate wa lona.” 39 Ba re ho yena: “Ntate wa rona ke Abrahama.” Jesu a re ho bona: “Hoja le ne le le bana ba Abrahama,+ le ka be le mo etsisa. 40 Empa jwale le batla ho mpolaya, nna ya le boleletseng nnete eo ke e utlwileng ho Modimo.+ Abrahama ha a ka a etsa jwalo. 41 Lona le etsisa ntate wa lona.” Ba re ho yena: “Ha re bana ba matsheo,* re na le Ntate a le mong e leng Modimo.”
42 Jesu a re ho bona: “Hoja Modimo e ne e le Ntate wa lona, le ka be le nthata+ hobane ke nna enwa ke tswa ho yena. Ha ke a itlisa, ke ronngwe ke Modimo.+ 43 Ha le nkutlwisise hobane ha le a ikemisetsa ho mmamela. 44 Le tswa ho ntate wa lona Diabolose ebile le batla ho mo thabisa.+ E bile mmolai ho tloha qalong+ mme o ile a lahla nnete hobane ha a e rate. O bua leshano hobane ke mokgwa wa hae, o leshano ebile ke ntate wa leshano.+ 45 Ka ha nna ke bua nnete, ha le nkgolwe. 46 Ke mang ho lona ya ka pakang hore ke entse sebe? Haeba ke bua nnete, hobaneng ha le sa nkgolwe? 47 Bana ba Modimo ba a mo mamela.+ Ka ha lona ha le tswe ho Modimo, ha le mamele.”+
48 Bajuda ba re ho yena: “Na ha re nepe ha re re o Mosamaria+ ebile o na le modemona?”+ 49 Jesu a re: “Ha ke na modemona, ke hlompha Ntate empa lona ha le ntlhomphe. 50 Ha ke ipatlele thoriso,+ Modimo ke yena ya batlang hore ke roriswe mme ke yena moahlodi. 51 Ke a le tiisetsa hore ya mmamelang a ke ke a shwa.”+ 52 Bajuda ba re ho yena: “Jwale re a tseba hore ehlile o na le modemona. Abrahama o ile a shwa le baprofeta ba shwele. Jwale wena o re motho ya o mamelang a ke ke a shwa? 53 Na o inka o le moholo ho ntate wa rona Abrahama ya ileng a shwa? Le baprofeta ba ile ba shwa. Jwale wena o nahana hore o mang?” 54 Jesu a re: “Haeba ke itlotlisa, thoriso ya ka ha se letho. Ke Ntate ya ntlotlisang,+ yena eo le reng ke Modimo wa lona. 55 Nna ke a mo tseba,+ lona ha le mo tsebe.+ Hoja ke itse ha ke mo tsebe, ke ne ke tla be ke le leshano jwalo ka lona. Empa ehlile ke a mo tseba ebile ke a mo mamela. 56 Ntate wa lona Abrahama o ne a lebelletse letsatsi leo ke tla tla ka lona. O ile a le bona yaba o a thaba.”+ 57 Bajuda ba re ho yena: “Ha o eso be le dilemo di 50 empa o re o bone Abrahama?” 58 Jesu a re ho bona: “Ke a le tiisetsa hore ke bile teng pele Abrahama a eba teng.”+ 59 Ba thonaka majwe hore ba mo betse ka ona empa a ipata yaba o tswa ka tempeleng.