Diproverbia
6 Mora wa ka, haeba o itlamme hore o tla patalla moahisani wa hao sekoloto,+
Haeba o entse tumellano le motho,*+
2 Haeba tshepiso ya hao e fetohile leraba ho wena
Le mantswe a hao*+ a fetohile sefi,
3 Etsa tjena mora wa ka hore o itopolle
Ka ha jwale o matsohong a moahisani wa hao:
Eya o ikokobetse mme o kope moahisani wa hao hore a o lokolle tumellanong ya lona.+
4 O se ke wa robala
Kapa hona ho otsela.
5 Itopolle jwalo ka tshephe letsohong la setsomi
Jwalo ka nonyana letsohong la ya tshwasang dinonyana.
7 Le hoja bo se na molaodi, motsamaisi kapa mmusi,
8 Bo ipatlela dijo tsa bona hlabula,+
Bo bokella dijo tsa bona ha ho kotulwa.
9 Wena ya botswa, o tla robala moo ho fihlela neng?
O tla tsoha borokong neng?
10 O ntse o re: “A nke ke robale hanyenyane, nke ke re shwa! hanyenyane,
Ke phuthe matsoho hanyenyane ke iphomolele.”+
12 Motho ya se nang thuso a bile a le kgopo o tsamaya a bua mashano,+
13 O koba leihlo,+ o tapatapa ka leoto le ho supa ka menwana.
14 Pelo ya hae e tletse bobe.
Ka nako yohle o rerile bokgopo+ ebile o baka diqabang.+
16 Ho na le dintho tse tsheletseng tseo Jehova a di hloileng,
Ha e le hantle, ke dintho tse supileng tseo a di nyonyang:
17 Boikgohomoso,+ leshano,+ ho bolaya batho ba se nang molato,+
18 Ho rera bokgopo,+ ho potlakela bobeng,
19 Ho fana ka bopaki ba bohata+
Le ho qabanya bana ba motho.+
21 Di boloke pelong ya hao ka mehla,
O di fase molaleng wa hao.
22 Ha o tsamaya, di tla o tataisa,
Ha o robala, di tla o lebela.
Ha o tsoha, di tla o hlokomela.*
Kgalemelo le tayo ke tsela e isang bophelong.+
25 O se ke wa dumella pelo ya hao hore e kgahlwe ke botle ba hae+
Kapa wa mo dumella hore a o hape ka mahlo.
26 Monna o tla futsaneha*+ ka lebaka la letekatse
Empa o tla lahlehelwa ke bophelo ka lebaka la mosadi wa motho e mong.
27 Na motho a ka bokella mollo sefubeng sa hae ebe diaparo tsa hae ha di tjhe?+
28 Kapa na motho a ka tsamaya hodima mashala ebe maoto a hae ha a tlabohe?
29 Ho jwalo le ka mang kapa mang ya robalang le mosadi wa motho,*
Mang kapa mang ya thetsang mosadi eo o tla fuwa kotlo.+
30 Batho ha ba hloye leshodu
Hobane feela le utswa hore le kgore ha le lapile.