Diketso Tsa Baapostola
28 Ha re se re fihlile lebopong re sireletsehile, ra tseba hore sehlekehleke seo se bitswa Malta.+ 2 Batho ba moo ba ile ba eba mosa haholo ho rona. Ba ile ba re amohela ka mofuthu mme ba re besetsa mollo hobane ho ne ho bata ebile pula e na. 3 Ha Pauluse a bokella ngata ya patsi a e beha mollong, noha ya marabe ya tswa ka lebaka la motjheso yaba e ithatela letsohong la hae. 4 Ha batho bao ba moo ba bona noha eo e tjhefo e leketlile letsohong la hae, ba buisana ba re: “E tlameha ebe motho enwa ke mmolai. Le ha e le mona a fihlile lebopong a sireletsehile, Toka* ha e a mo dumella hore a nne a phele.” 5 A hlohlorela noha eo mollong yaba ha e mo ntshe kotsi. 6 Ba ne ba lebeletse hore a ruruhe kapa a wele fatshe hanghang a shwe. Ba ema nako e telele yaba ha ba bona ho se na letho le kotsi le mo etsahallang, ba fetola maikutlo ba re ke modimo.
7 Haufi le moo, ho ne ho ena le masimo a morena wa sehlekehleke seo ya bitswang Pabliase. O ile a re amohela ka mofuthu mme a re fa bodulo ka matsatsi a mararo. 8 Ntate wa Pabliase o ne a robetse a tshwerwe ke feberu le letshollo. Pauluse a ya ho yena a mo rapella, a mo beha matsoho yaba o a mo fodisa.+ 9 Ka mora moo, batho ba bang kaofela ba sehlekehlekeng seo ba neng ba kula le bona ba tla ho yena yaba o a ba phekola.+ 10 Ba re leboha ka dimpho tse ngata mme ha re se re tsamaya ka sekepe, ba re fa dintho tsohle tseo re di hlokang.
11 Re ile ra qeta dikgwedi tse tharo re le sehlekehlekeng seo yaba re tsamaya ka sekepe se nang le setshwantsho sa “Bara ba Zeuse.” Sekepe seo se ne se tswa Alexandria mme se ne se qetile mariha se le sehlekehlekeng seo. 12 Se ile sa ema koung ya Saerakuse yaba re dula moo matsatsi a mararo. 13 Ha re tloha moo ra ya Regiame. Ka le hlahlamang, ha foka moya o hlahang ka borwa mme ra fihla Puteoli ka letsatsi la bobedi. 14 Ha re fihla ra fumana bana ba bo rona mme ba re kopa hore re dule le bona matsatsi a supileng. Ka mora moo ra ya Roma. 15 Ha bana ba bo rona ba Roma ba utlwela ka rona, ba re kgahlanyetsa Mmarakeng wa Apiase le Matlong a Mararo a Baeti. Ha Pauluse a ba bona, a leboha Modimo mme a kgothala.+ 16 Ha re fihla Roma, Pauluse a dumellwa ho dula a le mong le lesole le mo katileng.
17 Ka mora matsatsi a mararo a bitsa banna ba hlaheletseng ba Bajuda. Ha ba se ba tlile a re ho bona: “Bana beso, le hoja ke sa sitelwa setjhaba kapa ka etsa letho le kgahlanong le ditlwaelo tsa baholoholo ba rona,+ ke ile ka tloswa Jerusalema ke le motshwaruwa mme ka iswa ho Baroma.+ 18 Ka mora hore ba hlahlobe nyewe ya ka,+ ba ne ba batla ho ntokolla ka ha ho ne ho se na mabaka a hore ke bolawe.+ 19 Ha Bajuda ba hana, ka tlameha ho ipiletsa ho Sesare+ empa eseng hobane ke batla ho qosa setjhaba sa heso. 20 Ke lona lebaka le entseng hore ke kope hore le tle ke tlo bua le lona ka ha ke fasitswe ka diketane tjena ka lebaka la tshepo eo esale Baiseraele ba ena le yona.”+ 21 Ba re: “Ha re eso fumane mangolo a buang ka wena a tswang Judea, le bana ba bo rona ba tswang moo ha ba a bua letho le lebe ka wena. 22 Empa re batla ho utlwa hore na wena o reng hobane re a tseba hore lequlwana lena+ le buuwa hampe hohle.”+
23 Ba kgetha letsatsi leo ba tla tla ho yena ka lona mme ba tla ho yena ka bongata moo a dulang. A ba hlalosetsa ditaba tsa hae ka ho ba fa bopaki bo hlakileng ka Mmuso wa Modimo, a ba susumetsa ka Molao wa Moshe+ le ka ditaba tsa Baprofeta+ hore ba dumele ho Jesu.+ 24 Ba bang ba dumela dintho tseo a di buang empa ba bang ha ba a ka ba dumela. 25 Ka ha ba ne ba sa dumellane, ba tsamaya yaba Pauluse o re:
“Moya o halalelang o ne o nepile ha o tla bua mantswe ana ao moprofeta Esaia a ileng a a bolella baholoholo ba lona a reng, 26 ‘Eya ho batho bana o re: “Ho utlwa le tla utlwa empa ho hang le ke ke la utlwisisa. Ho sheba le tla sheba empa ho hang le ke ke la bona.+ 27 Batho bana ba dihlooho* di thata. Ka ditsebe ba utlwile empa ba se ke ba araba. Ba kwetse mahlo ebile ba ithibile ditsebe e le hore le ka mohla ba se ke ba bona le ho utlwa. Ke ka hoo ba sa utlwisiseng* hore na ba lokela ho etsang ebile ba sa kgutlele ho nna e le hore nka ba fodisa.”’+ 28 Ka hona, le tsebe hore molaetsa wa tsela eo Modimo a pholosang batho ka yona o phatlaladitswe ditjhabeng+ mme di tla o mamela.”+ 29 *——
30 Pauluse o qetile dilemo tse pedi a dula ntlong eo a e hirileng+ mme o ne a amohela batho bohle ba tlang ho yena, 31 a ba bolella ka Mmuso wa Modimo le ho ruta ka Morena Jesu Kreste ka sebete+ a sa sitiswe ke letho.