Kosepele ya Matheu
17 Matsatsi a tsheletseng ha morao, Jesu a tsamaya le Petrose, Jakobo le Johanne ngwanabo mme a nyolohela le bona thabeng e phahameng ba le bang.+ 2 Tjhebahalo ya hae ya fetoha ba ntse ba mo shebile. Sefahleho sa hae sa kganya jwalo ka letsatsi, le diaparo tsa hae tsa phatsima* haholo.+ 3 Ho sa le jwalo, ba bona Moshe le Elia ba hlaha ba buisana le Jesu. 4 Yaba Petrose o re ho Jesu: “Morena, ke hantle hore ebe re mona. Haeba o batla, ke tla hloma ditente tse tharo mona, e nngwe e be ya hao, e nngwe e be ya Moshe, e nngwe e be ya Elia.” 5 Ha a sa ntse a bua, leru le kganyang la ba kwahela. Lentswe la hlaha lerung leo la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlisang.+ Mo mameleng.”+ 6 Ha barutuwa ba utlwa ditaba tsena ba tshoha haholo yaba ba kgumama difahleho di shebile fatshe. 7 Jesu a ba atamela yaba o a ba tshwara o re: “Emang. Le se ke la tshoha.” 8 Ha ba sheba hodimo, ba bona Jesu a setse a le mong feela. 9 Ha ba ntse ba theoha thabeng, Jesu a ba laela a re: “Le se ke la bolella mang kapa mang pono ena ho fihlela Mora motho a tsoswa bafung.”+
10 Le ha ho le jwalo, barutuwa ba re: “Ke hobaneng ha bangodi ba re Elia o tla tla pele?”+ 11 Ha a araba a re: “Ehlile Elia o a tla mme o tla busetsa dintho tsohle madulong.+ 12 Le ha ho le jwalo, ke re ho lona Elia o se a tlile empa ha ba a ka ba mo tseba. Ba ile ba mo etsa dintho tseo ba di batlang.+ Ka tsela e tshwanang, le Mora motho o tlo hlokofatswa ke bona.”+ 13 Barutuwa ba hlokomela hore o ne a bua ka Johanne Mokolobetsi.
14 Ha ba tla ba lebile letshwele,+ monna e mong a mo atamela, a mo kgumamela yaba o re: 15 “Morena, hauhela mora wa ka hobane o a kula o tshwerwe ke sethwathwa.* O atisa ho wela mollong le ka metsing.+ 16 Ke ile ka mo tlisa ho barutuwa ba hao empa ba sitilwe ho mo phekola.” 17 Ha Jesu a araba a re: “Lona moloko o se nang tumelo o bileng o leng kgopo,+ ke tla dula le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neng? Mo tliseng kwano.” 18 Jwale Jesu a kgalemela modemona mme a tswa ho yena. Moshanyana eo a fola hanghang.+ 19 Ka mora moo, barutuwa ba tla ho Jesu moo ba leng bang ba re: “Ke hobaneng ha re ile ra sitwa ho leleka modemona eo?” 20 A re ho bona: “Ke hobane tumelo ya lona e a fokola. Ka nnete ke a le bolella hore haeba tumelo ya lona e lekana le peo ya mosetareta, le tla re ho thaba ena: ‘Tloha mona o ye mane,’ ebe e a tloha mme ha ho letho leo le ke keng la kgona ho le etsa.”+ 21 *——
22 Ha ba ntse ba bokane Galilea Jesu a re ho bona: “Mora motho o tlo rekiswa* ebe ho fanwa ka yena matsohong a batho.+ 23 Ba tla mo bolaya ebe o tsoswa ka letsatsi la boraro.”+ Yaba barutuwa ba sarelwa haholo.
24 Ka mora hore ba fihle Kapernauma, banna ba bokellang lekgetho la tempele* ba tla ho Petrose ba re: “Na mosuwe wa lona o ntsha lekgetho la tempele?”+ 25 A re: “E.” Yare ha a kena ka tlung Jesu a re ho yena: “Simone, o nahana jwang? Marena a lefatshe a fumana lekgetho ho bomang? Ho bana ba ona kapa ho batho ba bang?” 26 Petrose a re: “Ho batho ba bang.” Yaba Jesu o re: “E leng hore bana ba ona ha ba ntshe lekgetho. 27 Empa e le hore re se ke ra ba kgopisa,+ eya lewatleng o lahlele huku e tshwasang ditlhapi* ebe o nka tlhapi ya pele eo o tla e tshwasa. Ha o e ahlamisa o tla fumana tjhelete ya silevera.* O e nke o re patalle re le babedi.”