Genese
22 Modimo wa nnete a leka Abrahama+ mme a re ho yena: “Abrahama!” Abrahama a re: “Ke nna enwa!” 2 Modimo a re: “Ke kopa o ye naheng ya Moria+ le mora wa hao ya mong eo o mo ratang haholo+ Isaka+ mme o etse sehlabelo sa setjheso ka yena moo, hodima e nngwe ya dithaba tseo ke tla o bontsha tsona.”
3 Abrahama a tsoha hoseng haholo, a qhaneha tonki ya hae yaba o tsamaya le bahlanka ba hae ba babedi le mora wa hae Isaka. A kapa patsi bakeng sa sehlabelo sa setjheso mme a ya sebakeng seo Modimo wa nnete a mo bontshitseng sona. 4 Ka letsatsi la boraro, Abrahama a bonela sebaka seo holenyana. 5 A re ho bahlanka ba hae: “Salang mona le tonki empa nna le mora wa ka re tla ya mane ho ya rapela mme re tla kgutlela ho lona.”
6 Abrahama a jarisa mora wa hae Isaka patsi ya sehlabelo sa setjheso. A nka mollo le thipa* mme ba tsamaya ba le babedi. 7 Isaka a re ho ntate wa hae: “Ntate!” Yaba Abrahama o re: “Ke mametse mora wa ka.” Isaka a re: “Mollo le patsi ke tsena empa nku ya sehlabelo sa setjheso e hokae?” 8 Abrahama a re: “Mora wa ka, Modimo ke yena ya tla fana ka nku ya sehlabelo sa setjheso.”+ Yaba ba tswela pele ka leeto la bona.
9 Ba fihla sebakeng seo Modimo wa nnete a mo bontshitseng sona yaba Abrahama o haha aletare moo mme o beha patsi hodima yona. A tlama mora wa hae Isaka maoto le matsoho mme a mo beha aletareng hodima patsi.+ 10 Abrahama a nka thipa* e le hore a bolaye mora wa hae.+ 11 Empa lengeloi la Jehova la mo bitsa le le mahodimong la re: “Abrahama, Abrahama!” A araba a re: “Ke nna enwa!” 12 Lengeloi la re: “O se ke wa bolaya moshanyana eo mme o se ke wa mo etsa letho ka ha jwale ke a tseba hore o tshaba Modimo hobane ha o a nkganela ka mora wa hao ya mong feela.”+ 13 Ha Abrahama a sheba pelenyana mane, a bona ramo e tshwasehileng ka dinaka dihlahleng. Abrahama a ya mme a nka ramo a etsa sehlabelo sa setjheso ka yona, eseng ka mora wa hae. 14 Abrahama a reha sebaka seo Jehova-jire.* Ke ka lebaka leo le kajeno ho ntseng ho thwe: “Jehova o tla fana ka dintho tse hlokahalang thabeng ya hae.”+
15 Lengeloi la Jehova la bitsa Abrahama ka lekgetlo la bobedi le le mahodimong, 16 la re: “Jehova o re, ‘Ke hlapanya ka nna+ hore ka lebaka la seo o se entseng le hore ha o a ka wa nkganela ka mora wa hao ya mong feela,+ 17 ke tla o hlohonolofatsa mme ke etse hore bana* ba hao ba be bangata jwalo ka dinaledi tsa mahodimo le jwalo ka lehlabathe le lebopong la lewatle+ mme ngwana* wa hao o tla nka metse* ya dira tsa hae.+ 18 Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofatswa* ka lebaka la ngwana* wa hao+ hobane o mametse lentswe la ka.’”+
19 Ka mora moo, Abrahama a kgutlela ho bahlanka ba hae yaba ba kgutlela Beersheba+ ha mmoho mme Abrahama a tswela pele ho dula teng.
20 Abrahama a fumana tlaleho e reng: “Milka o tswalletse ngwaneno Nakore+ bara: 21 Letsibolo ke Utse, wa bobedi ke Buze mme ba latelang ke Kemuele (ntate wa Arame), 22 Kesede, Hazo, Pildashe, Jidlafe le Bethuele.”+ 23 Bethuele a ba le moradi ya bitswang Rebeka.+ Milka a tswalla Nakore ngwanabo Abrahama bara bao ba robedi. 24 Reuma, e leng serethe* sa hae a ba le bara e leng Teba, Gahame, Tahashe le Maaka.