Kosepele ya Mareka
13 Yare ha a tswa ka tempeleng e mong wa barutuwa ba hae a re ho yena: “Mosuwe, bona majwe ana le mehaho ena e metle hakaakang!”+ 2 Empa Jesu a re ho yena: “O a e bona mehaho ee e meholo? Majwe ohle a teng mona a tla heletswa. Ha ho lejwe le tla sala hodima le leng.”+
3 Yare ha a dutse Thabeng ya Mehlwaare moo a neng a ka bona tempele, Petrose, Jakobo, Johanne le Andrease ba mo botsa moo ba leng bang, ba re: 4 “Re bolelle, dintho tsee di tla etsahala neng? Hona re tla bona kang ha dintho tsee tsohle di tlo etsahala?”+ 5 Ka hoo, Jesu a re ho bona: “Itlhokomeleng hore ho se ke ha eba le motho ya le kgelosang.+ 6 Ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka ba re: ‘Ke nna Kreste’ ebe ba kgelosa ba bangata. 7 Ho feta moo, ha le utlwela ka dintwa le ditlaleho tsa tsona, le se ke la tshoha. Dintho tsena di tla etsahala empa ha e eso be bofelo.+
8 Ditjhaba di tla lwantshana le mebuso e hlaselane.+ Ho tla ba le tlala+ le ditshisinyeho tsa lefatshe sebakeng se seng ka mora se seng. Dintho tsena ke qalo feela ya tlokotsi.+
9 Le itlhokomele. Batho ba tla le isa makgotleng a dibaka,+ ba le shapele ka matlung a thapelo*+ ba be ba le ise ka pela babusisi le marena ka lebaka la ka e le hore le ba bolelle ka tumelo ya lona.+ 10 Hape, ditaba tse monate tsa Mmuso di lokela ho bolelwa ditjhabeng tsohle pele.+ 11 Empa ha ba le isa ho ba boholong le se ke la tshwenyeha ka hore na le tla reng. Le bue eng kapa eng eo le tla susumetswa hore le e bue ka nako eo ka ha le ke ke la bua ka bolona empa moya o halalelang o tla le thusa ho bua.+ 12 Motho o tla fana ka ngwanabo hore a bolawe le ntate a fane ka ngwana wa hae hore a bolawe. Bana le bona ba tla tsohela batswadi matla ba be ba etse hore ba bolawe.+ 13 Batho bohle ba tla le hloya ka lebaka la lebitso la ka+ empa ya mameletseng ho fihlela qetellong+ ke yena ya tla pholoha.+
14 Le ha ho le jwalo, ha le bona ntho e nyonyehang le e senyang+ e le moo e sa tshwanelang ho ba teng, (ya balang boprofeta bona a bo utlwisise hantle) ba leng Judea ba balehele dithabeng.+ 15 Monna ya ka hodima ntlo a se ke a theoha ebe o kena ka tlung ya hae ho ya nka ntho le ha e le efe. 16 Le monna ya tshimong a se ke a kgutla ho ya nka seaparo sa hae. 17 Matsatsing ao baimana le batswetse ba tla ba madimabe.+ 18 Le nne le rapelle hore le se ke la tlameha ho baleha e le mariha 19 ka ha matsatsi ao e tla ba a mahlomola.+ A kang ona ha a eso be teng ho tloha ha Modimo a theha lefatshe ho fihlela jwale ebile ha a sa tla ba teng.+ 20 Ha e le hantle, hoja Jehova* ha a ka a fokotsa matsatsi ao, ha ho motho ya neng a tla pholoha. Empa o a fokoditse ka lebaka la bakgethwa ba hae.+
21 Haeba mang kapa mang a re ho lona: ‘Bonang, Kreste ke enwa’ kapa ‘Bonang, ke yane,’ le se ke la mo kgolwa.+ 22 Etswe ho tla hlaha bo Kreste le baprofeta ba bohata+ mme ba tla etsa mehlolo e le hore haeba ho kgoneha ba kgelose bakgethwa. 23 Ke le boleletse dintho tsohle esale pele, jwale le fadimehe.+
24 Empa ka mora mahlomola a matsatsi ao, letsatsi le tla fifala, kgwedi e ke ke ya kganya,+ 25 dinaledi di tla wa lehodimong le dintho tse mahodimong di sisinyehe. 26 Batho ba tla bona Mora motho+ a tla ka maru, matla a maholo le kganya.+ 27 O tla romela mangeloi mme a tla bokella bakgethwa ba hae ho tswa dikgutlong tse nne tsa lefatshe,* ho tloha pheletsong ya lefatshe ho ya pheletsong ya lehodimo.+
28 Ithuteng ka mohlala wa sefate sa feie.* Hang feela ha lekala la sona le lenyenyane le nolofala mme le hlahisa makgasi, le a tseba hore lehlabula le haufi.+ 29 Ka tsela e tshwanang le lona ha le bona dintho tsena di etsahala le tsebe hore o haufi, o eme monyako.+ 30 Ka nnete ke a le bolella hore dintho tsena tsohle di tla etsahala pele moloko ona o fela.+ 31 Lehodimo le lefatshe di tla nyamela+ empa mantswe a ka ona a tla ba teng ho ya ho ile.+
32 Ha ho ya tsebang letsatsi leo kapa hora. Mangeloi a mahodimong ha a le tsebe le Mora ha a le tsebe, ke Ntate feela ya le tsebang.+ 33 Le dule le hlaphohetswe le fadimehile+ ka ha ha le tsebe hore na nako e behilweng e tla fihla neng.+ 34 Ho tshwana le ha motho a etela hole ebe o siya ntlo ya hae bodiseng ba makgoba a hae.+ O fa lekgoba ka leng mosebetsi wa lona ebe o laela molebedi wa monyako hore a dule a fadimehile.+ 35 Ka hoo, le dule le fadimehile hobane ha le tsebe hore na mongantlo o tla neng,+ ebang ke mantsiboya, hara mpa ya bosiu, pele bosiu bo esa* kapa hoseng haholo+ 36 e le hore ha a fihla ka tshohanyetso, a se ke a fumana le robetse.+ 37 Empa seo ke le bolellang sona ke se bolella bohle: Le dule le fadimehile.”+