Jeremia
20 Moprista Pashkure mora wa Imere eo hape e neng e le molaodi ya etellang pele ka tlung ya Jehova, o ne a mametse ha Jeremia a ntse a profeta dintho tsena. 2 Jwale Pashkure a otla moprofeta Jeremia mme a mo kenya ditlamong+ tse neng di le Keiting e ka Hodimo ya Benjamine, e neng e le pela ntlo ya Jehova. 3 Empa ka letsatsi la bobedi ha Pashkure a ntsha Jeremia ditlamong, Jeremia a re ho yena:
“Jehova ha a o reha Pashkure empa o o rehile Tshabo ka Hohle.+ 4 Etswe Jehova o re: ‘Ke tla etsa hore wena le metswalle yohle ya hao le tshohe ka lebaka la ntho e tla o etsahalla mme metswalle ya hao e tla bolawa ka sabole ke dira tsa yona o ntse o shebile.+ Ke tla fa morena wa Babilona taolo hodima Juda yohle mme o tla hapa ba bang ba Bajuda a ba ise Babilona ebe ba bang o ba bolaya ka sabole.+ 5 Ke tla nehelana ka maruo a motse ona, dihlahiswa tsohle tsa wona, dintho tsohle tsa wona tsa bohlokwa le matlotlo ohle a marena a Juda matsohong a dira tsa bona.+ Ba tla di nka ka mahahapa mme ba di ise Babilona.+ 6 Ha e le wena Pashkure le bohle ba dulang ka tlung ya hao, le tla haptjwa. O tla ya Babilona o shwelle teng mme o tla patelwa teng le metswalle yohle ya hao hobane o ba profetetse leshano.’”+
7 O mmakaditse, Jehova mme ke ile ka makala.
O bontshitse hore o matla ho mpheta mme o hlotse.+
Ke fetohile ntho e tshehisang letsatsi lohle,
E mong le e mong o a ntshoma.+
8 Etswe neng kapa neng ha ke bua, ke lokela ho hweletsa ke re:
“Ntwa le timetso!”
Ke rohakilwe le ho songwa letsatsi lohle ka lebaka la lentswe la Jehova.+
9 Ka hoo ka re: “Nke ke ka bua ka yena.
Ha ke sa tla hlola ke bua ka lebitso la hae.”+
Empa ka pelong ya ka lentswe la Modimo la eba jwalo ka mollo o tukang o kwaletsweng masapong a ka.
Ke ne ke kgathetse ke ho le tiisetsa.
Ke ne ke sa kgone ho thola.+
Ba re: “Mo qoseng, a re mo qoseng.”
Batho bohle ba ntakaletsang kgotso ba ne ba shebile hore ke we.+
Ba re: “Mohlomong o tla etsa phoso e se nang kelello
Ebe re a hlola mme re iphetetsa ho yena.”
11 Empa Jehova o ne a ena le nna jwalo ka mohlabani ya tshosang.+
Ke ka lebaka leo ba ntlhorisang ba tla kgoptjwa mme ba se ke ba hlola.+
Ba tla hlajwa ke dihlong haholo hobane ba ke ke ba atleha.
Ba tla swaba ho ya ho ile mme tshwabo ya bona e ke ke ya lebalwa.+
12 Empa wena, Jehova wa mabotho, o hlahloba ya lokileng.
O bona menahano e tebileng* le pelo.+
13 Binelang Jehova! Rorisang Jehova!
O pholositse mofutsana matsohong a ba kgopo.
14 Ho rohakwe letsatsi leo ke tswetsweng ka lona.
E se eka letsatsi leo mme a ntswetseng ka lona le ke ke la hlohonolofatswa.+
15 Ho rohakwe motho ya tliseditseng Ntate ditaba tse monate a re:
“O tswaletswe mora, ngwana moshanyana!”
Yaba o mo thabisa haholo.
16 E se eka motho eo a ka ba jwalo ka metse eo Jehova a e timeditseng a sa ikwahlaye.
E se eka a ka utlwa mohoo hoseng le mokgosi motshehare.