Buka ya Pele ya Samuele
17 Bafilista+ ba bokella masole a bona hore a yo lwana. Ba ya Soko+ ya Juda mme ba hloma ditente tsa bona pakeng tsa Soko le Azeka,+ Efese-damime.+ 2 Saule le banna ba Iseraele ba bokana mme ba hloma ditente tsa bona Kgohlong* ya Ela+ yaba ba itokisetsa ho ya lwantsha Bafilista. 3 Bafilista ba ne ba eme thabeng e nngwe mme Baiseraele ba le thabeng e nngwe, kgohlo e le dipakeng tsa bona.
4 Yaba ho tswa mohlabani* ditenteng tsa Bafilista. Lebitso la hae e ne e le Goliathe,+ a tswa Gathe.+ O ne a le bolelele ba dimithara tse ka bang tharo.* 5 A rwetse helmete ya koporo, a apere seaparo sa tshepe se nang le makgakgapha a palamaneng. Boima ba seaparo seo sa koporo+ e ne e ka ba dikhilokramo tse 57.* 6 A rwetse ditshireletso tsa moomo tsa koporo maotong a hae mme mokokotlong wa hae a jere lerumo+ le betswang. 7 Mofeng wa lerumo la hae o ne o tshwana le thupa ya foreimi ya batho ba etsang masela,+ motsu wa tshepe wa lerumo la hae o le boima bo ka etsang dikhilokramo tse supileng* mme mojari wa thebe ya hae a tsamaya ka pela hae. 8 A ema yaba o hweletsa lebotho la Iseraele+ o re ho lona: “Ke hobaneng ha le tlile moo ho tla lwana le rona? Ke nna Mofilista ya matla ka ho fetisisa mme lona le mpa le le bahlanka ba Saule. Ikgetheleng monna mme le re a tle ho nna. 9 Haeba a lwana le nna mme a mpolaya, re tla ba bahlanka ba lona. Empa ha nka mo hlola mme ka mo bolaya le tla ba bahlanka ba rona mme le re sebeletse.” 10 Ka mora moo, Mofilista eo a re: “Kajeno ke batla ho bona hore na masoleng a Iseraele+ ke mang ya nang le sebete sa ho ntwantsha. Mpheng monna, nna le yena re lwane.”
11 Ha Saule le Baiseraele bohle ba utlwa mantswe ana a Mofilista, ba tshoha haholo.
12 Davida e ne e le mora wa Jese+ wa Moefratha+ ya tswang Bethlehema+ ya Juda. Jese o ne a ena le bara ba robedi+ mme mehleng ya Saule o ne a se a tsofetse. 13 Bara ba bararo ba baholo ba Jese ba ne ba setse Saule morao ho ya ntweng.+ Mabitso a bara ba hae ba bararo ba neng ba ile ntweng e ne e le Eliabe+ letsibolo, mora wa hae wa bobedi Abinadabe+ le wa boraro Shama.+ 14 Davida e ne e le yena wa ho fela+ mme bara ba bararo ba baholo ba ne ba setse Saule morao.
15 Ha Davida a ntse a sebeletsa Saule o ne a ya hae ho ya hlokomela dinku+ tsa ntate wa hae Bethlehema a bile a kgutla. 16 Ka nako eo, Mofilista eo o ne a atamela a ema sebakeng sa hae hoseng ho hong le ho hong le mantsiboya a mang le a mang ka matsatsi a 40.
17 Jese a re ho mora wa hae Davida: “Ke kopa o nke dilithara tsena tse ka bang 22* tsa koro* e hadikilweng le mahobe ana a leshome mme o ye ditenteng tsa sesole o di isetse boabuti ba hao ka potlako. 18 Nka dikarolo tsena tse leshome tsa tjhisi* o di ise ho molaodi wa ba sekete. Hape o utlwe hore na boabuti ba hao ba phela jwang mme o tle le bopaki ba hore ba ntse ba ya hantle.” 19 Ba ne ba ena le Saule le banna ba bang bohle ba Iseraele Kgohlong* ya Ela,+ ba lwantsha Bafilista.+
20 Davida a tsoha hoseng mme a siya motho e mong hore a hlokomele dinku. Jwale a paka dintho mme a tsamaya feela jwalo ka ha Jese a ne a mo laetse. Ha a fihla ditenteng tsa masole, masole a ne a tswa a ya ntweng, a hweleditse ho bontsha hore a itokiseditse ho lwana. 21 Baiseraele le Bafilista ba ema ba shebane moleng wa ntwa. 22 Hanghang Davida a siya thoto ya hae ho mohlokomedi wa dithoto mme a mathela ntweng. Ha a fihla, a botsa hore na boabuti ba hae ba ntse ba ya jwang.+
23 Ha a ntse a bua le bona, ha fihla mohlabani ya bitswang Goliathe,+ Mofilista ya tswang Gathe. O ne a tswa lebothong la sesole la Bafilista yaba o bua mantswe ao a neng a a buile pele+ mme Davida a mo utlwa. 24 Ha banna bohle ba Iseraele ba bona monna eo, ba tshoha yaba ba a mo baleha.+ 25 Banna ba Iseraele ba ne ba re: “Na le bone monna eo? O tlile ho tla rohaka* Baiseraele.+ Monna ya tla mo bolaya, morena o tla mo fa maruo a mangata, a mo fe moradi wa hae+ a be a lokolle lelapa la ntate wa hae hore le se ke la fana ka dintho tseo Baiseraele ba lokelang ho di fa morena.”
26 Davida a re ho banna ba neng ba eme haufi le yena: “Monna ya tla tlosa lenyatso ho Iseraele ka ho bolaya Mofilista elwa o tla putswa ka eng? Mofilista eo ya sa bollang ke mang hore a rohake lebotho la sesole la Modimo ya phelang?”+ 27 Batho ba pheta ntho eo ba neng ba e buile pele ba re: “Monna ya tla mo bolaya o tla putswa ka tsela ena.” 28 Ha abuti wa hae e moholo Eliabe+ a utlwa a bua le banna bao, a halefa mme a re ho Davida: “O tlo batlang moo? Hona dinku tsela tse mmalwa o di siile le mang lefeelleng?+ Ke a tseba hore o a ikgohomosa le hore o na le merero e mebe. O tlile mona hore feela o tlo shebella ntwa.” 29 Davida a re: “Ke entseng jwale? Ke ne ke mpa ke botsa feela.” 30 Ka hoo, Davida a tloha ho yena a ya ho motho e mong a fihla a mo botsa potso e tshwanang le ya pele,+ batho ba ne ba mo araba ka tsela e tshwanang le ya pele.+
31 Batho ba utlwa seo Davida a se buileng mme ba se bolella Saule. Yaba Saule o re a bitswe. 32 Davida a re ho Saule: “Le se ke la tshoswa ke monna eo. Nna mohlanka wa hao ke tla ya ke yo lwantsha Mofilista eo.”+ 33 Empa Saule a re ho Davida: “O ke ke wa kgona ho lwana le Mofilista eo hobane o sa le moshanyana,+ yena haesale e le lesole* ho tloha a sa le motjha.” 34 Davida a re ho Saule: “Ha ke ne ke disitse mohlape wa Ntate, ho ile ha tla tau+ ya fihla ya nka nku mohlapeng. Ka letsatsi le leng ha tla bere mme ya fihla ya etsa se tshwanang. 35 Ke ile ka di sala morao yaba ke a di hlasela mme ka pholosa dinku melomong ya tsona. Ha di ntlhasela, ka di tshwara ka boya* yaba ke a di bolaya. 36 Mohlanka wa hao o ile a bolaya tau le bere mme Mofilista eo ya sa bollang o tla shwa jwalo ka e nngwe ya tsona hobane o rohakile* mabotho a sesole a Modimo ya phelang.”+ 37 Davida a boela a re: “Jehova ya mpholositseng ho tau le ho bere,* ke yena ya tla mpholosa ho Mofilista eo.”+ Yaba Saule o re ho Davida: “Tsamaya mme e se eka Jehova a ka ba le wena.”
38 Saule a apesa Davida diaparo tsa hae. A mo rwesa helmete ya koporo hloohong yaba o mo apesa seaparo sa tshepe. 39 Davida a tlamella sabole ya hae hodima diaparo tsa hae mme a leka ho tsamaya ka tsona empa a hloleha hobane o ne a sa di tlwaela. Davida a re ho Saule: “Ha ke kgone ho tsamaya ka dintho tsena hobane ha ke a di tlwaela.” Ka hoo, Davida a di hlobola. 40 Jwale a nka molamu wa hae, a kgetha majwe a mahlano a boreledi nokaneng* mme a a kenya ka mokotleng wa hae wa badisa, a tshwere letjeketjane+ la hae. Yaba o atamela Mofilista.
41 Mofilista a nna a atamela Davida, a eteletswe pele ke monna ya mo jarelang thebe. 42 Ha Mofilista eo a bona Davida, a mo rohaka hobane e ne e le moshanyana feela e motle, e mofubedu.+ 43 Ka hoo, Mofilista eo a re ho Davida: “Na ke ntja,+ ha e le moo o tlo ntwantsha ka dithupa?” Yaba Mofilista eo o rohaka Davida ka medimo ya hae. 44 Mofilista a re ho Davida: “Tloo kwano, ke tlo fepa dinonyana le diphoofolo tse hlaha nama ya hao.”
45 Davida a re ho Mofilista: “O tla ho nna ka sabole, lerumo le ka lerumo+ le betswang empa nna ke tla ho wena ka lebitso la Jehova wa mabotho,+ Modimo wa mabotho a Iseraele, eo o mo rohakileng.*+ 46 Letsatsing lena Jehova o tla etsa hore ke o hlole.+ Ke tla o bolaya, ke o kgaole hlooho mme kajeno ke tla fepa dinonyana le diphoofolo tse hlaha ka ditopo tsa masole a Bafilista. Batho bohle lefatsheng ba tla tseba hore ho na le Modimo Iseraele.+ 47 Batho bohle ba bokaneng mona* ba tla tseba hore Jehova ha a hloke sabole kapa lerumo ho re pholosa+ hobane ntwa ke ya Jehova+ mme o tla re thusa hore re le hlole kaofela.”+
48 Yaba Mofilista o a atamela ho ya kopana le Davida mme Davida a matha kapele ho ya lwantsha Mofilista eo. 49 Davida a kenya letsoho ka mokotleng wa hae a ntsha lejwe mme a le betsa ka letjeketjane, a otla Mofilista phatleng. Lejwe leo la kenella phatleng yaba o wela fatshe ka sefahleho.+ 50 Ka hoo, Davida a hlola Mofilista eo ka letjeketjane le lejwe. O ile a otla Mofilista eo a ba a mo bolaya le hoja a ne a sa tshwara sabole.+ 51 Davida a nna a matha, a fihla a ema pela hae. A ntsha sabole ya Mofilista eo+ selateng* sa yona mme a etsa bonnete ba hore o shwele ka ho mo kgaola hlooho ka yona. Ha Bafilista ba bona hore senatla sa bona se shwele, ba baleha.+
52 Banna ba Iseraele le ba Juda ba hweletsa yaba ba lelekisa Bafilista ho tloha kgohlong+ ho ya fihla dikeiting tsa Ekrone.+ Bafilista ba bolailweng ba ne ba wetse tseleng ho tloha Sharaime+ ho ya fihla Gathe le Ekrone. 53 Ha Baiseraele ba tswa lelekisa Bafilista, ba ile ba inkela thepa ditenteng tsa bona.
54 Davida a nka hlooho ya Mofilista a e tlisa Jerusalema empa a beha dibetsa tsa Mofilista eo ka tenteng ya hae.+
55 Ha Saule a bona Davida a ya ho Mofilista, o ile a re ho Abnere+ molaodi wa lebotho la sesole: “Moshanyana eo ke wa mang+ Abnere?” Abnere a re: “Morenaka, ho bua nnete feela, ha ke tsebe.” 56 Morena a re: “Botsa hore na mohlankana enwa ke mora wa mang.” 57 Ka hoo, hang ha Davida a tswa bolaya Mofilista, Abnere a mo tlisa ka pela Saule a nkile hlooho ya Mofilista+ eo ka letsoho. 58 Saule a re ho yena: “Moshanyana, o mora wa mang?” Davida a re: “Ke mora wa mohlanka wa hao Jese+ wa Mobethlehema.”+