Dipesaleme
Ho motsamaisi. Pina eo Davida mohlanka wa Jehova a e binetseng Jehova letsatsing leo Jehova a ileng a mo pholosa matsohong a dira tsohle tsa hae le letsohong la Saule. O ile a re:+
18 Ke a o rata, Jehova matla a ka.+
2 Jehova ke lefika la ka le sebaka sa ka se sireletsehileng mme ke yena ya mpholosang.+
Modimo wa ka ke lefika la ka+ mme ke tla balehela ho yena,
Ke thebe ya ka le lenaka* la ka la poloko,* setshabelo sa ka se sireletsehileng.*+
4 Diropo tsa lefu di ne di nthatetse.+
Batho ba bangata ba kgopo jwalo ka metsi a morwallo ba ile ba ntshosa.+
6 Ha ke le mathateng ke ile ka bitsa Jehova,
Ka nna ka llela ho Modimo wa ka ho kopa thuso.
7 Lefatshe la sisinyeha mme la reketla.+
Metheo ya dithaba ya thothomela
Le ho tsukutleha hobane o ne a halefisitswe.+
8 Mosi wa tswa dinkong tsa hae
Le mollo o tjhesang wa tswa molomong wa hae.+
Ho ne ho tswa mashala a hlenneng ho yena.
10 O ne a palame kerubime, a tla a fofa.+
A theoha ka potlako a le hodima mapheo a lengeloi.*+
11 Ka mora moo, a ikwahela ka lefifi+
E leng ka metsi a matsho le maru a matsho.+
A ne a mo potapotile ka hohle jwalo ka tente.
12 Ho ile ha eba le kganya ka pela hae,
Sefako le mashala a hlenneng a tswa marung.
13 Jehova a duma a le lehodimong.+
Ya Phahameng ka ho Fetisisa a etsa hore lentswe la hae le utlwahale+
Ka sefako le mashala a hlenneng.
15 Dikotopo tsa metsi tsa bonahala.+
Jehova, ha o kgalemela metheo ya lefatshe e a senoleha.
E senolwa ke moya o matla o tswang dinkong tsa hao.+
21 Ke mamela melao ya Jehova ka mehla.
Ha ke a etsa dintho tse mpe mme ka tlohela Modimo wa ka.
22 Ke dula ke hopola melao yohle ya hae.
Nke ke ka iphapanyetsa ditaelo tsa hae.
30 Dintho tsohle tseo Modimo wa nnete a di etsang di phethahetse.+
Polelo ya Jehova e hlwekile.+
Ke thebe ho bohle ba balehelang ho yena.+
34 O kwetlisa matsoho a ka bakeng sa ntwa.
Matsoho a ka a ka koba seqha sa koporo.
35 O mpha thebe ya hao ya poloko,+
Letsoho la hao le letona le a ntshehetsa,*
Boikokobetso ba hao bo a mphahamisa.+
37 Ke tla lelekisa dira tsa ka mme ke di tshware.
Nke ke ka kgutla ho fihlela di fedisitswe.
41 Ba a lla ba kopa thuso empa ha ho na motho ya ba pholosang.
Ba llela le ho Jehova empa ha a ba arabe.
42 Ke tla ba tula hore ba silehe jwalo ka lerole le fefolwang ke moya.
Ke tla ba lahlela ka ntle jwalo ka seretse diterateng.
43 O tla mpholosa ho batho ba tshwayang diphoso.+
O tla nketsa hlooho ya ditjhaba.+
Batho bao ke neng ke sa ba tsebe ba tla ntshebeletsa.+
45 Baditjhaba ba tla nyahama.
Ba tla tswa ba thothomela dibakeng tsa bona tse sireletsehileng.
48 O mpholosa ho dira tsa ka tse halefileng.
O mphahamisetsa hodimo, hole le ba ntlhaselang.+
O mpholosa ho motho ya ratang ho lwana.