Jonase
2 Jonase a rapela Jehova Modimo wa hae a le ka mpeng ya tlhapi+ 2 a re:
“Ke ile ka hweletsa ho wena Jehova ke le mahlomoleng mme wa nkaraba.+
Ka hweletsa ho kopa thuso ke le tlase ka hara* Lebitla.*+
O ile wa utlwa lentswe la ka.
Metsi le maqhubu ohle a hao a ile a feta ka hodima ka.+
4 Yaba ke re, ‘O ntahletse hole le wena!
Na ke tla boela ke bone tempele ya hao e halalelang?’
Ditlamatlama tsa nthatela hloohong.
6 Ka tebela tlase metsong ya dithaba.
Mamati a lebitla* a nkwallela ruri.
Empa wa nnyolla lebitleng* ke ntse ke phela, Jehova Modimo wa ka.+
7 Ha ke ne ke le makgatheng a lefu, Jehova ke yena eo ke ileng ka mo hopola.+
Yaba thapelo ya ka e fihla ho wena tempeleng ya hao e halalelang.+
8 Ba rapelang ditshwantsho ba furalla mohlodi wa lerato.*
9 Empa ha e le nna, ke tla o leboha ke be ke o etsetse sehlabelo.
Ke tla phetha dikano tsa ka.+
Jehova ke yena feela Mopholosi.”+
10 Ka mora nako, Jehova a laela tlhapi hore e hlatsetse Jonase lebopong la lewatle.