Kosepele ya Matheu
27 Hoseng, baprista bohle ba baholo le baholo ba setjhaba ba rerisana hore ba bolaye Jesu.+ 2 Ba mo fasa, ba mo kganna yaba ba mo isa ho mmusisi Pilato.+
3 Jwale ha Judase ya mo rekisitseng* a bona hore Jesu o ne a ahlotswe, a itshwabela yaba o kgutlisetsa dikotwana tsa silevera tse 30 ho baholo le baprista ba baholo a re:+ 4 “Ke entse sebe ka ho rekisa* motho ya se nang molato.” Ba re: “Jwale rona re kena kae? Ke taba ya hao.” 5 Yaba o akgela dikotwana tsa silevera ka tempeleng, a tsamaya mme a iphanyeha.+ 6 Empa baprista ba baholo ba nka dikotwana tseo tsa silevera ba re: “Molao ha o dumelle hore di tshelwe ka polokelong ya matlotlo e halalelang hobane di kgenathetse* madi a motho.” 7 Ka mora hore ba buisane, ba sebedisa tjhelete eo ho reka tshimo ya motho ya bopang ka letsopa, hore e be moo ba patelang baditjhaba teng. 8 Ka hona, tshimo eo ya bitswa Tshimo ya Madi+ ho fihlela letsatsing lena. 9 Jwale ha phethahala mantswe a ileng a buuwa ke moprofeta Jeremia a reng: “Ba nka dikotwana tsa silevera tse 30 e leng theko eo Baiseraele ba dumellaneng ho e patala bakeng sa hae, 10 ba fana ka tsona hore ba reke tshimo ya sebopi, ho ya ka moo Jehova* a neng a ntaetse ka teng.”+
11 Jesu a ema ka pela mmusisi. Mmusisi a re ho yena: “Na o Morena wa Bajuda?” Jesu a re: “E, ke yena.”*+ 12 Empa ha a ka a araba ha a ntse a qoswa ke baprista ba baholo le baholo.+ 13 Pilato a re ho yena: “Na o a utlwa hore na ba o qosa ka dintho tse ngata hakae?” 14 Empa ha a ka a mo araba le ha e le ka lentswe le le leng, hoo mmusisi a ileng a makala haholo.
15 Ha e le Paseka, mmusisi o ne a tlwaetse ho lokollela setjhaba motshwaruwa eo se mo batlang.+ 16 Ka yona nako eo, ba ne ba tshwere monna e mong wa senokwane ya tsebahalang. Lebitso la hae e ne e le Barabase. 17 Ka hoo, ha ba bokane Pilato a re ho bona: “Le batla ke le lokollele mang, Barabase kapa Jesu eo ho thweng ke Kreste?” 18 Pilato o ne a bona hore ba tlisitse Jesu ho yena hobane ba le mona. 19 Ha a ntse a dutse setulong sa kahlolo, mosadi wa hae a mo romela molaetsa a re: “O se ke wa itshunyatshunya ditabeng tsa monna eo ya lokileng hobane ke lorile ka yena mme toro eo e ne e le bohloko haholo.” 20 Empa baholo le baprista ba baholo ba susumeletsa setjhaba ho kopa hore Barabase+ a lokollwe empa Jesu a bolawe.+ 21 Mmusisi a boela a re ho setjhaba seo: “Le batla ke le lokollele ofe ho baa ba babedi?” Sa re: “Barabase.” 22 Pilato a re ho bona: “Jwale ke etseng ka Jesu eo ho thweng ke Kreste?” Setjhaba sohle sa re: “Ha a kgokgothelwe palong!”*+ 23 A re: “Hobaneng? O entseng e mpe?” Empa sa hweletsa le ho feta sa re: “Ha a kgokgothelwe palong!”*+
24 Ha Pilato a bona hore ha ho na letho leo a ka le etsang ebile ho tsoha moferefere, a nka metsi a hlapa matsoho ka pela setjhaba yaba o re: “Ha ke na molato mading a motho enwa. Ke taba ya lona.” 25 Yaba batho kaofela ba re: “Madi a hae a be hodima rona le bana ba rona.”+ 26 A ba lokollela Barabase empa a laela hore Jesu a shapuwe ka sephadi+ mme a fana ka yena ho masole hore a mo kgokgothele palong.+
27 Jwale masole a mmusisi a isa Jesu ha mmusisi mme a bokella sehlopha sohle sa masole ho mo potapota.+ 28 Masole ao a mo hlobodisa seaparo se selelele, a mo apesa se sefubedu+ 29 yaba a loha korone ka meutlwa a mo rwesa yona mme a mo fa lehlaka ka letsohong la hae le letona. A kgumama ka pela hae, a mo soma a re: “Dumela, wena Morena wa Bajuda!” 30 Yaba a mo tshwela ka mathe,+ a nka lehlaka a mo otla ka lona hloohong. 31 Ha a qeta ho mo soma, a mo hlobodisa seaparo se sekareleta, a mo apesa diaparo tsa hae mme a mo etella pele hore a yo kgokgothelwa palong.+
32 Yare ha masole a tswa a fumana monna e mong wa Saerene ya bitswang Simone. A qobella monna eo hore a jare palo eo Jesu a neng a tlo kgokgothelwa ho yona.*+ 33 Ha masole a fihla Golgotha, e bolelang Sebaka sa Lehata,+ 34 a mo fa veine e tswakilweng le nyooko* hore a e nwe.+ Empa ka mora ho e latswa, a hana ho e nwa. 35 A mo kgokgothela palong yaba a aba diaparo tsa hae ka ho lahla lotho+ 36 mme a dula moo a mo kata. 37 Ka hodima hlooho ya hae a beha boto e ngotsweng hore na o qoseditsweng. E ne e re: “Enwa ke Jesu Morena wa Bajuda.”+
38 Jwale mashodu a mabedi a ne a kgokgothetswe dipalong pela hae, le leng ka ho le letona, le leng ka ho le letshehadi.+ 39 Batho ba fetang ka tsela ba mo nyefola,+ ba sisinya dihlooho ba re:+ 40 “O itse o tla heletsa tempele o be o e hahe ka matsatsi a mararo.+ Ipholose he! Haeba o mora wa Modimo, theoha palong eo o kgokgothetsweng ho yona!”*+ 41 Baprista ba baholo, bangodi le baholo le bona ba qala ho mo soma ba re:+ 42 “O pholositse ba bang, yena o sitwa ho ipholosa. Haeba ke Morena wa Iseraele,+ ha a theohe palong eo a kgokgothetsweng ho yona* mme re tla dumela ho yena. 43 O tshepile Modimo, jwale haeba Modimo o a mo rata, ha a mo pholose+ ka ha o ile a re: ‘Ke Mora Modimo.’”+ 44 Esita le mashodu a neng a kgokgothetswe dipalong tse pela hae a ile a mo rohaka jwalo.+
45 Ka 12 motshehare* lefifi la aparela naha yohle ka dihora tse tharo.*+ 46 Hoo e ka bang ka hora ya boraro mantsiboya,* Jesu a hweletsa a re: “Eli, Eli, lama sabakthani?” e bolelang: “Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng?”+ 47 Ha batho ba emeng moo ba utlwa a tjho jwalo ba re: “Monna enwa o bitsa Elia.”+ 48 E mong wa bona a matha hanghang yaba o nka sepontjhe o se kenya ka hara veine e bodila, a se hloma lehlakeng yaba o a mo fa hore a nwe.+ 49 Empa ba bang kaofela ba re: “Mo tlohele re bone hore na Eli o tla tla a mo pholose.” 50 Jesu a boela a hweletsa yaba o a shwa.*+
51 Kgaretene ya sehalalelo+ ya taboha ka lehare+ ho tloha hodimo ho ya tlase,+ lefatshe la sisinyeha, mafika a petsoha. 52 Mabitla a buleha yaba ditopo tse ngata tsa bahalaledi ba neng ba shwele* di a tswa 53 mme batho ba bangata ba di bona (Ka mora hore Jesu a tsoswe, batho ba neng ba le mabitleng ba kena motseng o halalelang). 54 Empa ha molaodi wa sesole le ba neng ba katile Jesu le yena ba bona tshisinyeho ya lefatshe le dintho tse etsahalang, ba tshoha haholo ba re: “Ka nnete monna enwa e ne e le Mora Modimo.”+
55 Hape basadi ba bangata ba neng ba feleheditse Jesu ha a tloha Galilea e le hore ba mo sebeletse, ba ne ba shebeletse ba le hojana.+ 56 Hara bona ho ne ho ena le Maria Magdalena, Maria mme wa Jakobo le Jose ha mmoho le mme wa Jakobo le Johanne.*+
57 Motshehare wa mantsiboya ha fihla monna e mong ya ruileng wa Arimathea, ya bitswang Josefa, ya neng a fetohile morutuwa wa Jesu.+ 58 A ya ho Pilato a kopa setopo sa Jesu+ yaba Pilato o laela hore a se fuwe.+ 59 Josefa a nka setopo seo, a se phuthela ka lesela la line e hlwekileng ya boleng bo botle+ 60 yaba o se beha ka lebitleng leo+ a neng a sa tswa le tjheka lefikeng. A beha lejwe le leholo monyako wa lebitla, a tsamaya. 61 Maria Magdalena le Maria e mong ba sala ba dutse moo ka pela lebitla.+
62 Letsatsing le hlahlamang e leng la Sabatha,*+ baprista ba baholo le Bafarisi ba bokana ka pela Pilato ba re: 63 “Mohlomphehi, re hopotse hore raleshano yane ha a sa ntse a phela o ile a re: ‘Ke tla tsoswa ka mora matsatsi a mararo.’+ 64 Laela hore lebitla la hae le katwe ho fihlela letsatsing la boraro e le hore barutuwa ba hae ba se ke ba mo utswa+ yaba ba re ho batho: ‘O tsositswe bafung!’ Jwale leshano lena la ho qetela le tla ba lebe ho feta la pele.” 65 Pilato a re ho bona: “Nkang balebedi, le kate lebitla leo ka hohle ka moo le ka kgonang.” 66 Ka hoo, ba ya mme ba sireletsa lebitla ka ho tiisa lejwe le ho beha balebedi.