Dipesaleme
78 Lona batho ba ka, mamelang molao* wa ka.
Mamelang mantswe a tswang molomong wa ka.
2 Ke tla bua maele ka molomo wa ka.
Ke tla bua dilotho tsa kgale.+
3 Dintho tseo re di utlwileng le tseo re di tsebang,
Tseo bontate ba rona ba ileng ba re phetela tsona,+
4 Re ke ke ra di patela bara ba bona.
Re tla bolella moloko o tlang+
Ka diketso tsa Jehova tse tshwanelwang ke thoriso le ka matla a hae,+
Dintho tse hlollang tseo a di entseng.+
A laela baholoholo ba rona
Hore ba bolelle bana ba bona ka dintho tsena+
6 E le hore moloko o tlang,
Bana ba eso tswalwe, ba ka di tseba.+
Le bona ba tle ba di bolelle bana ba bona.+
7 Bana bao ba tla tshepa Modimo.
8 Ba ke ke ba tshwana le baholoholo ba bona
E leng moloko o manganga le o tletseng borabele,+
Moloko o neng o dula o fetola maikutlo a wona*+
Le o neng o sa tshepahalle Modimo.
9 Baefraime ba ne ba tshwere seqha
Empa ba ile ba baleha ka letsatsi la ntwa.
11 Hape ba ile ba lebala dintho tseo a di entseng,+
Mesebetsi ya hae e hlollang eo a ba bontshitseng yona.+
12 O entse dintho tse hlollang baholoholo ba bona ba ntse ba shebile,+
Naheng ya Egepeta, sebakeng sa Zowane.+
15 A petsola mafika lefeelleng,
A ba nwesa metsi ho fihlela ba kgotsofetse jwalo ka ha eka a tswa botebong ba lewatle.+
“Na a ka re fa le bohobe
Kapa a fa batho ba hae nama?”+
21 Ha Jehova a ba utlwa, a halefa.+
Mollo+ wa tukela Jakobo,
A halefela Baiseraele+
22 Hobane ba ne ba sa dumele ho Modimo,+
Ba sa tshepe hore a ka kgona ho ba pholosa.
23 A laela mahodimo a kwahetsweng ke maru,
A bula mamati a lehodimo.
27 A ba fa nama e ngata jwalo ka lerole
Le dinonyana tse ngata jwalo ka lehlabathe la lewatle.
28 A di dihela hara ditente tsa hae,
Ho potapota ditente tsa hae.
29 Ba ja mme ba se ke ba emisa le ha ba se ba kgotshe.
O ile a ba fa seo ba neng ba se lakatsa.+
30 Empa le pele ba kgotsofala,
Ha dijo di ntse di le ka melomong ya bona,
31 Modimo a ba halefela haholo,+
A bolaya banna ba bona ba matla ka ho fetisisa.+
A diha bahlankana ba Iseraele.
32 Ho sa tsotellehe sena, ba ile ba etsa sebe le ho feta.+
Ha ba a ka ba dumela ho Modimo le hoja ba bone mesebetsi ya hae e hlollang.+
33 A fedisa matsatsi a bona jwalo ka ha eka ke moya,+
A fedisa le dilemo tsa bona ka koduwa ya tshohanyetso.
34 Empa ho sa tsotellehe hore na o ne a ba bolaya hangata hakae, ba ne ba dula ba mo kopa thuso,+
Ba ne ba kgutla mme ba batla Modimo,
35 Ba hopola hore Modimo ke Lefika la bona+
Le hore Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa ke Molopolli* wa bona.+
36 Empa ba ile ba leka ho mo thetsa ka melomo ya bona
Le ho mo bolella leshano ka maleme a bona.
37 Ba ne ba sa mo tshepahalle.+
Ba sa tshepahalle le selekane sa hae.+
Hangata o ne a thiba bohale ba hae+
Ho ena le ho ntsha kgalefo yohle ya hae.
40 Ba ne ba mo fetohela ka makgetlo a mangata lefeelleng+
Ba bile ba mo utlwisa bohloko lehwatateng.+
42 Ha ba a ka ba hopola matla* a hae,
Ba ile ba lebala letsatsi leo ka lona a ileng a ba pholosa* ho dira tsa bona,+
43 Ka moo a ileng a etsa dipontsho ka teng Egepeta,+
Ka moo a ileng a etsa mehlolo ka teng sebakeng sa Zowane
44 Le ka moo a ileng a fetola melatswana ya Nile madi+
E le hore ba se ke ba kgona ho nwa metsi a dinokana tsa bona.
46 A romela ditsie tse senyang hore di senye masimo a bona
Le ditsie tse ngata hore di senye dijalo tseo ba di sebeleditseng ka thata.+
47 O ile a senya difate tsa bona tsa morara ka sefako+
Le difate tsa bona tsa sikamora ka majwe a sefako.
49 A ntshetsa bohale ba hae bo tukang ho bona,
Kgalefo le tlokotsi,
A romela dihlopha tsa mangeloi tse tlisang tlokotsi.
50 A lokolla bohale ba hae.
Ha a ka a ba sireletsa hore ba se ke ba shwa.
O ile a etsa hore ba tshwarwe ke bolwetse bo bolayang.
Lewatle le ile la kwahela dira tsa bona.+
54 A ba tlisa sebakeng sa hae se halalelang,+
Sebaka se dithaba seo a se hapileng ka letsoho la hae le letona.+
55 O ile a leleka ditjhaba ka pela bona.+
A ba abela lefa ka kgwele e lekanyang.+
A beha meloko ya Iseraele malapeng a yona.+
56 Empa ba nna ba leka Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa le ho mo fetohela.+
Ha ba a ka ba mamela dikgopotso tsa hae.+
57 Hape ba ne ba kgeloha mme ba le bolotsana jwalo ka baholoholo ba bona.+
Ba ne ba sa tshepahale jwalo ka seqha se sa tiyang.+
58 Ba nna ba mo sitelwa ka dibaka tsa bona tse phahameng+
Le ho mo halefisa* ka ditshwantsho tsa bona tse betlilweng.+
59 Modimo a bona sena mme a halefa.+
Ka hoo, a lahla Baiseraele ka ho feletseng.
61 O ile a dumella letshwao le emelang matla a hae hore le iswe botlamuweng.
A dumella hore kganya ya hae e be letsohong la sera.+
65 Jehova a tsoha jwalo ka ha eka o ne a robetse,+
Jwalo ka monna ya matla+ ya hlaphohelwang ka mora ho nwa veine e ngata.
66 A kgutlisetsa dira tsa hae morao.+
A di tlotlolla ka ho sa feleng.
67 A lahla tente ya Josefa.
Ha a ka a kgetha leloko la Efraime.
69 A etsa hore sehalalelo sa hae se dule se le teng jwalo ka mahodimo,*+
Jwalo ka lefatshe leo a le tiisitseng hore le be teng ka ho sa feleng.+