Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha Kakaretso ya 1 Bakorinthe 1 BAKORINTHE KAKARETSO YA BUKA 1 Ditumediso (1-3) Pauluse o leboha Modimo ka lebaka la Bakorinthe (4-9) O ba eletsa hore ba momahane (10-17) Kreste o bontsha hore Modimo o matla ebile o bohlale (18-25) Re ithorise hobane re tseba Jehova (26-31) 2 Pauluse o ruta batho ba Korinthe (1-5) Bohlale ba Modimo bo phahametse ba batho (6-10) Motho ya tataiswang ke menahano ya hae le motho ya tataiswang ke moya wa Modimo (11-16) 3 Bakorinthe e ntse e le batho ba laolwang ke ditakatso tsa bona (1-4) Modimo ke yena ya hodisang (5-9) Basebetsimmoho le Modimo (9) Haha ka thepa e sa tjheng (10-15) Le tempele ya Modimo (16, 17) Bohlale ba batho ba lefatshe ha bo na thuso ho Modimo (18-23) 4 Bahlanka ba Kreste ba lokela ho tshepahala (1-5) Bakreste ba lokela ho ikokobetsa (6-13) “Le se ke la fetela ka nqane ho dintho tse ngotsweng” (6) Bakreste ke sebonwang ka pela lefatshe (9) Pauluse o tsotella bao a ba rutileng nnete (14-21) 5 Boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano (1-5) Tomoso e nyenyane e bedisa hlama kaofela (6-8) Moetsadibe a tloswe (9-13) 6 Bakreste ba isana kgotla (1-8) Batho ba ke keng ba kena Mmusong wa Modimo (9-11) Tlotlisang Modimo ka mmele ya lona (12-20) “Balehang boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano” (18) 7 Keletso bakeng sa ba keneng lenyalong le ba seng lenyalong (1-16) Le nne le be ka tsela eo le neng le le ka yona pele le bitswa (17-24) Batho ba seng lenyalong le bahlolohadi (25-40) Melemo ya ho se kene lenyalong (32-35) Nyalwa feela ke “molatedi wa Morena” (39) 8 Dijo tse etsetswang ditshwantsho tse rapelwang (1-13) Rona re na le Modimo a le mong feela (5, 6) 9 Mohlala wa moapostola Pauluse (1-27) “O se ke wa tlama poho molomo” (9) ‘Nka ba madimabe haeba ke sa bolele ditaba tse monate’ (16) Ke bile dintho tsohle ho batho bohle (19-23) Re be le boitshwaro ha re matha peisong ya bophelo (24-27) 10 Dintho tseo re ka ithutang tsona historing ya Baiseraele (1-13) Le balehe borapedi ba ditshwantsho (14-22) Tafole ya Jehova le tafole ya bademona (21) Bolokolohi le ho nahanela batho ba bang (23-33) “Le etse dintho tsohle ka tsela e tla etsa hore Modimo a roriswe” (31) 11 “Le nketsise” (1) Bohlooho le ho rwala (2-16) Ho ja Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena (17-34) 12 Dimpho tseo Modimo a fanang ka tsona (1-11) Mmele o mong, ditho di ngata (12-31) 13 Lerato le bohlokwa ho feta dintho tsohle (1-13) 14 Mpho ya ho profeta le ya ho bua dipuo tse fapaneng (1-25) Diphutheho tsa Bokreste tse hlophisehileng (26-40) Boemo ba basadi ka phuthehong (34, 35) 15 Tsoho ya Kreste (1-11) Tsoho ya bafu ke motheo wa tumelo (12-19) Tsoho ya Kreste ke bopaki ba hore bafu ba tla tsoswa (20-34) Mmele wa lehodimo le mmele wa lefatshe (35-49) Mmele o sa shweng le o sa boleng (50-57) Le dule le phathahane ka mosebetsi wa Morena (58) 16 Tjhelete e bokellwang bakeng sa Bakreste ba Jerusalema (1-4) Merero ya Pauluse ya ho eta (5-9) Merero ya hore Timothea le Apolose ba etele Bakorinthe (10-12) Dikeletso le ditumediso (13-24)