LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • nwt leq. 39
  • Selelekela

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Selelekela
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Selelekela

SELELEKELA

Modimo o sebedisa Bibele e Halalelang ho bua le rona. Re lokela ho ithuta yona e le hore re tsebe Mongodi wa yona. (Johanne 17:3; 2 Timothea 3:16) Ka hara yona, Jehova Modimo o re bolella morero wa hae ka batho le ka lefatshe.—Genese 3:15; Tshenolo 21:3, 4.

Ha ho na buka e nngwe e kgonang ho fetola bophelo ba batho jwalo ka Bibele. E re thusa ho etsisa makgabane a Jehova a kang lerato, mohau le mosa. E fa batho tshepo mme tshepo eo e ba thusa hore ba mamelle esita le mathata a boima ka ho fetisisa. Hape e senola dintho tse teng lefatsheng tse sa dumellaneng le thato ya Modimo.—Pesaleme ya 119:105; Baheberu 4:12; 1 Johanne 2:15-17.

Qalong Bibele e ne e ngotswe ka Seheberu, Searame le Segerike. Hona jwale e se e fetoletswe ka dipuo tse ka hodimo ho 3 000 e feletse kapa e sa fella. Hara dibuka tsohle tse kileng tsa eba teng, ke yona buka e fetoletsweng ka dipuo tse ngata ka ho fetisisa le eo batho ba bangata ka ho fetisisa ba nang le yona. Ha ho letho le mohlolo ka taba ena hobane Bibele e ile ya profeta ya re: “Ditaba tse monate tsa Mmuso [e leng molaetsa wa sehlooho o ka Bibeleng] di tla bolelwa lefatsheng lohle hore batho ba ditjhaba tsohle ba di utlwe ebe ke hona bofelo bo tlang.”—Matheu 24:14.

Ka ha re a utlwisisa hore na molaetsa wa Bibele o bohlokwa hakae, morero wa rona esale e le ho fetolela Bibele ka tsela e fetisang hantle molaetsa o tshwanang le wa ha e ne e ngolwa le ho o fetisa ka tsela e hlakileng le e tla etsa hore motho a e bale ha bonolo. Sehlooho se reng “Dintlha Tse Latetsweng ha ho Fetolelwa Bibele,” se reng “Dintho Tseo o Tla di Fumana Bibeleng Ena” le se reng “Bibele e Fihlile Jwang ho Rona?” di bua ka tse ding tsa dintlafatso tse entsweng phetolelong ena.

Batho ba ratang Jehova Modimo le ba mo rapelang ba hloka phetolelo e hlakileng le e nepahetseng ya Lentswe la Modimo. (1 Timothea 2:4) Ka lebaka leo, re entse hore phetolelo ena e ntlafaditsweng e fumanehe ka Sesotho ka ha morero wa rona ke ho etsa hore Phetolelo ya Bibele ya Lefatshe le Letjha e fumanehe ka dipuo tse ngata ka moo ho ka kgonehang. Re rapella hore phetolelo ena ya Mangolo a Halalelang e o tswele molemo wena mmadi wa rona eo re mo ratang, ha o ntse o leka ho ‘batla Modimo.’—Diketso 17:27.

Komiti ya Phetolelo ya Bibele ya Lefatshe le Letjha

August 2013

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share