Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • nwt Ruthe 1:1-4:22
  • Ruthe

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ruthe
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Ruthe

RUTHE

1 Mehleng ya baahlodi,*+ ha eba le tlala Iseraele. Yaba monna e mong o tloha Bethlehema+ e Juda mme o fallela naheng ya Moabe,+ yena le mosadi wa hae le bara ba hae ba babedi. 2 Lebitso la monna eo e ne e le Elimeleke,* mosadi wa hae e le Naomi* mme bara ba hae e le Mahalone* le Kilione.* E ne e le Baefratha ba tswang Bethlehema e Juda. Ba fihla naheng ya Moabe yaba ba dula teng.

3 Ka mora nako, Elimeleke monna wa Naomi a shwa mme Naomi a sala le bara ba hae ba babedi. 4 Ha morao bara bao ba nyala basadi ba Bamoabe. Lebitso la e mong e ne e le Orpa, la e mong e le Ruthe.+ Ba dula moo ka dilemo tse ka bang leshome. 5 Mahalone le Kilione le bona ba shwa yaba Naomi o sala a se na monna le bana. 6 A tloha naheng ya Moabe le dingwetsi tsa hae ka ha o ne a utlwile a le Moabe hore Jehova o hlokometse setjhaba sa hae ka dijo.*

7 Naomi a tloha moo a neng a dula teng le dingwetsi tsa hae. Ha ba le tseleng ba kgutlela naheng ya Juda, 8 a re ho dingwetsi tsa hae: “Tsamayang, e mong le e mong a kgutlele ntlong ya mme wa hae. E se eka Jehova a ka le bontsha lerato*+ feela jwalo ka ha le ile la nthata mme la rata le banna ba lona ba seng ba hlokahetse. 9 E se eka Jehova a ka fa e mong le e mong wa lona molekane le lehae le sireletsehileng.”+ A ba suna yaba ba lla ha bohloko. 10 Ba nna ba re ho yena: “Tjhe, re tla ya le wena setjhabeng sa heno.” 11 Empa Naomi a re: “Kgutlang hle baradi ba ka. Ke hobaneng ha le batla ho tsamaya le nna? Na ke sa tla kgona ho ba le bara e le hore ba le nyale?+ 12 Kgutlang baradi ba ka. Tsamayang ka ha ke se ke tsofetse haholo hore nka nyalwa. Le haeba ke ne ke tshepile hore nka nyalwa bosiung bona mme ka ba le bara, 13 na le ne le tla ba emela ho fihlela ba hodile? Na le ne le tla dula le sa nyalwa hobane le ba emetse? Tjhe baradi ba ka, Jehova o ntahlile mme ha ke nahana ka boemo ba lona, ke le utlwela bohloko haholo.”+

14 Yaba ba boela ba lla ha bohloko. Ka mora moo, Orpa a suna matsale wa hae mme a tsamaya. Empa Ruthe a hana ho tsamaya. 15 Ka hoo, Naomi a re: “Orpa ngwetsimmoho le wena o kgutletse ho batho ba habo le ho medimo ya habo. Le wena kgutla.”

16 Empa Ruthe a re: “O se ke wa mphehella hore ke o siye, ke kgutle ke se ke ka tsamaya le wena ka ha ke tla ya moo o yang teng mme ke tla robala moo o robalang teng. Batho ba heno e tla ba batho ba heso mme Modimo wa hao e tla ba Modimo wa ka.+ 17 Ke tla shwela moo o shwelang teng mme ke patelwe hona teng. E se eka Jehova a ka mpha kotlo e boima haeba re ka arohanngwa ke ntho le ha e le efe ha e se lefu.”

18 Naomi a kgaotsa ho kopa Ruthe hore a kgutlele habo ha a bona hore o phehella ho tsamaya le yena. 19 Ba nna ba tsamaya ho fihlela ba fihla Bethlehema.+ Yare hang ha ba fihla moo, ha eba le moferefere motseng wohle mme basadi ba ne ba re: “Na ke Naomi eo?” 20 Empa o ne a ba araba a re: “Le se ke la mpitsa Naomi.* Le mpe le mpitse Mara* ka ha Ya Matla Ohle o ntshulafaleditse bophelo.+ 21 Ke ne ke ena le dintho tsohle ha ke eya empa Jehova o entse hore ke kgutle ke se na letho. Ke hobaneng ha le mpitsa Naomi? Etswe ke Jehova ya kgahlanong le nna, ruri Ya Matla Ohle o mpaketse tlokotsi.”+

22 Ena ke pale ya ka moo Naomi a kgutlileng Moabe+ le Ruthe ngwetsi ya hae ya Momoabe. Ba fihlile Bethlehema ha ho ne ho kotulwa harese.+

2 Ho ne ho ena le monna e mong ya neng a ruile haholo wa leloko la habo monna wa Naomi. Lebitso la hae e ne e le Boase+ mme e ne e le e mong wa lelapa la habo Elimeleke.

2 Ruthe wa Momoabe a re ho Naomi: “Ke kopa ho ya masimong ke yo thonaka harese+ e setseng ka mora mang kapa mang ya tla nkgauhela.” Ka hoo, Naomi a re ho yena: “Tsamaya moradi wa ka.” 3 A tsamaya mme a iphumana a le tshimong ya Boase,+ eo e neng e le wa lelapa la habo Elimeleke.+ Yaba o qala ho thonaka harese ka mora bakotudi tshimong. 4 Ka yona nako eo, Boase a fihla a tswa Bethlehema mme a re ho bakotudi: “Jehova a be le lona.” Yaba ba re ho yena: “Jehova a o hlohonolofatse.”

5 Ka mora moo, Boase a botsa mohlankana ya neng a okametse bakotudi a re: “Ke moradi wa mang eo?” 6 Mohlankana eo a araba a re: “Ngwanana enwa ke Momoabe+ ya kgutlileng le Naomi naheng ya Moabe.+ 7 O ile a kopa ho thonaka+ le ho bokella harese* eo bakotudi ba e siileng ha ba ntse ba kotula. Haesale a sebetsa ho tloha hoseng ho fihlela hona jwale. Ke hona a dulang fatshe hore a phomole hanyane tlasa moriti wa lephephe.”

8 Yaba Boase o re ho Ruthe: “Mamela moradi wa ka. O se ke wa tloha ho ya thonaka tshimong e nngwe mme o se ke wa ya sebakeng se seng. Empa o dule haufi le barwetsana ba ka.+ 9 O dule o shebile tshimo eo ba kotulang ho yona. Ke laetse bahlankana hore ba se ke ba o etsa letho. Ha o nyorilwe, o ye dinkgong o nwe metsi ao bahlankana ba a kgileng.”

10 A kgumama* mme a re ho yena: “Ke hobaneng ha o le mosa hakaale ho nna hape ke hobaneng ha o ntsotella le hoja ke tswa naheng e nngwe?”+ 11 Boase a re ho yena: “Ke boleletswe dintho tsohle tseo o di etseditseng matsale wa hao ka mora lefu la monna wa hao. Ka boela ka utlwa hore o ile wa siya ntate wa hao le mme wa hao le naha ya heno, wa tla bathong bao o sa ba tsebeng.+ 12 E se eka Jehova a ka o hlohonolofatsa ka sohle seo o se entseng+ mme e se eka Jehova Modimo wa Iseraele, eo o tlileng ho tla batla tshireletso tlasa mapheo a hae,+ a ka o putsa haholo.” 13 Yaba o re: “E se eka o ka nkgauhela hle morenaka. O ntshedisitse ebile o nkgothaditse* le hoja ke se e mong wa basebeletsi ba hao.”

14 Boase a re ho yena nakong ya dijo: “Atamela mona moradi wa ka o je bohobe, o bo qopetse ka hara vinika.” Ka hoo, a dula fatshe pela bakotudi. Yaba Boase o mo nelehetsa harese e hadikilweng mme a ja, a kgora a ba a sallwa ke e nngwe. 15 Ha a ema ho ya thonaka harese,+ Boase a laela bahlankana ba hae a re: “Ereng a thonake le hara e kotutsweng* mme le se ke la mo tshwenya.+ 16 Hape le etse bonnete ba hore le ntsha harese e nngwe ho eo le seng le e bokeletse, le mo siele yona e le hore a tle a e thonake. Le se ke la mo thiba.”

17 A nna a thonaka harese tshimong ho fihlela mantsiboya.+ Ha a pola seo a neng a se thonakile, ya eba harese e ka etsang dilithara tse 22.* 18 Jwale a e nka mme a kena motseng. Matsale wa hae a bona harese eo a neng a e thonakile. Ruthe a boela a mo fa dijo tseo a ileng a di siya+ hobane a kgotshe.

19 Yaba matsale wa hae o re ho yena: “O thonakile hokae kajeno? O sebeditse hokae? E se eka ya ileng a o hauhela a ka hlohonolofatswa.”+ Ka hoo, a bolella matsale wa hae ka motho eo a neng a thonakile harese tshimong ya hae a re: “Lebitso la monna eo ke thonakileng tshimong ya hae kajeno ke Boase.” 20 Yaba Naomi o re ho ngwetsi ya hae: “E se eka Jehova ya bontshang lerato* ho ba phelang le ho bafu a ka mo hlohonolofatsa.”+ Naomi a tswela pele ho re: “Monna eo o amana le rona.+ Ke e mong wa balopolli+ ba rona.” 21 Ruthe mosadi wa Momoabe a re: “O ile a boela a re ho nna: ‘Dula haufi le bakotudi ba ka ho fihlela ba qetile kotulo yohle ya ka.’”+ 22 Naomi a re ho ngwetsi ya hae Ruthe: “Moradi wa ka, ho molemo hore o tsamaye le barwetsana ba hae, ho ena le ho ya tshimong e nngwe moo batho ba tla o tshwenya.”

23 Ka hoo, a sala barwetsana ba Boase morao a ntse a thonaka harese+ le koro ho fihlela kotulo e fela. A nna a dula le matsale wa hae.+

3 Naomi e leng matsale wa hae a re ho yena: “Moradi wa ka, ke lokela ho o batlela lehae+ e le hore dintho di ka o tsamaela hantle. 2 Na Boase ha se e mong wa leloko la rona?+ Ke yena eo o neng o ena le barwetsana ba hae. Mantsiboyeng ana o olosa harese seotlong.* 3 Ka hoo, o hlape mme o itlotse ka oli e nkgang ha monate. O apare diaparo tse ntle* mme o theohele seotlong. O etse hore monna eo a se ke a o bona ho fihlela a qetile ho ja le ho nwa. 4 Ha a robala, o mo shebe hore na o robala hokae mme o ye o kwaholle maoto a hae ebe o a robala. O tla o bolella hore na o lokela ho etsang.”

5 Yaba o re ho yena: “Ke tla etsa sohle seo o reng ke se etse.” 6 A theohela seotlong mme a etsa sohle seo matsale wa hae a neng a mo laetse sona. 7 Ka nako eo, Boase a ja mme a nwa yaba o ikutlwa a thabile. A yo robala qetellong ya qubu ya harese. Ka mora moo, Ruthe a tla a thotse, a kwaholla maoto a Boase mme a robala pela ona. 8 Hara mpa ya bosiu monna eo a qala ho thothomela, yare ha a sheba maotong, a bona mosadi a robetse maotong a hae. 9 A re ho yena: “O mang?” Yaba o re: “Ke nna Ruthe, mosebeletsi wa hao. Apesa mosebeletsi wa hao seaparo sa hao ka ha o molopolli.”+ 10 Yaba o re: “E se eka Jehova a ka o hlohonolofatsa moradi wa ka. O bontshitse lerato* haholo lekgetlong lena ho feta lekgetlong la pele+ ka ho se sale bahlankana morao, ebang ke ba futsanehileng kapa ba ruileng. 11 Moradi wa ka, o se ke wa tshaba. Ke tla o etsetsa sohle seo o se bolelang+ ka ha e mong le e mong ya motseng* o a tseba hore o mosadi ya kgabane ka ho fetisisa. 12 Ke nnete hore ke molopolli+ empa ho na le molopolli ya amanang le lona ho mpheta.+ 13 Dula mona bosiung bona mme hoseng haeba o tla o lopolla, ho tla be ho lokile. A ke a etse jwalo.+ Empa haeba a sa batle, ke o tiisetsa ka Jehova Modimo ya phelang hore ke tla o lopolla. Robala mona ho fihlela hoseng.”

14 A robala maotong a hae ho fihlela hoseng. A tsoha pele ho ka kganya e le hore batho ba se ke ba mo bona. Boase a re: “Ho se ke ha tsebahala hore mosadi o ne a tlile seotlong.” 15 A boela a re: “Tlisa seaparo sa hao sa ka hodimo seo o se apereng mme o se phutholle.” Ka hoo, a se phutholla yaba Boase o tshela dibaskete tse tsheletseng* tsa harese mme o mo fa tsona. Ka mora moo, Boase a ya motseng.

16 Ruthe a tsamaya a ya ho matsale wa hae, eo jwale a ileng a re: “O tsamaile jwang* moradi wa ka?” Yaba Ruthe o mo bolella ntho e nngwe le e nngwe eo monna eo a mo etseditseng yona. 17 A boela a re: “O mphile ditekanyo tsena tse tsheletseng tsa harese mme a re ho nna, ‘O se ke wa ya ho matsale wa hao o sa nka letho.’” 18 Yaba Naomi o re: “Dula mona moradi wa ka, ho fihlela o utlwa hore na taba eo e tla fella jwang ka ha monna eo a ke ke a phomola ho fihlela a lokisitse taba ena kajeno.”

4 Boase a nyolohela keiting ya motse+ mme a dula moo. Molopolli eo Boase a neng a buile ka yena+ a feta ka tsela. Boase a re: “Nnyeo, tloo o dule mona.” A ya mme a dula fatshe. 2 Ka mora moo, Boase a nka banna ba leshome ho banna ba baholo ba motse+ a re: “Dulang mona.” Ka hoo ba dula.

3 Boase a re ho molopolli:+ “Naomi ya kgutlileng naheng ya Moabe,+ o lokela ho rekisa tshimo eo e neng e le ya ngwanabo rona Elimeleke.+ 4 Ka hoo, ke ile ka nahana hore ke lokela ho o tsebisa sena ka hore ke re ho wena: ‘Reka tshimo eo ka pela baahi le banna ba baholo ba batho ba heso.+ Haeba o tla e lopolla, etsa jwalo. Empa haeba o ke ke wa e lopolla, mpolelle e le hore nka tseba ka ha ke wena ya ka e lopollang mme nna ke a o hlahlama.’” Yaba molopolli o re: “Ke ikemiseditse ho e lopolla.”+ 5 Boase a re: “Letsatsing leo ka lona o rekang tshimo ho Naomi, o boetse o lokela ho e reka ho Ruthe mohlolohadi wa Momoabe e le hore lefa la monna ya shweleng le ka kgutlisetswa lebitsong la hae.”+ 6 Yaba molopolli o re: “Ha ke kgone ho itopollela yona hobane nka tloha ka senya lefa la ka. Itopollele yona ka tokelo ya ka ya ho lopolla ka ha ha ke kgone ho e lopolla.”

7 Ena e ne e le tlwaelo ya mehleng ya pele Iseraele malebana le tokelo ya ho lopolla le ya phapanyetsano, e le ho tiisa ntho e nngwe le e nngwe eo batho ba e rekisetsanang: Monna o ne a lokela ho rola seeta* sa hae+ mme a se fe e mong. Baiseraele ba ne ba tiisa ditumellano tsa bona ka tsela ena. 8 Ka hoo, molopolli a re ho Boase: “Ithekele yona” yaba o rola seeta* sa hae. 9 Boase a re ho banna ba baholo le batho bohle: “Kajeno le dipaki+ tsa hore ke reka dintho tsohle tseo e neng e le tsa Elimeleke le tsohle tseo e neng e le tsa Kilione le Mahalone ho Naomi. 10 Ke nka le Ruthe mosadi wa Momoabe, mosadi wa Mahalone hore e be mosadi wa ka ho kgutlisetsa lefa la monna ya shweleng lebitsong la hae+ e le hore lebitso la monna ya shweleng le se ke la fediswa hara bana babo le keiting ya motse wa habo. Kajeno le dipaki tsa sena.”+

11 Yaba batho bohle ba neng ba le keiting ya motse le banna ba baholo ba re: “Re dipaki! E se eka Jehova a ka dumella mosadi ya kenang ka tlung ya hao ho ba jwalo ka Ragele le jwalo ka Lea, bao ka bobedi ba hahileng ntlo ya Iseraele.+ E se eka o ka atleha Efratha+ le ho etsa lebitso* le letle Bethlehema.+ 12 E se eka ntlo ya hao e ka ba jwalo ka ntlo ya Pereze,+ eo Tamare a ileng a mo tswalla Juda, ka bana bao Jehova a tla o fa bona ka mosadi enwa e motjha.”+

13 Ka hoo, Boase a nka Ruthe mme ya eba mosadi wa hae. A robala le yena yaba Jehova o mo dumella hore a ime yaba o tswala mora. 14 Jwale basadi ba re ho Naomi: “Ho bokwe Jehova ya sa etsang hore o sale o se na molopolli kajeno. E se eka lebitso la hae le ka phatlalatswa Iseraele! 15 O* tsosolositse bophelo* ba hao ebile o tla o hlokomela botsofading ba hao hobane o tswetswe ke ngwetsi ya hao e o ratang+ le e molemo ho wena ho feta bara ba supileng.” 16 Naomi a nka ngwana yaba o mo beha sefubeng sa hae mme a mo hlokomela.* 17 Basadi ba baahelani ba mo reha lebitso. Ba re: “Naomi o tswaletswe mora” yaba ba mo reha Obede.+ Ke yena ntate wa Jese,+ ntate wa Davida.

18 Lena ke leloko* la Pereze:+ Pereze a tswala Hezrone,+ 19 Hezrone a tswala Rame, Rame a tswala Aminadabe,+ 20 Aminadabe+ a tswala Nashone, Nashone a tswala Salmone, 21 Salmone a tswala Boase, Boase a tswala Obede, 22 Obede a tswala Jese,+ Jese a tswala Davida.+

Kapa: “ha baahlodi ba ne ba ahlola ka toka.”

E bolelang “Modimo wa ka ke Morena.”

E bolelang “Ya Nthabisang.”

Ho ka etsahala hore ka Seheberu e bolela “ho fokola kapa ho kula.”

E bolelang “Ya Hlolehang; Ya Shwang.”

Ka Seheberu: “bohobe.”

Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

E bolelang “Ya Nthabisang.”

E bolelang “Bosula.”

Kapa mohlomong: “mangata a harese.”

A thetsitse fatshe ka hlooho.

Ka Seheberu: “o buile le pelo ya ka.”

Kapa mohlomong: “mangata a harese.”

Ka Seheberu: “efa e le nngwe.” Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Moo ho polelwang le ho olosetswa teng.

Kapa: “O apare diaparo tsa hao tsa ka hodimo.”

Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “e mong le e mong ya keiting ya batho ba heso.”

Ho ka etsahala hore e ne e le ditekanyo tse tsheletseng tsa seah kapa dilithara tse 44. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “O mang?”

Ka Seheberu: “moqathatso.”

Ka Seheberu: “moqathatso.”

Ka Seheberu: “phatlalatsa lebitso.”

Ke setloholo sa Naomi.

Kapa: “moya.”

Kapa: “ya eba mohlokomedi wa hae.”

Ka Seheberu: “ena ke meloko ya.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela