DIPROVERBIA
1 Maele a Solomone+ morena wa Iseraele,+ mora wa Davida:+
2 Maele ana a ngoletswe hore motho a ithute* bohlale+ le ho mamela kgalemelo,*
A utlwisise dipolelo tse tebileng,*
3 A amohele tayo+ e fanang ka kutlwisiso e tebileng,
E mo thusang ho ba motho ya lokileng,+ ho kgona ho ahlola ka toka+ le ho tshepahala,*
4 A fa ba se nang boiphihlelo bohlale,+
A fa mohlankana tsebo le bokgoni ba ho nahana.+
5 Motho ya bohlale o a mamela mme o tswela pele ho ithuta,+
Motho ya nang le kutlwisiso o fumana tataiso e nepahetseng.*+
8 Mora wa ka, o mamele ha ntate wa hao a o kgalemela.+
O se ke wa lahla dintho tseo mme wa hao a o rutileng tsona.*+
10 Mora wa ka, haeba baetsadibe ba leka ho o hohela, o se ke wa dumela.+
11 Haeba ba re: “A re ye.
A re ba lalleng e le hore re ba bolaye.
Re tla ipata, re lalle ba hlokang molato.
12 Re tla ba kwenya ba phela feela jwalo ka Lebitla,*
Re ba kwenye ba feletse jwalo ka ba theohelang ka sekoting.
13 A re nkeng matlotlo ohle a bona,
Re tla tlatsa matlo a rona ka thepa eo re e hapileng.
15 Mora wa ka, o se ke wa tsamaya le bona.
O se ke wa hata mehlaleng ya bona.+
17 Ha ho na thuso ho tjhehela nonyana leraba moo e ntseng e bona.
18 Ke ka hoo baetsadibe ba lallang batho ba se nang molato hore ba ba bolaye,
Ba a ipata e le hore ba ba timetse.
20 Bohlale ba nnete+ bo hweletsa seterateng.+
Bo ntse bo phahamisa lentswe dimmarakeng.+
22 “Lona ba se nang tsebo, le tla rata ho hloka tsebo ho fihlela neng?
Lona basomi, le tla thabela ho soma ho fihlela neng?
Lona ba se nang kelello, le tla hloya tsebo ho fihlela neng?+
23 Mamelang ha ke le kgalemela*+
Mme ke tla le fa bohlale,*
Ke tla le thusa ho utlwisisa mantswe a ka.+
25 La nna la iphapanyetsa dikeletso tsa ka
Mme la hana kgalemelo ya ka,
26 Le nna ke tla le tsheha ha le hlahelwa ke koduwa,
Ke tla le soma ha tlokotsi e tla,+
27 Ha tlokotsi e tla jwalo ka sefefo,
Le koduwa ya lona e fihla jwalo ka setsokotsane,
Ha le hlahelwa ke ditsietsi le mahlomola.
28 Ka nako eo ba tla nne ba mpitse empa nke ke ka araba,
Ba tla mpatla ba be ba kgathale*+
30 Ba hanne keletso ya ka,
Ba nyefotse kgalemelo yohle ya ka.
32 Hobane ba se nang boiphihlelo ba tla bolawa ke ho tswa taolong,
Ba se nang kelello ba bolawe ke ho se tsotelle.
2 Mora wa ka, haeba o amohela dipolelo tsa ka
O bile o boloka ditaelo tsa ka,+
2 Ka ho etsa hore tsebe ya hao e mamele bohlale+
Le ho etsa hore pelo ya hao e labalabele temoho,+
3 Ho feta moo, haeba o hweletsa kutlwisiso+
Mme o bitsa temoho,+
4 Haeba o ntse o di batla jwalo ka silevera,+
O bile o di batlisisa jwalo ka matlotlo a patilweng,+
5 O tla utlwisisa hore na ho tshaba Jehova ho bolelang+
Mme o tla tseba Modimo.+
10 Ha bohlale bo kena ka pelong ya hao+
Le tsebo e o kgahlisa,+
11 Bokgoni ba ho nahana bo tla o lebela+
Le temoho e tla o sireletsa,
12 Ho o pholosa tseleng e kgopo,
Ho motho ya buang dintho tse tswileng tseleng,+
13 Ho ba furallang ditsela tse lokileng
Hore ba tsamaye ditseleng tsa lefifi,+
14 Ho ba thabelang bobe,
Ba thabelang dintho tse tswileng tseleng,
15 Ba metsamao e mebe
Le bao ditsela tsohle tsa bona e leng bokgopo.
16 Bohlale bo tla o pholosa ho mosadi wa letekatse,*
Ho mosadi ya boitshwaro bo bobe* ya ekang ka dipuo,+
17 Ya nyahlatsang motswalle* wa hae wa ho tloha botjheng+
A bile a lebala ditumellano tsa hae le Modimo.
19 Ha ho le ya mong wa ba robalang le yena ya tla kgutla
Ebile ha ho le ya mong wa bona ya tla boela a fumane ditsela tsa bophelo.+
22 Ha e le ba kgopo, ba tla fediswa lefatsheng.+
Mme ba bolotsana ba tla timetswa.+
3 O se ke wa kgaotsa ho ba le lerato* le botshepehi.*+
Di tlame molaleng wa hao,
Di ngole pelong ya hao.+
7 O se ke wa ipona o le bohlale.+
Mamela* Jehova mme o balehe bobe
10 Jwale ditoro* tsa hao di tla tlala tswete! ka dijo+
Le veine ya hao e monate e tlale* hore e be e tsholohe.
12 Hobane Jehova o kgalemela bao a ba ratang+
Feela jwalo ka ha ntate a kgalemela mora eo a mo ratang.+
14 Hobane ho fumana bohlale ho molemo ho feta ho fumana silevera,
16 Ka letsohong la bona le letona, bohlale bo tshwere bophelo bo bolelele.
Ka letsohong la bona le letshehadi, bo tshwere maruo le kganya.
19 Jehova o ile a theha lefatshe ka bohlale.+
A tiisa mahodimo ka temoho.+
21 Mora wa ka, o se ke wa lebala makgabane ana.*
28 O se ke wa re ho moahisani: “Tsamaya, o kgutle hosane mme ke tla o neha”
Empa o ena le hoo o ka fanang ka hona.
4 Bara ba ka, mamelang ha ntate a le laya.+
Le mamele ka hloko e le hore le be le kutlwisiso
2 Ka ha ke tla le fa tayo e molemo.
Le se ke la lahla thuto ya ka.*+
4 Ntate o ile a ntaela a re: “E se eka mantswe a ka a ka dula a tsitsitse pelong ya hao.+
Mamela ditaelo tsa ka e le hore o phele halelele.+
5 Fumana bohlale, fumana kutlwisiso.+
O se ke wa lebala mantswe a ka kapa hona ho iphapanyetsa ona.
6 O se ke wa tlohela bohlale, bo tla o sireletsa.
Bo rate, bo tla o lebela.
7 Bohlale ke ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa.+ Ka hoo, fumana bohlale.
Ka hodima dintho tsohle tseo o di fumanang, fumana kutlwisiso.+
8 Nka bohlale bo le bohlokwa haholo mme bo tla o phahamisa.+
Bo tla o tlotla hobane o a bo amohela.+
9 Bo tla o rwesa mokgabiso o motle hloohong,
Bo o kgabise ka korone e ntle.”
12 Ha o tsamaya, mehato ya hao e ke ke ya sitiswa ke letho,
Haeba o matha, o ke ke wa kgoptjwa.
13 Amohela tayo, o se ke wa e hana.+
O dule o e hopola hobane e tla o phedisa.+
15 O se ke wa nka tsela eo, e qobe.+
Tsamaella hole le yona mme o iphetele+
16 Hobane batho ba kgopo ha ba kgone ho robala ntle le hore ba etse bobe,
Ha ba sa kgope motho, ba sitwa ho robala.
17 Ba ja bohobe ba bokgopo,
Ntwa ke veine ya bona.
18 Empa tsela ya ba lokileng e tshwana le mahlasedi a meso
Ao kganya ya ona e ntseng e eketseha ho fihlela hara mpa ya motshehare.+
19 Tsela ya ba kgopo e jwalo ka lefifi,
Ha ba tsebe hore na ba kgoptjwa ke eng.
20 Mora wa ka, o ele hloko mantswe a ka.
Mamela dipolelo tsa ka ka hloko.*
5 Mora wa ka, mamela mantswe a ka a bohlale.
O mamele ka hloko seo ke se rutang ka temoho*+
2 E le hore o lebele bokgoni ba hao ba ho nahana
O be o bue nnete ka mehla.+
3 Etswe mantswe a mosadi ya boitshwaro bo bobe* a monate jwalo ka mahe a dinotshi,+
A boreledi ho feta oli.+
5 Maoto a hae a theohela lefung.
Mehato ya hae e lebisa Lebitleng.*
6 Ha a tsotelle tsela ya bophelo.
Ditsela tsa hae di hlahlatheletse moo a sa tsebeng.
7 Jwale bara ba ka, mmameleng
Mme le se ke la iphapanyetsa seo ke se buang.
8 Tsamaellang hole le yena,
Le se ke la atamela monyako wa ntlo ya hae+
9 E le hore le se ke la itlosa seriti+
Kapa la sotleha bophelo bohle ba lona+
10 E le hore batho ba bang ba se ke ba ja matla a lona+
Kapa dintho tseo le di sebeleditseng ka thata tsa jewa lefa ke motho e mong.
11 Ho seng jwalo, le tla lla qetellong ya bophelo ba lona
Ha mmele ya lona le matla a lona a fela,+
12 Le tla re: “Ke ne ke hloile ho kgalemelwa,
Ke* hloile ho bontshwa diphoso.
13 Ke ne ke sa mamele barupedi ba ka
Ke bile ke iphapanyetsa mesuwe ya ka.
16 Ke hobaneng ha o batla hore didiba tsa hao di hasane ka ntle
Le melapo ya hao ya metsi e hasane diterateng?+
18 Sediba sa hao se ke se hlohonolofatswe,*
O thabe le mosadi wa botjha ba hao,+
19 O jwalo ka kgama e tshehadi e ratehang kapa potsanyane*+ e ntle.
Matswele a hae a o kgotsofatse* ka dinako tsohle.
E se eka lerato la hae le ka o taha ka mehla.+
23 O tla shwa hobane ha a mamela ha a kgalemelwa,
A kgelohe ka lebaka la bothoto ba hae.
6 Mora wa ka, haeba o itlamme hore o tla patalla moahisani wa hao sekoloto,+
Haeba o entse tumellano le motho,*+
2 Haeba tshepiso ya hao e fetohile leraba ho wena
Le mantswe a hao*+ a fetohile sefi,
3 Etsa tjena mora wa ka hore o itopolle
Ka ha jwale o matsohong a moahisani wa hao:
Eya o ikokobetse mme o kope moahisani wa hao hore a o lokolle tumellanong ya lona.+
4 O se ke wa robala
Kapa hona ho otsela.
5 Itopolle jwalo ka tshephe letsohong la setsomi
Jwalo ka nonyana letsohong la ya tshwasang dinonyana.
7 Le hoja bo se na molaodi, motsamaisi kapa mmusi,
8 Bo ipatlela dijo tsa bona hlabula,+
Bo bokella dijo tsa bona ha ho kotulwa.
9 Wena ya botswa, o tla robala moo ho fihlela neng?
O tla tsoha borokong neng?
10 O ntse o re: “A nke ke robale hanyenyane, nke ke re shwa! hanyenyane,
Ke phuthe matsoho hanyenyane ke iphomolele.”+
12 Motho ya se nang thuso a bile a le kgopo o tsamaya a bua mashano,+
13 O koba leihlo,+ o tapatapa ka leoto le ho supa ka menwana.
14 Pelo ya hae e tletse bobe.
Ka nako yohle o rerile bokgopo+ ebile o baka diqabang.+
16 Ho na le dintho tse tsheletseng tseo Jehova a di hloileng,
Ha e le hantle, ke dintho tse supileng tseo a di nyonyang:
17 Boikgohomoso,+ leshano,+ ho bolaya batho ba se nang molato,+
18 Ho rera bokgopo,+ ho potlakela bobeng,
19 Ho fana ka bopaki ba bohata+
Le ho qabanya bana ba motho.+
21 Di boloke pelong ya hao ka mehla,
O di fase molaleng wa hao.
22 Ha o tsamaya, di tla o tataisa,
Ha o robala, di tla o lebela.
Ha o tsoha, di tla o hlokomela.*
Kgalemelo le tayo ke tsela e isang bophelong.+
25 O se ke wa dumella pelo ya hao hore e kgahlwe ke botle ba hae+
Kapa wa mo dumella hore a o hape ka mahlo.
26 Monna o tla futsaneha*+ ka lebaka la letekatse
Empa o tla lahlehelwa ke bophelo ka lebaka la mosadi wa motho e mong.
27 Na motho a ka bokella mollo sefubeng sa hae ebe diaparo tsa hae ha di tjhe?+
28 Kapa na motho a ka tsamaya hodima mashala ebe maoto a hae ha a tlabohe?
29 Ho jwalo le ka mang kapa mang ya robalang le mosadi wa motho,*
Mang kapa mang ya thetsang mosadi eo o tla fuwa kotlo.+
30 Batho ha ba hloye leshodu
Hobane feela le utswa hore le kgore ha le lapile.
35 A ke ke a amohela matshediso a* mofuta le ha e le ofe,
Ho sa tsotellehe hore na o mo fa mpho e kgolo hakae, bohale ba hae bo ke ke ba kokobela.
4 Ere ho bohlale: “O ausi wa ka”
Mme o re ho kutlwisiso: “O mong ka nna.”
5 Di tla o lebela kgahlanong le mosadi wa letekatse,*+
Kgahlanong le mosadi ya boitshwaro bo bobe* le mantswe a hae a monate.*+
6 Ke ile ka hlahela ka fensetere ya ntlo ya ka
Yaba ke sheba tlase.
8 O ile a feta pela seterata sa mosadi eo
Yaba o nka tsela e yang ntlong ya hae.
10 Yaba ke bona mosadi a mo kgahlanyetsa,
A apere jwalo ka* letekatse,+ a ena le morero wa bolotsana.*
11 Ke sebueng ebile o manganga.+
Ha ho mohla a leng ha hae.*
13 A tshwara mohlankana mme a mo suna.
A sa swabe, a re ho yena:
14 “Ke ne ke lokela ho etsa mahlabelo a kgotso.*+
Kajeno ke phethile dikano tsa ka.
15 Ke ka hoo ke tlileng ho o kgahlanyetsa.
Ke o batlile mme ke o fumane.
17 Ke fafaditse bethe ya ka ka mira, makgala le sinamone.+
18 Tloo, re ikgotsofatse ka lerato ho fihlela hoseng,
A re tayane ka lerato.
19 Monna wa ka ha a yo lapeng,
O etetse hole.
20 O tsamaile ka mokotla wa tjhelete
Mme o tla kgutla mohla kgwedi e tolokileng.”
21 O kgelosa mohlankana eo ka ho mo phehella.+
O mo eka ka dipuo tse monate.
22 Hanghang mohlankana eo o mo sala morao jwalo ka poho e tlo hlajwa,
Jwalo ka lewatla le tlanngweng hore le tlo fuwa kotlo.+
23 Qetellong motsu o tla phunya sebete sa hae.
O tshwana le nonyana e potlakelang sefing, ha a tsebe hore o tla shwa.+
24 Jwale bara ba ka, mmameleng,
Mamelang ka hloko mantswe ao ke a buang.
25 Le se ke la dumella dipelo tsa lona ho kgelohela ditseleng tsa mosadi eo.
Le se ke la hlahlathella ditseleng tsa hae.+
8 Bohlale bo ntse bo hweletsa.
Temoho e ntse e phahamisa lentswe.+
6 Mamelang hobane ke bua ditaba tsa bohlokwa,
Ke bua dintho tse lokileng,
7 Molomo wa ka o bua nnete,
Molomo wa ka o nyonya bokgopo.
8 Dipolelo tsohle tsa molomo wa ka di lokile.
Ha ho le e nngwe ya tsona e sothehileng kapa eo e leng leshano.
9 Kaofela ha tsona di hlakile ho ya nang le kelello
Hape di lokile ho ba fumaneng tsebo.
11 Etswe bohlale bo molemo ho feta dikorale,*
Dintho tse ding tsohle tseo motho a ka di lakatsang ha se letho ha di bapiswa le bohlale.
13 Ho tshaba Jehova ho bolela ho hloya bobe.+
Ke hloile boikgohomoso, boikakaso,+ bokgopo le leshano.+
14 Ke na le keletso ya bohlokwa le bohlale.+
Ke na le kutlwisiso+ le matla.+
15 Marena a ntse a busa ka lebaka la ka
Le diofisiri tse kgolo di etsa melao e lokileng ka lebaka la ka.+
16 Ke ka nna dikgosana di ntseng di busa
Le bahlomphehi ba ahlolang ka toka.
18 Ke na le maruo le tlhompho,
Matlotlo a sa senyeheng le ho loka.
19 Ditholwana tsa ka di molemo ho feta kgauta, di molemo ho feta kgauta e hlwekisitsweng.
Dihlahiswa tsa ka di molemo ho feta silevera e ntle.+
20 Ke tsamaya tseleng ya ho loka,
Bohareng ba ditsela tsa toka.
22 Jehova o ile a mpopa ke le qalo ya mosebetsi wa hae,+
Ke le wa pele dinthong tsa kgale tseo a di fihletseng.+
23 O ile a mpeha boemong bo phahameng ho tloha kgale,+
Ho tloha qalong, dinakong tsa pele lefatshe le eba teng.+
25 Pele dithaba di thehwa,
Pele ho eba le maralla, ke ile ka hlaha,
26 Pele a etsa lefatshe le naha
Le lekote la pele la mobu wa lefatshe.
27 Ke ne ke le teng ha a etsa mahodimo;+
Ha a beha moedi pakeng tsa lehodimo le lewatle,+
28 Ha a tsitsisa maru sepakapakeng,
Ha a etsa mehlodi ya lewatle,
29 Ha a sehela lewatle meedi
E le hore metsi a lona a se ke a tlola meedi+ eo a e behileng,*
Ha a rala metheo ya lefatshe,
Letsatsi le letsatsi ke ne ke le eo a mo ratang haholo,+
Ka nako yohle ke ne ke thabile ka pela hae.+
31 Ke ne ke thabetse lefatshe la hae,
Ka ho kgetheha ke ne ke rata batho.
32 Jwale bara ba ka, mmameleng.
Ho thaba ba tsamayang ditseleng tsa ka.
34 Ho thaba motho ya mmamelang
Ka ho tla esale hoseng* menyako ya ntlo ya ka letsatsi le letsatsi,
Ka ho ema pela menyako ya ka.
4 “Mang kapa mang ya se nang tsebo a ke a fapohele mona.”
Bohlale bo re ho ya se nang kelello:*
5 “Tloo, o je bohobe ba ka,
O nwe le veine eo ke e tswakileng.
8 O se ke wa kgalemela mosomi hobane o tla o hloya.+
Kgalemela motho ya bohlale mme o tla o rata.+
9 Ruta motho ya bohlale mme o tla hlalefa le ho feta.+
Ruta motho ya lokileng mme o tla nne a eketse tsebo ya hae.
10 Mohato wa pele wa ho fumana bohlale* ke ho hlompha* Jehova.+
Ho tseba Ya Halalelang ka ho Fetisisa+ ho bolela kutlwisiso.
12 Haeba o hlalefa, bohlale ba hao bo tla tswela wena molemo
Empa haeba o le mosomi, ke wena o le mong ya tla ja ditholwana tsa ho soma.
13 Mosadi ya se nang kelello o lerata.+
Ke sethoto ebile ha a tsebe letho ho hang.
14 O dula monyako wa ntlo ya hae,
Hodima setulo sebakeng se phahameng sa motse,+
15 O hweletsa ba fetang ka tsela,
O re ho ba iphethelang mabaka a bona:
16 “Mang kapa mang ya se nang tsebo a ke a fapohele mona.”
18 Empa ba se nang kelello ha ba tsebe hore ntlo ya hae e tletse bafu,
Mora ya bohlale o thabisa ntate wa hae+
Empa mora ya se nang kelello ke mesarelo ya mme wa hae.
2 Matlotlo a fumanweng ka bokgopo e tla ba a se nang thuso
Empa ho loka ke hona ho lopollang motho lefung.+
5 Mora ya bohlale o bokella dijo nakong ya lehlabula
Empa mora ya robalang ha ho kotulwa o a itlotlolla.+
10 Motho ya kobang leihlo ka bolotsana o baka masisapelo+
Mme ya buang ka ho hloka kelello o tla timela.+
11 Molomo wa ya lokileng ke mohlodi wa bophelo+
Empa mantswe a ba kgopo a pata ntwa eo ba e kwetlileng.+
15 Maruo a morui a a mo sireletsa.*
Empa bafutsana ba bolawa ke bofutsana ba bona.+
16 Mesebetsi ya motho ya lokileng e lebisa bophelong
Empa mesebetsi ya motho ya kgopo e lebisa sebeng.+
17 Ya mamelang ha a kgalemelwa ke tsela e lebisang bophelong*
Empa ya sa mameleng ha a kgalemelwa o kgelosa ba bang.
23 Ho ya se nang kelello, ho etsa boitshwaro bo hlabisang dihlong ho jwalo ka papadi
Empa bohlale ke ba motho ya nang le kutlwisiso.+
24 Ntho eo ya kgopo a e tshohileng ke yona e tla mo hlahela
Empa dintho tseo ba lokileng ba di labalabelang di tla phethahatswa.+
32 Molomo wa ya lokileng o bua dintho tse thabisang
Empa molomo wa ya kgopo o bua leshano.
11 Jehova o nyonya sekala sa ho bekga se qhekellang
Empa o kgahliswa ke sekala se bekgang* ka tsela e nepahetseng.+
3 Botshepehi ba ba lokileng ke bona bo ba tataisang+
Empa leshano la ba bolotsana le tla ba timetsa.+
5 Diketso tse ntle tsa ya lokileng di tla otlolla tsela ya hae
Empa ya kgopo o tla wa ka lebaka la bokgopo ba hae.+
6 Ba lokileng ba tla pholoswa ke ho loka ha bona+
Empa balotsana ba tla tshwaswa ke dintho tseo ba di ratang.+
10 Dintho tse molemo tse etswang ke batho ba lokileng di tlisa thabo motseng
Empa ha ba kgopo ba timela ho ba le mohoo wa thabo.+
11 Tlhohonolofatso eo ba lokileng ba e fumanang e haha motse+
Empa mantswe a ba kgopo a senya motse.+
15 Motho ya itlamang hore o tla patala sekoloto sa e mong o ikenya mathateng+
Empa ya sa potlakeleng ho etsa ditumellano o tla qoba mathata.
19 Ya dulang a etsa dintho tse lokileng o tla fumana bophelo+
Empa ya kgothalletseng ho etsa bokgopo* o tla shwa.
22 Mosadi e motle empa a se na kelello
O jwalo ka lesale la kgauta sefeneng sa kolobe.
24 Ya fanang o qetella a ena le ho hongata le ho feta+
Empa ya timanang le ha a lokela ho fana, o qetella e le mofutsana.+
27 Ya kgothallang ho etsa se molemo o tla hauhelwa+
Empa ya phehellang ho etsa bobe, jwang kapa jwang bobe bo tla mo wela hodimo.+
28 Ya tshepang maruo a hae o tla wa+
Empa ba lokileng ba tla atleha feela jwalo ka makgasi a matala.+
29 Mang kapa mang ya tlisetsang ba ntlo ya hae dikgathatso* a ke ke a fumana letho,*+
Sethoto se tla sebeletsa ya bohlale.
31 Haeba ya lokileng o tla fumana moputso o mo loketseng lefatsheng,
Hakaakang ka ya kgopo le moetsadibe.+
3 Motho a ke ke a itshireletsa ka ho ba kgopo+
Empa ba lokileng ba tla tshwana le sefate se ke keng sa fotholwa.
4 Mosadi wa sebele ke korone ho monna wa hae+
Empa mosadi ya diketso di tlotlollang o jwalo ka lefu le bodisang masapo ho monna wa hae.+
5 Menahano ya ba lokileng e na le toka
Empa keletso ya ba kgopo e a thetsa.
6 Mantswe a ba kgopo a jwalo ka sera se laletseng ho bolaya*+
Empa mantswe a ba lokileng a a lopolla.+
9 Ho molemo ho kgellwa fatshe empa o ena le mosebeletsi
10 Ya lokileng o hlokomela diphoofolo tsa hae.+
Ya kgopo yena o nahana hore o mohau empa ha e le hantle o sehloho.
11 Ya lemang masimo a hae o tla fumana dijo tse ngata+
Empa ya phehellang dintho tse se nang thuso ha a na kelello.*
12 Ya kgopo o kgalla phofu ya ba bang ba kgopo
Empa ba lokileng ba jwalo ka difate tse metso e tebileng mme ba beha ditholwana.
17 Paki e tshepahalang e bua nnete
Empa paki ya bohata e bua leshano.
19 Melomo e buang nnete e tla mamella ka ho sa feleng+
Empa leleme le buang leshano le ke ke la tshwarella.+
21 Ba lokileng ba ke ke ba hlahelwa ke letho le kotsi+
Empa bophelo ba batho ba kgopo bo tla tlala mathata.+
26 Ya lokileng o batlana le makgulo a mo loketseng
Empa tsela ya ba kgopo e a ba lahla.
3 Ya lebelang molomo wa hae* o sireletsa bophelo ba hae*+
Empa ya buang feela a sa nahane o tla timela.+
4 Motho ya botswa o lakatsa feela empa ha a na letho.+
Ha e le ya kgothetseng yena o tla kgora.*+
5 Ya lokileng o hloile leshano+
Empa diketso tsa ba kgopo di baka mahlabisadihlong ebile di a swabisa.
7 Ho na le ya etsang eka ke morui empa a se na letho.+
Ho na le e mong ya etsang eka ke mofutsana empa a ena le maruo a mangata.
12 Ha ntho eo motho a e lebeletseng* e dieha ho phethahala, e kudisa pelo+
Empa ha seo a se lakatsang se phethahala, ke sefate sa bophelo.+
13 Mang kapa mang ya nyonyang molao* o tla kgola ditholwana tse bosula+
Empa ya hlomphang taelo o tla putswa.+
15 Motho ya nang le temoho o ratwa ke batho
Empa ba bolotsana ba phela ka thata.
18 Ya sa mameleng ha a kgalemelwa o tla futsaneha le ho tlotlolleha
Empa ya mamelang ha a kgalemelwa o tla fumana tlotla.+
19 Motho o a thaba ha ntho eo a e lakatsang e etsahala,+
Ba se nang kelello ha ba batle ho furalla bobe.+
20 Ya tsamayang le batho ba bohlale o tla hlalefa+
Empa ya sebedisanang le ba hlokang kelello dintho di tla mo tsamaela hampe.+
22 Motho ya lokileng o siela ditloholo tsa hae lefa
Empa leruo la moetsadibe le tla bolokelwa ya lokileng.+
3 Dipuo tsa boikgohomoso tsa lewatla di tshwana le molamu
Empa dipuo tsa ba bohlale di tla ba sireletsa.*
4 Moo ho se nang dikgomo sejelo se hlwekile
Empa matla a poho a etsa hore ho be le dijo tse ngata.
6 Motho ya ikgohomosang o batla bohlale empa ha a bo fumane
Empa tsebo e itlela ha bonolo ho motho ya nang le kutlwisiso.+
8 Ka lebaka la bohlale, motho ya nang le temoho o tseba moo a yang
10 Motho o tseba bohloko ba pelo ya hae
Ebile ha ho ya ka utlwisisang thabo e ka pelong ya motho.
13 Le ha motho a ntse a tsheha, e ka nna yaba pelo ya hae e bohloko.
Le thabo e ka fetoha maswabi.
14 Ya pelo e mpe o tla kotula ditholwana tsa ditsela tsa hae+
Empa motho ya lokileng o tla fumana moputso wa mesebetsi ya hae.+
15 Ya se nang tsebo* o dumela lentswe le leng le le leng
Empa ya bohlale o nahana ka mohato o mong le o mong wa hae.+
16 Ya bohlale o hlokolosi mme o furalla bobe
Empa ya se nang kelello ha a tsotelle* ebile o itshepa ho tlola.
19 Batho ba sa lokang ba tla lokela ho inamela ba lokileng,
Ba kgopo ba iname dikeiting tsa ya lokileng.
22 Ba rerang bobe ba tla lahleha
Empa ba ikemiseditseng ho etsa hantle ba tla ratwa le ho tsheptjwa.+
24 Korone ya ba bohlale ke leruo la bona
Empa bothoto ba ba se nang kelello bo tswala bothoto bo fetang.+
25 Paki ya nnete e pholosa bophelo ba batho
Empa e leshano e bua leshano feela.
26 Motho ya hlomphang* Jehova o mo tshepa ka hohle+
Ebile bana ba motho eo ba tla fumana setshabelo.+
31 Ya qhekellang mofutsana o rohaka Mmopi* wa hae+
Empa ya hauhelang ya futsanehileng o tlotlisa Mmopi.+
32 Ya kgopo o tla dihuwa ke bokgopo ba hae
Empa ya lokileng o tla sireletswa ka lebaka la botshepehi ba hae.+
33 Motho ya nang le kutlwisiso ha a ithorise* ka bohlale ba hae+
Empa ya se nang kelello o dula a ithorisa ka tsebo ya hae.
35 Morena o kgahliswa ke mohlanka ya bontshang hore o na le temoho+
Empa o halefiswa ke ya itshwarang ka mokgwa o hlabisang dihlong.+
2 Maleme a ba bohlale a sebedisa tsebo hantle+
Empa melomo ya dithoto e phasoloha dintho tse se nang kelello.
5 Ya se nang kelello ha a mamele kgalemelo ya ntate wa hae+
Empa motho ya mamelang kgalemelo o bohlale.+
6 Ho na le maruo a mangata ka tlung ya motho ya lokileng
11 Jehova o bona ba ka Lebitleng* le sekoting sa timetso,*+
Jwale a ka sitwa keng ho bona se ka dipelong tsa batho?+
13 Pelo e thabileng e etsa hore sefahleho se kganye kgotso
Empa pelo e utlwileng bohloko e diha moya.+
16 Ho molemo ho ba le ho honyenyane empa o tshaba Jehova+
Ho feta ho ba le maruo a mangata a tsamayang le matshwenyeho.*+
21 Ya se nang kelello* o thabela bowatla+
Empa motho ya nang le temoho o tsamaya tseleng e nepahetseng.+
23 Motho o a thaba ha a fana ka karabo e ntle+
Mme lentswe le buuwang ka nako e nepahetseng le molemo haholo.+
27 Ya etsang phaello ka bolotsana o tlisetsa ba ntlo ya hae mathata*+
Empa ya hloileng tjotjo o tla nne a phele.+
28 Motho ya lokileng o a nahana pele a bua*+
Empa melomo ya ba kgopo e phasoloha dintho tse fosahetseng.
32 Mang kapa mang ya hanang kgalemelo o hloile bophelo ba hae+
Empa mang kapa mang ya mamelang kgalemelo o fumana kutlwisiso.*+
2 Ditsela tsohle tsa motho di bonahala di lokile* ho yena+
Empa Jehova o hlahloba hore na sepheo sa motho ke sefe.+
4 Jehova o etsa hore ntho e nngwe le e nngwe e phethe morero wa hae,
O etsa hore le ba kgopo ba timetswe letsatsing la koduwa.+
5 E mong le e mong ya ikgohomosang* o a nyonyeha ho Jehova.+
Kgodiseha hore o tla fuwa kotlo.
6 Phoso e kwahelwa ka lerato le botshepehi.+
Hape motho o furalla bobe ka ho tshaba Jehova.+
7 Ha Jehova a kgahlwa ke diketso* tsa motho,
O etsa hore esita le dira tsa hae di dule le yena ka kgotso.+
10 Morena o lokela ho phatlalatsa diqeto tse dumellanang le thato ya Modimo,*+
A ahlole ka toka ka dinako tsohle.+
11 Dikala tsa ho bekga tse tshepahalang ke tsa Jehova,
Majwe a ho bekga a ka mokotleng a tswa ho yena.+
16 Ho fumana bohlale ho molemo ho feta ho fumana kgauta.+
Ho fumana kutlwisiso ho molemo ho feta ho fumana silevera.+
17 Ba lokileng ba qoba ditsela tse fosahetseng.
Mang kapa mang ya elang hloko ditsela tsa hae o sireletsa bophelo ba hae.+
22 Temoho ke sediba sa bophelo ho ba nang le yona
Empa dithoto di rutwa ke bothoto ba tsona.
28 Motho ya dikgathatso* o a qabanya.+
Moetselletsi o arola metswalle ya hlooho ya kgomo.+
29 Motho ya dikgoka o eka moahisani wa hae
Ebile o mo lebisa tseleng e fosahetseng.
30 O koba leihlo ha a rera bolotsana.
O etsa bobe a ntse a bososela.*
32 Ya diehang ho halefa+ o molemo ho feta monna ya matla
Mme ya laolang bohale ba hae* o molemo ho feta motho ya hapang motse.+
2 Mohlanka ya nang le temoho o tla busa mora wa monga hae ya diketso di swabisang,
O tla ja lefa jwalo ka e mong wa bara ba monga hae.
3 Silevera le kgauta di hlwekiswa ka ho qhibidihiswa mollong+
Empa Jehova ke yena ya hlahlobang dipelo.+
4 Motho ya kgopo o mamela ka hloko dipuo tse bohloko.
Molotsana o mamela dipuo tse hlabang.+
5 Motho ya somang mofutsana o rohaka Mmopi* wa hae.+
Ya thabelang koduwa ya e mong o tla fumana kotlo.+
7 Dipuo tse lokileng* ha di tshwanele motho ya se nang kelello.+
Leshano le lona ha le tshwanele morena.*+
8 Mpho e tshwana le lejwe la bohlokwa ho motho ya fanang ka yona.+
E mo atlehisa nthong e nngwe le e nngwe eo a e etsang.+
9 Mang kapa mang ya tshwarelang* phoso o batla lerato+
Empa ya dulang a bua ka phoso o arola metswalle ya hlooho ya kgomo.+
10 Motho ya nang le kutlwisiso o a mamela ha a kgalemelwa+
Empa motho ya se nang kelello ha a mamele le ha a ka otlwa halekgolo.+
12 Ho molemo hore motho a teane le bere e nketsweng madinyane
Ho feta hore a teane le sethoto se tshepileng bothoto ba sona.+
14 Ho qala ntwa ho tshwana le ho bulela letamo la metsi.*
Pele kgang e qhoma, o itsamaele.+
15 Mang kapa mang ya lokollang ya kgopo le mang kapa mang ya ahlolang ya lokileng,+
Ka bobedi ba a nyonyeha ho Jehova.
17 Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle+
Mme ke ngwaneno eo o ka mo tshepang dinakong tsa mahlomola.+
18 Motho ya se nang kelello* o etsa tumellano
Mme o itlama ka pela moahisani hore o tla patalla motho e mong sekoloto.+
19 Ya ratang dikgang o tla etsa diphoso.+
Mang kapa mang ya dulang a ithorisa o ipitsetsa tlokotsi.*+
21 Motswadi wa ngwana ya hlokang kelello o tla sarelwa,
Ntate wa ngwana ya se nang kelello ha a thabe.+
24 Motho ya nang le temoho o shebile bohlale feela
Empa ya hlokang kelello o thalatsa mahlo ho ya fihla moo lefatshe le fellang.+
26 Ha ho hotle ho fa ya lokileng kotlo.*
Ho otla bahlomphehi ha se ntho e lokileng.
27 Motho ya nang le tsebo o a ithiba ha a bua,+
Athe motho ya nang le temoho o tla dula a kgobile matshwafo.+
28 Esita le motho ya se nang kelello, ha a thola o tla nkwa a le bohlale.
Ya kwalang molomo wa hae o tla nkwa a ena le temoho.
18 Ya ikarolang ho batho ba bang o shebile feela ho kgotsofatsa ditakatso tsa hae.
O hanyetsa* bohlale bohle.
2 Motho ya se nang kelello ha a batle ho utlwisisa letho.
A ka mpa a senola se ka pelong ya hae.+
3 Ha motho a le kgopo, o tla tellwa.
Hape ha motho a etsa dintho tse swabisang, o tla tlotlolleha.+
4 Mantswe a motho a jwalo ka bodiba.+
Sediba sa bohlale se jwalo ka metsi a phallang.
7 Motho ya se nang kelello o timetswa ke dipuo tsa hae+
Mme dipolelo tsa hae ke leraba bakeng sa hae.*
8 Mantswe a ya ratang ho senya ba bang lebitso a tshwana le dijo tse monate.*+
A theohela ha monate ho ya fihla ka mpeng.+
10 Lebitso la Jehova ke tora e matla.+
Ya lokileng o balehela ho lona mme o a sireletswa.*+
11 Maruo a morui ke motse wa hae o matla.
Monahanong wa hae, a jwalo ka lerako le sireletsang.+
19 Ho kokobetsa bohale ba motswalle ya utlwisitsweng bohloko, ho thata ho feta ho hapa motse o matla.+
Dikgang di arola batho jwalo ka ditshepe tsa dikeiti tsa motse o matla.+
20 Dipuo tsa motho di tshwana le dijo tse mo kgorisang.+
O tla kgora ditholwana tsa dipuo tsa hae.
23 Mofutsana o kopa mohau ho morui
Empa morui o mo araba ka bohale.
24 Ho na le metswalle e ratang ho utlwisana bohloko+
Empa ho na le motswalle ya tshepahalang haholo ho feta ngwanabo motho.+
3 Bowatla ba motho bo mo lebisa tseleng e fosahetseng
Ebe pelo ya hae e halefela Jehova.
4 Motho ya ruileng o ba le metswalle e mengata
Empa motho ya futsanehileng o tla lahlwa le ke motswalle wa hae ya mong.+
6 Ba bangata ba batla ho ratwa ke mohlomphehi*
Mme e mong le e mong ke motswalle wa motho ya fanang ka dimpho.
7 Bana ba bo mofutsana ba mo hloile kaofela.+
Metswalle ya hae e mo furaletse le ho feta.+
O dula a ba kopa empa ha ba na taba le yena.
8 Ya batlang bohlale* o a ithata.+
Ya ratang* temoho o tla atleha.*+
10 Sethoto ha se tshwanelwe ke ho hafa ka nkatana
Feela jwalo ka ha mohlanka a sa tshwanelwe ke ho busa dikgosana.+
12 Kgalefo ya morena e tshwana le ho rora ha tau*+
Empa lerato la hae le jwalo ka phoka hodima dimela.
13 Mora ya hlokang kelello o tlisetsa ntate wa hae ditsietsi.+
Mosadi ya ratang dikgang* yena o tshwana le marulelo a dulang a nela.+
15 Motho ya botswa o rata boroko haholo.
Motho ya sa batleng ho sebetsa o tla lapa.+
19 Ha motho e le sefelapelwana o tla lefa ha boima.
Ha o ka leka ho mo lopolla, o tla dula o mo lopolla nako le nako.+
22 Ntho e kgahlehang ho motho ke lerato+
Ebile ho molemo ho futsaneha ho ena le ho ba motho ya leshano.
23 Ho tshaba Jehova ho lebisa bophelong,+
Ya mo tshabang o tla phela ka boiketlo, ha ho na letho le tla mo ntsha kotsi.+
24 Ya botswa o kentse letsoho la hae ka sekotlolong se seholo
Empa o tswafa le ho le isa ka hanong la hae.+
25 Shapa mosomi+ e le hore ya se nang tsebo a ka hlalefa,+
Kgalemela ya bohlale e le hore a eketse tsebo ya hae.+
26 Ya tshwarang ntate wa hae hampe le ya lelekang mme wa hae
Ke mora ya swabisang le ya tlotlollang.+
27 Mora wa ka, haeba o kgaotsa ho mamela ha o lauwa,
O tla kgeloha dithuto tsa tsebo.
20 Veine e tla o tshehisa ka batho,+ jwala bo morusu.+
Mang kapa mang ya kgeloswang ke tsona ha a bohlale.+
2 Tshabo eo morena a e bakang e tshwana le e bakwang ke ho rora ha tau.*+
Mang kapa mang ya mo halefisang o beha bophelo ba hae kotsing.+
3 Ke ntho e hlomphehang hore motho a qobe ho pheha kgang+
Empa lewatla le leng le le leng le rata ho pheha kgang.+
6 Batho ba bangata ba ithorisa ka hore ba lerato
Empa ke mang ya ka fumanang motho ya tshepahalang?
7 Ya lokileng o phela ka botshepehi.+
10 Dikala tsa ho bekga tse qhekellang le ditekanyo tse sa nepahalang,*
Ka bobedi ba tsona Jehova o a di nyonya.+
11 Esita le ngwana* o tsebahala ka diketso tsa hae
Hore na boitshwaro ba hae bo hlwekile ebile bo lokile.+
13 O se ke wa rata boroko, ho seng jwalo o tla futsaneha.+
Tsoha e le hore o be le dijo tse ngata.+
14 Moreki o re: “Ntho ena e mpe, e mpe!”
Ka mora moo o a tsamaya ebe jwale o a ithorisa.+
16 Nka seaparo sa motho haeba a itlamme hore o tla patala sekoloto sa motho e mong.+
Haeba a itlamme hore o tla patala sekoloto sa mosadi ya boitshwaro bo bobe,* o behe thepa ya hae paneng.+
17 Bohobe bo fumanweng ka bolotsana bo monate
Empa ka mora moo, motho o tla tlala lehlabathe ka hanong.+
18 Merero e tla atleha* ha ho buisanwa.*+
O lwane ntwa ya hao ka tataiso e bohlale.+
19 Motho ya ratang ho senya ba bang lebitso o tsamaya a ntsha makunutu.+
O se ke wa ba motswalle wa motho ya ratang ho seba.*
20 Mang kapa mang ya rohakang mme wa hae le ntate wa hae,
Lebone la hae le tla tingwa ha ho eba lefifi.+
22 O se ke wa re: “Ke tla iphetetsa.”+
Tshepa Jehova+ mme o tla o pholosa.+
24 Mehato ya motho e laolwa ke Jehova.+
Motho a ke ke a utlwisisa tsela eo a lokelang ho e nka.*
25 Ke leraba hore motho a itlame ka lepotlapotla hore o tla fa Modimo mpho+
Ebe ka mora moo, ke hona a nahanisisang ka boitlamo boo a bo entseng.+
27 Dintho tseo motho a di buang di* tshwana le lebone la Jehova,
Le ntseng le mo hlahloba ka harehare.
28 Lerato le botshepehi di sireletsa morena.+
O tshehetsa terone ya hae ka lerato.+
21 Pelo ya morena e tshwana le melapo ya metsi e ka letsohong la Jehova.+
5 Merero ya motho ya kgothetseng e a mo thusa*+
Empa e mong le e mong ya lepotlapotla o tla futsaneha.+
7 Ba kgopo ba tla timela hobane ba rata ntwa.+
Ba hana ho phetha toka.
11 Ha mosomi a fumana kotlo, ya se nang boiphihlelo o a hlalefa
Le ha motho ya bohlale a fumana temoho, o eketsa tsebo ya hae.*+
13 Mang kapa mang ya ithibang ditsebe hore a se ke a utlwa sello sa mofutsana
Le yena o tla lla mme a ke ke a mamelwa.+
14 Mpho e fanwang lekunutung e kokobetsa bohale,+
Mpho e fanwang sephiring,* e kokobetsa bohale bo tukang.
22 Motho ya bohlale a ka hlasela* motse wa banna ba matla
E le hore a senye ntho eo ba e tshepileng.+
24 Motho ya ikgohomosang le ya ratang ho ithorisa,
Ke ya ikakasang a sa tshwenyehe le ka ditlamorao.+
26 Ka lebaka la ho kgala, letsatsi lohle o dula a batla ho ekeletswa
Empa motho ya lokileng o a fana.+
27 Modimo o nyonya sehlabelo sa ya kgopo.+
Ha a fana ka sona ka sepheo se sebe, O se nyonya le ho feta.*
29 Motho ya kgopo ha a bonahale a swabile+
Empa ya lokileng ke yena eo tsela ya hae e sireletsehileng.*+
30 Ha ho bohlale, temoho kapa morero o ka hanyetsang Jehova.+
22 Kgetha botumo bo botle* ho ena le maruo a mangata.+
Ho hlomphuwa ho molemo ho feta silevera le kgauta.
2 Morui le mofutsana ba tshwana ka ntho ena:*
Jehova o ba bopile ba le babedi.+
3 Ya bohlale o bona kotsi ebe o a ipata
Empa ba se nang kelello* ha ba ipate ebe ba fumana ditholwana tse bosula.*
5 Meutlwa le difi di tseleng ya motho ya sa tshepahaleng
Empa ya ratang bophelo ba hae o emella hole le tsona.+
6 Ruta ngwana* tsela eo a lokelang ho e nka.+
Esita le ha a tsofala a ke ke a e fapoha.+
10 Leleka mosomi
Qabang e fele.
Dikgang* le ditlhapa le tsona di tla kgaotsa.
14 Melomo ya basadi ba dihlola* e jwalo ka sekoti se tebileng.+
Ya ahlotsweng ke Jehova o tla wela ka ho sona.
15 Bowatla bo tlameletswe pelong ya ngwana*+
Empa thupa e mo kgalemelang e tla bo suthisetsa hole le yena.+
16 Ya etsetsang bafutsana bolotsana hore a ikekeletse maruo+
Le ya fang barui dimpho,
Qetellong o tla futsaneha.
18 Ke ntho e monate ho a boloka ka pelong ya hao+
E le hore kaofela ha ona a ka ba molomong+ wa hao ka dinako tsohle.
19 Ke o fa tsebo kajeno
E le hore tshepo ya hao e be ho Jehova.
20 Ke o ngolletse
E le hore ke o fe dikeletso le tsebo,
21 Ho o ruta mantswe a nnete le a tshepahalang
E le hore o kgutle le tlaleho e nepahetseng ho ya o rommeng.
22 O se ke wa utswetsa bafutsana hobane ba futsanehile+
Mme o se ke wa hatella ba hlokang ha o ena le nyewe le bona.*+
24 O se ke wa dula le sefelapelwana
Kapa wa tlwaelana le motho ya halefang le feela,
26 O se ke wa ba hara ba tshwaranang ka matsoho ho etsa tumellano,
Ba itlamelang ho patala dikoloto tsa batho ba bang.+
27 Haeba o se na letho leo o ka lefang ka lona,
Ba tla nka bethe ya hao o ntse o robetse ho yona.
29 Na o ye o bone motho ya tsebang mosebetsi wa hae?
O tla ema ka pela marena,+
A ke ke a ema ka pela batho feela.
23 Ha o dula fatshe o ja le morena,
O be hlokolosi ha o ja tse ka pela hao.
3 O se ke wa kgalla dijo tsa hae tse hlabosang
E le hore o se ke wa thetswa ka tsona.
4 O se ke wa sebetsa ka thata hore o fumane maruo.+
Kgaotsa ho etsa jwalo mme o bontshe hore o na le kutlwisiso.*
6 O se ke wa ja dijo tsa motho ya timanang,
O se ke wa kgalla dijo tsa hae tse hlabosang.
7 Ekare o ntse a bala hore na o ja hakae.
O re ho wena: “Ja mme o nwe” empa ka pelong ha a tjho jwalo.*
8 O tla hlatsa dijo tseo o di jeleng
Mme pabatso ya hao e tla be e se na thuso.
12 Mamela kgalemelo ka pelo ya hao yohle,
O mamele dipolelo tsa tsebo.
21 Letahwa le motho ya jang ho feta tekano ba tla futsaneha,+
Ho otsela ha bona ho tla ba apesa marantha.
22 Mamela ntate wa hao ya o tswalang.
O se ke wa tella mme wa hao hobane feela a tsofetse.+
23 Reka* nnete mme o se ke wa e rekisa le ka mohla.+
Reka le bohlale, tayo le kutlwisiso.+
24 Ruri ntate wa motho ya lokileng o tla thaba,
Mang kapa mang eo e leng motswadi wa mora ya bohlale o tla thabiswa ke yena.
25 Ntate wa hao le mme wa hao ba tla thaba,
Mme wa hao ya o tswetseng o tla nyakalla.
29 Ke mang ya nang le bomadimabe? Ke mang ya sulafaletsweng?
Ke mang ya dikgang? Ke mang ya dikomang?
Ke mang ya nang le maqeba ntle ho lebaka? Ke mang ya mahlo a lerootho?
31 O se ke wa sheba mmala o mofubedu wa veine
Ha e shebahala e le monate ka koping, e lelemela ha monate
32 Hobane qetellong e loma jwalo ka noha,
E ntsha tjhefo jwalo ka marabe.
33 Mahlo a hao a tla bona dintho tse sa tlwaelehang,
Pelo ya hao yona e tla bua dintho tse tswileng tseleng.+
34 O tla ba jwalo ka motho ya robetseng bohareng ba lewatle,
O be jwalo ka motho ya robetseng hodimo palong e tshehetsang seile ya sekepe.
35 O tla re: “Ba ntjhapile empa ha ke a utlwa bohloko.*
2 Dipelo tsa bona di thuisa ka ntwa
Le melomo ya bona e bua ka diketso tse kgopo.
Ya o shebileng ka hloko o tla tseba,
O tla buseletsa motho e mong le e mong ho ya ka mesebetsi ya hae.+
13 Mora wa ka, o je mahe a dinotshi hobane a monate.
Mahe a dinotshi a tswang kgekgeng a monate ho motho ya a latswang.
14 Ka tsela e tshwanang, tseba hore bohlale bo molemo bakeng sa hao.+
Haeba o bo fumana, o tla ba le bokamoso.
Tshepo ya hao e ke ke ya fela.+
15 O se ke wa lalla ntlo ya motho ya lokileng jwalo ka ha motho ya kgopo a etsa.
O se ke wa senya sebaka seo a dulang ho sona
16 Hobane le ha ya lokileng a ka wa ka makgetlo a supileng, o tla ema+
Empa ba kgopo ba tla hlahelwa ke tlokotsi mme ba kgoptjwe.+
18 Haeba o etsa jwalo, Jehova o tla bona mme a ke ke a thaba.
O tla kgaotsa ho halefela sera sa hao.+
19 O se ke wa halefiswa ke* batho ba kgopo.
O se ke wa ba kgalla
22 A tla hlahelwa ke koduwa ka tshohanyetso.+
Ke mang ya tsebang tlokotsi eo ba* tla e tlisetsa marabele ao?+
23 Dipolelo tsena ke tsa ba bohlale:
Ha se ntho e ntle ho ahlola ka leeme.+
26 Batho ba tla suna motho ya buang nnete ha a araba.*+
27 Lokisa mosebetsi wa hao wa ka ntle mme o hlophe dintho kaofela tshimong.
Ebe o haha lelapa la hao.*
28 O se ke wa ba paki kgahlanong le moahisani wa hao ntle ho mabaka.+
O se ke wa qhekella batho ba bang ka dipuo tsa hao.*+
29 O se ke wa re: “Ke tla mo etsa feela jwalo ka ha a nkentse.
Ke tla mo etsa ntho eo a nkentseng yona.”*+
30 Ke ile ka feta haufi le tshimo ya motho ya botswa,+
Haufi le serapa sa morara sa motho ya hlokang kelello.*
31 Ka bona e tletse ditlamatlama.
Jarete e ne e tletse bobatsi,
Lerako la yona la majwe le wele.+
33 Ha o ka robala hanyenyane, wa re shwa! hanyenyane,
Wa phutha matsoho hanyenyane hore o phomole,
34 Bofutsana bo tla o fihlela jwalo ka leshodu
Le bohloki bo o tlele jwalo ka monna ya hlometseng.+
25 Ana le ona ke maele a Solomone+ ao bahlanka ba Ezekiase+ morena wa Juda ba ileng ba a kopitsa:*
2 Modimo o tlotliswa ke ha taba e bolokwa e le sephiri,+
Marena ona a a tlotliswa ha a batlisisa taba.
3 Feela jwalo ka ha mahodimo a phahame le lefatshe le tebile,
Dipelo tsa marena le tsona di ke ke tsa utlwisiswa.
7 Ho molemo hore yena a re ho wena: “Nyolohela mona,”
Ho feta hore a o tlotlolle ka pela bahlomphehi.+
9 Lokisa ditaba le moahisani wa hao.+
O se ke wa ntsha makunutu a hae*+
10 Hobane ya o mametseng o tla o tlotlolla
Mme dintho tse mpe tseo o di buileng,* o ke ke wa di kgutlisa.
11 Lentswe le builweng ka nako e nepahetseng
Le jwalo ka diapole tsa kgauta ka dijaneng tsa silevera.+
12 Motho ya kgalemelang ka bohlale
O tshwana le lesale la kgauta le mokgabiso wa kgauta e hlwekileng ho motho ya mamelang.*+
13 Moromuwa ya tshepahalang
O jwalo ka serame sa lehlwa* letsatsing la kotulo
Ka ha o hlasimolla monga hae.+
14 Motho ya ithorisang ka hore o tlo fana ka mpho empa a sa etse jwalo,*+
O tshwana le maru le moya tse sa tliseng pula.
16 Ha o fumana mahe a dinotshi, ja a o lekaneng feela,
Ha o ja a mangata haholo, o ka nna wa a hlatsa.+
17 O se ke wa tjhakela moahisani wa hao hangata
E le hore o se ke wa mo tena yaba o a o hloya.
18 Motho ya fanang ka bopaki ba bohata kgahlanong le moahisani wa hae+
O jwalo ka molamu wa ntwa, sabole le motsu o leoditsweng.
19 Ho tshepa motho ya sa tshepahaleng* dinakong tsa mahlomola
Ho tshwana le ho hlafuna ka leino le pshatlehileng le ho tsamaya ka leoto le holofetseng.
20 Motho ya binelang pelo e hlomohileng dipina+
O tshwana le motho ya hlobolang seaparo ha ho bata
Le vinika ha e tshelwa hodima soda.*
21 Haeba motho ya o hloileng a lapile, o mo fe bohobe hore a je,
Haeba a nyorilwe, o mo fe metsi hore a nwe.+
25 Tlaleho e monate e tswang naheng e hole+
E tshwana le metsi a phodileng ha a nowa ke motho ya* kgathetseng.
27 Ha se ntho e ntle hore motho a je mahe a dinotshi a mangata haholo.+
Hape ha ho hotle hore motho a ipatlele thoriso.+
26 Jwalo ka ha ho sa lebellwa hore lehlwa le kgethehe hlabula, le hore pula e ne nakong ya kotulo,
Motho ya se nang kelello+ ha a tshwanelwe ke tlhompho.
2 Feela jwalo ka ha nonyana e ena le lebaka la ho baleha le lefokotsane le ena le lebaka la ho fofa,
Motho ha a bitsetswe bomadimabe ntle ho lebaka.*
3 Sephadi se shapa pere, tonki e hulwa ka tomo,+
Thupa yona e shapa mekokotlo ya batho ba se nang kelello.+
4 O se ke wa araba motho ya se nang kelello ho ya ka bothoto ba hae
E le hore o se ke wa tshwana le yena.
5 Empa ha o araba motho ya se nang kelello, totobatsa bothoto ba hae
E le hore a se ke a nahana hore o bohlale.+
6 Ya siyang ditaba matsohong a motho ya se nang kelello
O tshwana le motho ya pomang maoto a hae mme a itematsa.
9 Maele melomong ya batho ba se nang kelello
A tshwana le setlamatlama se meutlwa letsohong la letahwa.
10 Ya hirang motho ya se nang kelello kapa batho ba fetang ka tsela
O tshwana le motho ya sebedisang seqha, ya hlabang feela.*
11 Jwalo ka ha ntja e kgutlela mahlatseng a yona,
Ya se nang kelello le yena o pheta bowatla ba hae.+
12 Na o kile wa bona motho ya nahanang hore o bohlale?+
Motho ya se nang kelello a ka fetoha ho ena le yena.
14 Jwalo ka ha lemati le ya pele le morao ha le ntse le buleha le kwaleha,
Ya botswa o ntse a fetoha hodima bethe ya hae.+
16 Ya botswa o nahana hore o bohlale
Ho feta batho ba supileng ba fanang ka karabo e nang le kelello.
17 Mofetakatsela ya halefiswang ke* qabang eo e seng ya hae+
O tshwana le motho ya tshwarang ntja ka ditsebe.
18 Jwalo ka lehlanya le bolayang, le fereletsang metsu e tukang le ditsenene,
19 Motho ya qhekellang* moahisani wa hae ebe o re: “Ke ne ke swaswa,”+ o jwalo.
21 Jwalo ka ha mashala a etsa hore mollo o hlene le patsi e hotetsa mollo,
Motho ya ratang dikgang le yena o fehla diqabang.+
22 Mantswe a ya ratang ho senya ba bang lebitso a tshwana le dijo tse monate.*
A theohela ha monate ho ya fihla ka mpeng.+
23 Mantswe a monate a tswang ho motho ya pelo e mpe+
A jwalo ka leqhetso la sejana se pshatlehileng sa letsopa se tlotsitsweng ka silevera.
24 Motho ya lehloyo o ikgakanya ka dipuo
Empa ka pelong o patile bolotsana.
25 O se ke wa mo tshepa le ha a ka bua ka bonolo
Hobane ho na le dintho tse supileng tse nyonyehang ka pelong ya hae.*
26 Le hoja a bua leshano ho pata lehloyo la hae,
Bokgopo ba hae bo tla hlahella ho batho.
27 Ya tjhekang sekoti o tla wela ka hara sona
Mme ya thetang lejwe le tla kgutlela ho yena le mo pidinye.+
28 Motho ya leshano o hloile bao a ba utlwisitseng bohloko*
Le motho ya rorisang ho tlola o baka tshenyo.+
5 Ho molemo ho kgalemela motho o sa ipate ho feta ho mo rata empa o sa mmontshe.+
7 Motho ya kgotsheng ha a batle ho ja* mahe a dinotshi
Empa ho motho ya lapileng esita le ntho e babang e monate.
8 Motho ya balehang ha hae,
O tshwana le nonyana e balehang sehlaheng sa yona.
10 O se ke wa furalla motswalle wa hao kapa motswalle wa ntate wa hao.
Hape ha o hlahelwa ke koduwa, o se ke wa ya ha ngwaneno.
Moahisani ya haufi o molemo ho feta ngwaneno ya hole.+
12 Ya bohlale o bona kotsi ebe o a ipata+
Empa ba se nang kelello* ha ba ipate ebe ba fumana ditholwana tse bosula.*
13 Nka seaparo sa motho haeba a itlamme hore o tla patala sekoloto sa motho e mong.
Haeba a itlamme hore o tla patala sekoloto sa mosadi ya boitshwaro bo bobe,* o behe thepa ya hae paneng.+
14 Ha motho a hlohonolofatsa wa habo ka lentswe le phahameng hoseng haholo,
Wa habo o tla ho nka e le bomadimabe.
15 Mosadi ya ratang dikgang* o tshwana le marulelo a dulang a nela ha pula e na.+
16 Mang kapa mang ya ka kgonang ho laola mosadi ya jwalo a ka laola moya,
A ka ba a fupara oli ka letsoho la hae le letona.
17 Tshepe e leotswa ka tshepe.
Ka ho tshwanang motho o leotsa motswalle wa hae.*+
18 Ya hlokomelang sefate sa feie* o tla ja ditholwana tsa sona,+
Le ya hlokomelang monga hae o tla hlomphuwa.+
19 Jwalo ka ha motho a bona sefahleho sa hae ka metsing,
Ka ho tshwanang, pelo ya motho e mong ke seipone sa hae.
21 Jwalo ka ha silevera le kgauta di hlwekiswa ka ho qhibidihiswa mollong,+
Thoriso eo motho a e fuwang e a mo senola.
23 O tshwanela ho tseba hantle hore na mohlape wa hao o shebahala jwang.
Hlokomela mohlape wa hao.+
25 Jwang bo botala bo a nyamela mme ho hlaha bo botjha,
Dimela tsa dithaba di a bokellwa.
26 O tla iketsetsa diaparo ka boya ba diramo tse nyenyane
Mme o reke tshimo ka diphooko.
27 Ho tla ba le lebese la dipodi le lekaneng bakeng sa hao,
Bakeng sa ho fepa lelapa la hao le basebetsi ba hao.
2 Ha baahi ba naha ba tlola melao,* naha e tla ba le mmusi ka mora mmusi+
Empa ka thuso ya motho ya nang le kutlwisiso le tsebo, mmusi o tla tshwarella.+
5 Batho ba kgopo ba ke ke ba utlwisisa toka
Empa ba batlang Jehova ba ka utlwisisa ntho e nngwe le e nngwe.+
10 Ya kgelosetsang ba lokileng tseleng e kgopo o tla wela ka sekoting sa hae+
Empa ba lokileng ba tla putswa ka se molemo.+
12 Ha ba lokileng ba hlola, ho ba le thabo e kgolo*
Empa ha batho ba kgopo ba fumana matla, batho ba a ipata.+
13 Motho ya patang diphoso tsa hae a ke ke a atleha+
Empa ya di bolelang mme a di bakela o tla hauhelwa.+
16 Moetapele ya hlokang temoho o sebedisa matla a hae hampe+
Empa ya hloileng phaello ya bolotsana o tla lelefatsa bophelo ba hae.+
17 Motho ya molato wa polao e tla ba mophaphathehi ho isa lefung.*+
Ho se ke ha eba le motho ya mo tshehetsang.
19 Motho ya lemang mobu wa hae o tla ba le dijo tse ngata
Empa ya sebeletsang dintho tse se nang thuso o tla futsaneha.+
20 Motho ya tshepahalang o tla hlohonolofala haholo+
Empa ya potlakelang ho rua o tla dula a le molato.+
24 Mang kapa mang ya utswetsang ntate wa hae le mme wa hae ebe o re: “Ha se phoso,”+
Ke motswalle wa mashodu.+
27 Mang kapa mang ya fang bafutsana a ke ke a hloka+
Empa ya iphapanyetsang bohloki ba bona o tla ba le bomadimabe bo bongata.
29 Motho ya satalatsang molala* ka mora ho kgalemelwa ka makgetlo+
O tla tswa kotsi mme a ke ke a fola.+
2 Ha batho ba lokileng ba le bangata, setjhaba se a thaba
Empa ha ho busa motho ya kgopo, setjhaba se a lla.+
3 Motho ya ratang ho ba bohlale o thabisa ntate wa hae+
Empa ya iketsang motswalle wa matekatse o senya maruo.+
9 Ha motho ya bohlale a entse kgang le lewatla,
Ba tla qwaketsana, ba somane empa ba ke ke ba kgotsofala.+
10 Batho ba ratang ho bolaya ba hloile mang kapa mang ya se nang molato,+
Ba batla ho bolaya batho ba lokileng.*
13 Mofutsana le mohatelli ba tshwana ka ntho ena:*
Jehova o ba fa bophelo* ba le babedi.
20 Na o kile wa bona motho ya potlakelang ho bua?+
Ho na le tshepo ya hore motho ya se nang kelello a ka fetoha ho feta hore yena a fetohe.+
21 Haeba mohlanka a tefiswa ho tloha a sa le motjha,
Ha morao e tla ba motho ya se nang teboho.
22 Motho ya bohale o baka diqabang.+
Mang kapa mang ya ratang ho halefa o etsa diphoso tse ngata.+
24 Motswalle wa leshodu o itlhoile.
A ka nna a laelwa hore a fane ka bopaki empa ha a tlalehe letho.+
27 Batho ba lokileng ba nyonya motho ya se nang toka+
Empa motho ya kgopo o nyonya batho ba etsang dintho tse lokileng.+
30 Molaetsa o boima o hlahang mantsweng a Agure mora wa Jake, oo a ileng a o bolella Ithiele le Ukale:
2 Hara batho bohle, ke nna ya se nang tsebo+
Ebile ha ke na kutlwisiso eo motho a lokelang ho ba le yona.
3 Ha ke a ithuta bohlale
Hape ha ke na tsebo eo Ya Halalelang ka ho Fetisisa a nang le yona.
4 Ke mang ya nyolohetseng lehodimong yaba o a theoha?+
Ke mang ya bokeletseng moya ka diatleng tse pedi?
Ke mang ya phuthetseng metsi ka seaparong sa hae?+
Ke mang ya behileng* meedi ya hore na lefatshe le felle hokae?+
Lebitso la hae ke mang, la mora wa hae ke mang haeba le a tseba?
5 Polelo e nngwe le e nngwe ya Modimo e hlwekile.+
Modimo ke thebe ho ba tshabelang ho yena.+
6 O se ke wa eketsa letho mantsweng a hae,+
Ho seng jwalo o tla o kgalemela
Ebe o fumanwa o le leshano.
7 Ke kopa dintho tse pedi ho wena.
Ke ikopela tsona feela ha ke sa ntse ke phela.
8 O nthuse hore ke qobe bolotsana le leshano.+
O se ke wa etsa hore ke futsanehe kapa ke rue.
Ntumelle feela hore ke je dijo tseo ke di hlokang+
9 E le hore ke se ke ka kgora yaba ke a o latola mme ke re: “Jehova ke mang?”+
Kapa ka futsaneha yaba ke a utswa mme ke senya Modimo wa ka lebitso.
10 O se ke wa etselletsa mohlanka ho monga hae,
Ho seng jwalo a ka nna a o rohaka yaba o fumanwa o le molato.+
14 Ho na le moloko oo meno a wona e leng disabole,
Oo mehlahare ya wona e leng dithipa tse selakgang.
O ja bafutsana ba teng lefatsheng
Le bafutsana ba hara ditjhaba.+
15 Dikwidi di na le baradi ba babedi ba hweletsang ba re: “Tlisa! Tlisa!”
Ho na le dintho tse tharo tse sa kgotsofaleng,
Dintho tse nne tseo ho seng mohla di reng: “Ho lekane.”
16 Lebitla*+ le popelo e sa imeng,
Naha e se nang metsi
Le mollo oo ho seng mohla o reng: “Ho lekane.”
17 Makgwaba a dikgohlo* a tla honya leihlo
La motho ya somang ntate wa hae le ya sa mameleng mme wa hae+
Mme madinyane a ntsu a tla ja leihlo la hae.+
19 Ntsu e fofang mahodimong,
Noha e hahabang hodima lefika,
Sekepe se tsamayang bohareng ba lewatle
Le boitshwaro ba monna ha a ena le morwetsana.
20 Mosadi ya febang o etsa tjena:
O a ja, a itlhakole melomo
Ebe o re: “Ha ke a etsa phoso.”+
21 Ho na le dintho tse tharo tse tsukutlang lefatshe
Le tse nne tseo le ke keng la di mamella:
23 Ha mosadi ya hloilweng* a nyalwa,
Le ha mosebeletsi wa morwetsana a nka sebaka sa monga hae wa mosadi.+
29 Ho na le tse tharo tse kgahlehang ha di tsamaya,
Tse nne tse bohehang ha di tsamaya:
30 Tau e matla ka ho fetisisa hara diphoofolo.
Ha e tjhetjhe ka pela mang kapa mang,+
32 Haeba ka ho hloka kelello o ile wa iphahamisa+
Kapa o rerile ho iphahamisa,
Beha letsoho molomong.+
33 Jwalo ka ha lebese le hlahisa botoro ha le fehlwa
Le nko e tswa madi ha e sothwa,
Ka tsela e tshwanang, ho fehla bohale ho hlahisa diqabang.+
31 Mantswe a Morena Lemuele, molaetsa o boima oo mme wa hae a ileng a mo bolella wona ho mo laya:+
2 Ke reng ho wena mora wa ka?
Ke reng, mora wa ka eo ke mo tswetseng?
Nka reng wena mora wa ka eo ke entseng boitlamo ka yena?+
4 Ha ho a lokela marena, wena Lemuele,
Ha ho a lokela hore marena a nwe veine
Kapa hore babusi ba re: “Jwala ba ka bo kae?”+
5 Ba se ke ba nwa mme ba lebala molao
Yaba ba hanela bafutsana ka ditokelo tsa bona.
7 Ba ke ba nwe mme ba lebale bofutsana ba bona,
Ba se ke ba hlola ba hopola mathata a bona.
9 Bua mme o ahlole ka ho loka.
Sireletsa ditokelo tsa bafutsana le bahloki.+
א [Aleph]
10 Ke mang ya ka fumanang mosadi wa sebele?*+
Mosadi eo o bohlokwa haholo ho feta dikorale.*
ב [Beth]
11 Monna wa hae o mo tshepa ka pelo yohle
Mme monna wa hae ha a hloke letho.
ג [Gimel]
12 Ka matsatsi ohle a bophelo ba hae,
O putsa monna wa hae ka dintho tse molemo, eseng tse mpe,
ד [Daleth]
ה [He]
ו [Waw]
15 O boetse o tsoha esale ka matjeke,
O fa ba ntlo ya hae dijo
ז [Zayin]
ח [Heth]
ט [Teth]
18 O a bona hore kgwebo ya hae e ntle.
Lebone la hae ha le time bosiu.
י [Yod]
כ [Kaph]
ל [Lamed]
21 Ha a tshwenyehe ka ba ntlo ya hae mariha.
Ba ntlo ya hae kaofela ba apere diaparo tse mofuthu.*
מ [Mem]
22 O iketsetsa masela a kwahelang bethe.
Diaparo tsa hae ke tsa line le boya bo pherese.
נ [Nun]
ס [Samekh]
ע [Ayin]
פ [Pe]
26 Ha a phahamisa molomo o bua dintho tse bohlale.+
Molao wa mosa o laola leleme la hae.*
צ [Tsade]
ק [Qoph]
28 Bana ba hae ba a ema, ba phatlalatsa hore o thabile.
Monna wa hae o a ema mme o a mo rorisa.
ר [Resh]
ש [Shin]
ת [Taw]
31 Mo feng moputso bakeng sa dintho tseo a di etsang.*+
Le mesebetsi ya hae e ke e mo rorise dikeiting tsa motse.+
Ka Seheberu: “a tsebe.”
Kapa: “tayo.”
Kapa: “tsa bohlale.”
Kapa: “ho etsa se nepahetseng.”
Kapa: “e bohlale.”
Kapa: “polelo e thata.”
Ka Seheberu: “Motheo wa tsebo.”
Ka Seheberu: “ho tshaba.”
Ka Bibeleng, lentswe “dithoto” le bolela motho ya sa hlompheng melao ya Jehova ka boomo.
Kapa: “wa lahla molao wa mme wa hao.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “Re tla arolelana mokotla o le mong.”
Kapa: “Kgutlang ha ke le kgalemela.”
Ka Seheberu: “moya wa ka.”
Kapa: “empa ba ke ke ba mphumana.”
Ka Seheberu: “ho tshaba.”
Ka Seheberu: “ba tla ja ditholwana tsa ditsela tsa bona.”
Kapa: “dikeletso tsa.”
Ka Seheberu: “ba tsamayang ka botshepehi.”
Ka Seheberu: “osele.” Ho bonahala e le ya sa lateleng melao ya Modimo.
Ka Seheberu: “moditjhaba.” Ho bonahala e le ya sa lateleng melao ya Modimo.
Kapa: “monna.”
Kapa: “ba sa tshwauweng phoso.”
Kapa: “molao wa ka.”
Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “nnete.”
Ka Seheberu: “Tshaba.”
Ka Seheberu: “Le ho kgatholla masapo a hao.”
Kapa: “ditholwana tsa pele.”
Kapa: “moputso wa hao.”
Kapa: “matlo a polokelo.”
Kapa: “e tlale dibate tsa hao; e tlale dihatelo tsa hao tsa veine.”
Kapa: “Ho ba le bona e le phaello.”
Sheba Tlhaloso.
Ho bonahala makgabane ana e le a Jehova a hlahang ditemaneng tse ka hodimo ho ena.
Kapa: “kgoptjwa ke letho.”
Kapa: “Thohako ya Jehova e hodima ntlo ya ya kgopo.”
Kapa: “molao wa ka.”
Ka Seheberu: “O sekehele dipolelo tsa ka tsebe.”
Kapa mohlomong: “Nahanisisa ka ditsela tsa hao.”
Ka Seheberu: “Temoho ya ka o e sekehele tsebe.”
Ka Seheberu: “moditjhaba.” Sheba Diprov. 2:16.
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “Pelo ya ka e.”
Ka Seheberu: “hara phutheho.”
Kapa: “a monate.”
Kapa: “Mohlodi wa hao wa metsi o ke o hlohonolofatswe.”
Ka Seheberu: “Podi ya thaba.”
Kapa: “a o tahe.”
Ka Seheberu: “osele.” Sheba Diprov. 2:16.
Ka Seheberu: “moditjhaba.” Sheba Diprov. 2:16.
Ka Seheberu: “osele.”
Ka Seheberu: “mantswe a molomo wa hao.”
Kapa: “molao.”
Kapa: “di tla o laya.”
Ka Seheberu: “moditjhaba.” Sheba Diprov. 2:16.
Ka Seheberu: “o tla sallwa ke polokwe ya bohobe.”
Ka Seheberu: “moahisani.”
Ka Seheberu: “o na le pelo e haellwang.”
Kapa: “puseletso ya.”
Ka Seheberu: “osele.” Sheba Diprov. 2:16.
Ka Seheberu: “moditjhaba.” Sheba Diprov. 2:16.
Kapa: “a ekang.”
Kapa: “boiphihlelo.”
Ka Seheberu: “eo pelo ya hae e haellwang.”
Kapa: “Ya apereng seaparo sa.”
Kapa: “a le pelo e mano.”
Ka Seheberu: “Maoto a hae ha a dule ka tlung ya hae.”
Kapa: “a kopanetsweng.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “bara ba batho.”
Kapa: “pelo e utlwisisang.”
Sheba Tlhaloso.
Kapa: “matlo a bona a polokelo.”
Kapa: “hlaha jwalo ka ha eka ke ka bohloko ba pelehi.”
Kapa: “taelo ya hae.”
Kapa: “Ka ho dula a fadimehile.”
Kapa: “betlile.”
Basebetsi ba basadi.
Ka Seheberu: “eo pelo ya hae e haellwang.”
Kapa: “ba se nang tsebo.”
Ka Seheberu: “Motheo wa bohlale.”
Ka Seheberu: “tshaba.”
Ka Seheberu: “bao dipelo tsa bona di haellwang.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “Ya pelo e bohlale.”
Ka Seheberu: “ditaelo.”
Ka Seheberu: “molomong wa.”
Ka Seheberu: “eo pelo ea hae e haellwang.”
Kapa: “boloka.”
Ka Seheberu: “molomo wa lewatla o.”
Kapa: “ke motse wa hae o matla.”
Kapa mohlomong: “o tseleng e lebisang bophelong.”
Kapa: “ya sebang ba bang.”
Kapa: “Ha motho a bua mantswe a mangata.”
Ka Seheberu: “molomo wa.”
Kapa: “fepa.”
Kapa: “mathata; masisapelo.”
Kapa: “romang.”
Kapa: “tshaba.”
Kapa: “Tebello.”
Kapa: “beha ditholwana tsa.”
Kapa: “majwe a bekgang.”
Kapa: “Dintho tsa bohlokwa.”
Kapa: “Motho ya sa hlompheng Modimo.”
Kapa: “ka molomo wa hae.”
Ka Seheberu: “Eo pelo ya hae e haellwang.”
Kapa: “o na le sefuba.”
Kapa: “ke motho ya bohlale.”
Kapa: “bolokeha.”
Kapa: “motle.”
Kapa: “oa itlotlolla.”
Kapa: “ya lelekisang bobe.”
Kapa: “ba sa tshwauweng phoso ditseleng tsa bona.”
Ka Seheberu: “o tla nona.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ya tlotlollang ba ntlo ya hae.”
Ka Seheberu: “o tla fumana moya e le lefa.”
Mohlomong ke motho ya thusang ba bang ho tsamaya tseleng ya bophelo.
Kapa: “ha a inahane.”
Ka Seheberu: “se laletseng madi.”
Ka Seheberu: “o se na bohobe.”
Ka Seheberu: “o na le pelo e haellwang.”
Kapa: “ditholwana tsa molomo wa hae.”
Kapa: “kgalemelo.”
Kapa: “maleme a.”
Ka Seheberu: “ba rerang.”
Kapa: “ditholwana tsa molomo wa hae.”
Kapa: “seo a se buang.”
Kapa: “moya wa hae.”
Ka Seheberu: “o tla nona.”
Ka Seheberu: “ha ba a ka ba utlwa kgalemelo e matla.”
Ka Seheberu: “le a thaba.”
Kapa: “ba rerisanang ha mmoho.”
Kapa: “ka bolotsana.”
Ka Seheberu: “maruo a ya bokellang ka letsoho.”
Kapa: “a tshepileng hore e tla etsahala.”
Kapa: “lentswe.”
Kapa: “Molao o.”
Kapa: “ba ka ba nka.”
Kapa: “Ya sa kgalemeleng; Ya sa shapeng.”
Kapa mohlomong: “hanghang.”
Kapa: “dimpa tsa ba kgopo di tla lapa.”
Ka Seheberu: “tshaba.”
Kapa: “ya bolotsana.”
Ka Seheberu: “melomo ya ba bohlale e tla ba sireletsa.”
Ka Seheberu: “molomong wa hae.”
Kapa mohlomong: “lewatla le thetsa batho ba bang ka.”
Kapa: “ho lokisa ditaba.”
Kapa: “dumellana.”
Ka Seheberu: “tente.”
Kapa: “boiphihlelo.”
Kapa: “o bohale.”
Kapa: “boiphihlelo.”
Ka Seheberu: “tshabang.”
Ka Seheberu: “tshaba.”
Kapa: “e phedisa motho hantle.”
Ka Seheberu: “Moetsi.”
Ka Seheberu: “Pelo ya motho ya nang le kutlwisiso ha e ithorise.”
Kapa: “e mosa.”
Kapa: “le bohloko.”
Kapa: “Mantswe a fodisang.”
Kapa: “dihlahiswa tsa ya kgopo di.”
Kapa: “bohloko.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “le Abadone.”
Ka Seheberu: “Pelo e nang le kutlwisiso e.”
Kapa: “phehella.”
Kapa: “ntle.”
Kapa: “mokete.”
Kapa: “pherekano.”
Ka Seheberu: “poho e fepetsweng sejelong.”
Ka Seheberu: “Eo pelo ya hae e haellwang.”
Kapa: “moo ho se nang boeletsi.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “maswabi.”
Kapa: “Pelo ya ya lokileng e a thuisa pele e araba; e nahana ka hloko hore na e reng.”
Ka Seheberu: “e nontsha masapo.”
Ka Seheberu: “pelo.”
Ka Seheberu: “Merero ya pelo ke ya motho wa lefatshe.”
Kapa: “karabo e nepahetseng.” Ka Seheberu: “karabo ya leleme.”
Ka Seheberu: “di hlwekile.”
Ka Seheberu: “Rolela mesebetsi ya hao ho Jehova.”
Ka Seheberu: “ya pelo e ikgohomosang.”
Kapa: “ditsela.”
Kapa: “tse susumetswang ke Modimo.”
Kapa: “qoba.”
Kapa: “Leseding la sefahleho sa morena ho na le bophelo.”
Ka Seheberu: “ikokobetsa moyeng.”
Kapa: “maruo a hapuweng.”
Ka Seheberu: “o tla fumana se molemo.”
Kapa: “dipuo tse monate.” Ka Seheberu: “ya molomo o mosa.”
Kapa: “Motho ya pelo e.”
Kapa: “bolotsana.”
Kapa: “a momme molomo.”
Kapa: “tlhompho.”
Ka Seheberu: “moya wa hae.”
Kapa: “kgutso.”
Ka Seheberu: “mahlabelo.”
Ka Seheberu: “Moetsi.”
Kapa: “Bara.”
Kapa: “bontate ba bona.”
Kapa: “monate.”
Kapa: “mohlomphehi.”
Ka Seheberu: “kwahelang.”
Kapa: “morwallo wa metsi.” Ka Seheberu: “ho bulela metsi.”
Ka Seheberu: “pelo.”
Ka Seheberu: “eo pelo ya hae e haellwang.”
Kapa: “Mang kapa mang ya phahamisang keiti ya hae o batla ho wa.”
Ka Seheberu: “fumana se molemo.”
Kapa: “o omella masapo.”
Ka Seheberu: “sefubeng.”
Ka Seheberu: “o kgopisa mme wa hae.”
Kapa: “ho lefisa ya lokileng.”
Kapa: “nyatsa.”
Kapa: “ho ba le kgethollo.”
Kapa: “bophelo ba hae.”
Kapa: “dintho tse tla jewa ka meharo.”
Kapa: “sesenyi.”
Ka Seheberu: “phahamiswa.”
Kapa: “Motho ya matla.”
Kapa: “ho nyahama.”
Kapa: “hlahlobisisa.”
Ka Seheberu: “e namola.”
Kapa: “hauhelwa.”
Ka Seheberu: “ya potlakang ka maoto a hae.”
Kapa: “motho ya fanang.”
Kapa: “Ya sepheo se setle.” Ka Seheberu: “Ya batlang pelo.”
Kapa: “bolokang.”
Ka Seheberu: “o tla fumana se molemo.”
Kapa: “tlolo.”
Kapa: “tawana e moetse.”
Kapa: “dikomang.”
Kapa: “buseletsa.”
Kapa: “tawana e moetse.”
Kapa mohlomong: “O tla batla nakong ya kotulo empa a ke ke a fumana letho.”
Kapa: “Menahano.”
Ka Seheberu: “bara.”
Kapa: “a sefa.”
Kapa: “Majwe a mabedi a ho bekga a boima bo fapaneng le dinkgo tse pedi tsa ho bekga tse sa lekaneng.”
Kapa: “moshanyana.”
Sheba Tlhaloso.
Kapa: “wa moditjhaba.”
Kapa: “e tla tiiswa.”
Kapa: “ha ho eletsanwa.”
Kapa: “ho eka ka molomo wa hae.”
Ka Seheberu: “lefa.”
Kapa: “Modimo a ke ke a mo hlohonolofatsa.”
Kapa: “majwe a mabedi a ho bekga a boima bo fapaneng.”
Kapa: “tsela ya hae.”
Ka Seheberu: “dijothollo.”
Ka Seheberu: “Phefumoloho ya motho e.”
Kapa: “hlwekisa.”
E leng Jehova.
Kapa: “sepheo.”
Kapa: “e mo tswela molemo.”
Kapa mohlomong: “ho ba batlang lefu.”
Kapa: “ya dikomang.”
Kapa: “o a tseba hore na a etseng.”
Ke Modimo.
Ka Seheberu: “tjotjo e sefubeng.”
Kapa: “dikomang.”
Ka Seheberu: “metsa.”
Kapa: “hlola.”
Kapa: “a ena le boitswaro bo swabisang.”
Ka Seheberu: “o tla bua ka ho sa feleng.”
Kapa: “yena ya tiisang ditsela tsa hae.”
Kapa: “lebitso le letle.” Ka Seheberu: “lebitso.”
Ka Seheberu: “ba a kopana.”
Kapa: “boiphihlelo.”
Kapa: “ba fumana kotlo.”
Kapa: “moshanyana; motjha.”
Ka Seheberu: “Ya leihlo le letle.”
Kapa: “Dinyewe.”
Ka Seheberu: “basele.” Sheba Diprov. 2:16.
Kapa: “moshanyana; motjha.”
Ka Seheberu: “keiting ya motse.”
Ka Seheberu: “behe thipa mmetsong wa hao.”
Kapa: “o kgala.”
Kapa mohlomong: “Tlohela ho etsa dintho ho ya ka kutlwisiso ya hao.”
Ka Seheberu: “pelo ya hae ha e yo ho wena.”
Kapa: “bana ba se nang bontate.”
Ka Seheberu: “Molopolli.”
Kapa: “moshanyana; motjha.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ha pelo ya hao e hlalefa.”
Ka Seheberu: “Diphio tsa ka di tla thaba.”
Ka Seheberu: “o tsamaise pelo ya hao.”
Kapa: “Fumana.”
Ka Seheberu: “moditjhaba.” Sheba Diprov. 2:16.
Kapa: “empa ha ke a utlwa letho.”
Kapa: “Ke tla e batla hape.”
Kapa: “Lelapa le.”
Kapa: “atleha; pholoha.”
Kapa: “Merero e se nang kelello.”
Kapa: “letsatsing la mahlomola.”
Kapa: “O se ke wa iponahatsa o halefetse.”
Kapa: “ba batlang phetoho.”
E leng Jehova le morena.
Kapa mohlomong: “Ho araba ka tsela e tobileng ho tshwana le ho suna motho.”
Kapa: “ntlo ya hao.”
Ka Seheberu: “molomo wa hao.”
Kapa: “Ke tla iphetetsa.”
Ka Seheberu: “eo pelo ya hae e haellwang.”
Ka Seheberu: “ka amohela tayo.”
Kapa: “kopitsa le ho a bokella.”
Kapa: “makunutu a batho ba bang.”
Kapa: “dintho tseo o di buileng ho mo senya lebitso.”
Ka Seheberu: “ya nang le tsebe.”
Mohlomong moya o phodileng o tswang dithabeng tse apereng lehlwa.
Ka Seheberu: “ka mpho ya bohata.”
Ka Seheberu: “Leleme le bonolo le.”
Kapa mohlomong: “ya bolotsana.”
Ho buuwa ka carbonate of soda.
E leng ho nolofatsa pelo ya motho.
Kapa: “ya dikomang.”
Ka Seheberu: “moya o.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “a tsherema ka pela.”
Kapa mohlomong: “Feela jwalo ka ha nonyana e baleha le lefokotsane le fofa, bomadimabe bo sa lokelang bo feta jwalo.”
Kapa: “ya hlabang motho e mong le e mong.”
Kapa mohlomong: “ya kenang.”
Kapa: “thetsang.”
Kapa: “dintho tse tla jewa ka meharo.”
Kapa: “Hobane pelo ya hae e a nyonyeha.”
Kapa: “Leleme le leshano le hloile bao le ba utlwisitseng bohloko.”
Ka Seheberu: “ha le tsebe hore na le hlahlamang le tla tswala eng.”
Ka Seheberu: “osele.”
Kapa: “eseng molomo wa hao.”
Ka Seheberu: “Moditjhaba.”
Kapa: “molomo wa hao.”
Kapa: “mosa wa sera ha se o suna.”
Kapa mohlomong: “ke wa boikaketsi; o qobeletswe.”
Ka Seheberu: “o hatakela.”
Kapa: “ya kgahlanong le nna.”
Kapa: “boiphihlelo.”
Kapa: “ba fumana kotlo.”
Kapa: “wa moditjhaba.”
Kapa: “dikomang.”
Ka Seheberu: “sefahleho sa motswalle wa hae.”
Kapa: “feiga.”
Kapa: “Abadone.”
Ke lejwe le silang.
Ka Seheberu: “dijothollo.”
Kapa: “maemo a phahameng ha a.”
Kapa: “tawana.”
Kapa: “e eba marabele.”
Kapa: “tlotla.”
Kapa: “tshohile.”
Kapa: “lebitleng; sekoting.”
Kapa: “Ho ba le kgethollo.”
Kapa: “meharo.”
Kapa mohlomong: “ya ikgohomosang.”
Ka Seheberu: “nontshwa.”
Kapa: “etsang manganga.”
Kapa mohlomong: “Empa ya lokileng o batla ho sireletsa bophelo ba hae.”
Ka Seheberu: “ba a kopana.”
Ka Seheberu: “o kgantsha mahlo a bona.”
Kapa: “Kotlo.”
Kapa: “O tla thabisa moya wa hao.”
Kapa: “pono ya boprofeta; tshenolo.”
Ka Seheberu: “ya moya o ikokobeditseng.”
Kapa: “Ho thothometswa ke.”
Kapa: “ho tjheha.”
Kapa mohlomong: “ba batla ho amoheleha ho.” Ka Seheberu: “ba batla sefahleho sa.”
Ka Seheberu: “phahamisitseng.”
Ka Seheberu: “mantle a.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Sheba Tlhaloso.
Kapa: “tse mmakatsang haholo.”
Kapa: “ya sa ratweng.”
Kapa: “bohlale haholo.”
Ka Seheberu: “ke batho ba seng matla.”
Ka Seheberu: “ke batho ba seng matla.”
Kapa: “di arotswe ka dihlopha.”
Kapa: “phaleising.”
Ke mofuta wa ntja.
Kapa: “wa mmakgonthe.”
Sheba Tlhaloso.
Kapa mohlomong: “mosebetsi.”
Kapa: “moputso wa hae.” Ka Seheberu: “ditholwana tsa matsoho a hae.”
Ka Seheberu: “O itlamme letheka ka thata.”
Toloki le thupa e ohlang di ne di sebediswa ho etsa kgwele ka boya kapa ho e harela.
Ka Seheberu: “morumo.”
Kapa: “diaparo tsa ka hare.”
Kapa: “o tsheha.”
Kapa: “ha a ruta, o mosa.” Ka Seheberu: “molao wa mosa o lelemeng la hae.”
Kapa: “ba mmakgonthe.”
Kapa: “ke lefeela.”
Kapa: “tshabang.”
Ka Seheberu: “Mo feng ditholwana tsa mosebetsi wa hae.”