JOELE
1 Jehova o ile a laela Joele* mora wa Pethuele hore a bue mantswe ana:
Na le kile la hlahelwa ke ntho e tjee mehleng ya lona?
Kapa na ho kile ha hlaha ntho e tjee mehleng ya baholoholo ba lona?+
3 E pheteleng bana ba lona
Le bana ba lona ba e phetele bana ba bona,
Bana bao le bona ba e phetele moloko o hlahlamang.
4 Sehlopha sa pele sa ditsie* sa ja sa siya, sa bobedi le sona sa ja sa siya,
Sa boraro sa ja sa siya,
Sa bone sa ja yaba se kokona sohle.+
5 Tsohang le lle lona matahwa.+
Le lle lona ba nwang veine
Hobane ha le sa na veine e monate.+
6 Ho na le setjhaba se hlasetseng naha ya ka, se matla ebile se sengata hoo se se nang palo.+
Meno a sona ke a tau+ le mehlahare ya sona ke ya tau.
7 Se sentse difate tsa ka tsa morara, sa siya sefate sa ka sa feie* e le kutu,
Sa di siya di hlobotse sa ba sa di lahla,
Sa di ebola makala sa a siya a le masweu twa!
9 Ha ho sa tliswa dinyehelo tsa dijo*+ le dinyehelo tsa seno+ ntlong ya Jehova,
Baprista e leng basebeletsi ba Jehova, ba utlwile bohloko.
11 Dihwai di swabile, balemi ba morara ba a lla
Hobane koro le harese ha di sa le yo,
Dijalo di senyehetse masimong.
12 Sefate sa morara se omeletse,
Sefate sa feie se ponne.
Sefate sa kgarenate, sa palema, sa apole
Le difate tse ding tsohle tse masimong di omeletse+
Hobane thabo ya baahi e fetohile maswabi.
13 Lona baprista, aparang lesela le hwashang* le utlwe bohloko,*
Bokollang lona basebeletsi ba aletare.+
Lona basebeletsi ba Modimo, kenang le qete bosiu le apere lesela le hwashang*
Hobane dinyehelo tsa dijo+ le dinyehelo tsa seno+ ha di sa tliswa ntlong ya Modimo.
14 Phatlalatsang hore batho ba itime dijo, tsebisang batho hore ho na le kopano e kgethehileng.+
Bitsang baholo le setjhaba kaofela,
Le ba bitsetse ntlong ya Jehova Modimo wa lona+ ebe le kopa Jehova hore a le thuse.
15 Letsatsi leo e tla ba le tshosang.
Letsatsi la Jehova le haufi,+
Mohlang oo, Ya Matla Ohle o tla fedisa batho.
16 Re amohuwe dijo re ntse re shebile,
Ra amohuwa thabo le nyakallo ntlong ya Modimo wa rona.
17 Ha ba phethola mobu ba fumane peo ya difeie e omeletse.*
Ditoro* di omme,
Ditoro tsa dijo di qhaqhilwe hobane dijo ha di sa le yo.
18 Esita le diphoofolo di a lla.
Mehlape ya dikgomo e a hlahlathela ka lebaka la ho ferekana, e hloka makgulo.*
Dinku le tsona di sotlehile.
19 Ke tla kopa thuso ho wena Jehova+
Hobane mollo o tjhesitse makgulo naheng,
Wa tjhesa le difate tsohle masimong.
20 Esita le diphoofolo tse hlaha di llela hore o di thuse
Hobane metsi a dinoka a pshele
Hape mollo o tjhesitse makgulo ohle naheng.”
Hweletsang le le thabeng ya ka e halalelang,
Le phatlalatse hore ho tla ba le ntwa. Baahi bohle ba lefatshe ba ke ba ferekane
Hobane letsatsi la Jehova le a tla,+ le haufi.
2 Letsatsing leo, ho tla ba le lefifi le tshabehang,+
Ho be maru le lefifi le letsholetsho,+
Le tla hlaha jwalo ka mafube dithabeng.
Ho na le batho ba bangata ba matla,+
Ha ho eso ka ho eba le ba tshwanang le bona
Ebile ba ke ke ba hlola ba eba teng
Molokong ofe kapa ofe.
Naha e ka pela bona e jwalo ka Edene,+
Ka mora bona ke dithako.
Ha ho letho le ka pholohang.
Ba tshwana le batho ba matla ba itokiseditseng ntwa.+
6 Batho ba tla hlonama ka lebaka la bona.
Batho bohle ba tla bonahala le mahlong hore ba tshohile.
7 Ba matha jwalo ka bahlabani,
Ba hlwa lerako jwalo ka masole,
E mong le e mong o a tseba hore na o lokela ho etsang,
Ha ho na ya kgelohang tsela.
8 Ha ba sutumetsane,
E mong le e mong o tsamaya tseleng ya hae.
Ha e mong a bolawa ke lerumo,
Ba bang ha ba kgelohe tsela.
9 Ba potlakela motseng, ba matha hodima marako.
Ba hlwella matlo, ba kena ka difensetere jwalo ka mashodu.
10 Ha ba hlasela, lefatshe le a reketla, lehodimo le a thothomela,
Letsatsi le kgwedi di a fifala,+
Dinaledi le tsona di a fifala.
11 Jehova o tla phahamisa lentswe ha a bua le masole a hae+ hobane lebotho la hae le leholo haholo.+
Ya phethang lentswe la hae o matla.
Letsatsi la Jehova le leholo ebile le a tshosa.+
Ke mang ya ka le mamellang?”+
12 Jehova o re: “Le sa na le nako ya ho kgutlela ho nna, le kgutlele ho nna ka dipelo tsohle,+
Itimeng dijo,+ le lle, le bokolle.
13 Le bontshe hore le swabile ho tloha pelong,+ le se ke la tabola diaparo tsa lona feela,+
Kgutlelang ho Jehova Modimo wa lona
Hobane o na le kutlwelobohloko,* o mohau, o dieha ho halefa+ mme o lerato,*+
O tla fetola maikutlo a hae ebe ha a le tlisetse tlokotsi.
14 Ho tseba mang? Mohlomong o tla fetola qeto eo a e entseng+
Ebe o a le hlohonolofatsa
E le hore le ka etsetsa Jehova Modimo wa lona nyehelo ya dijo* le nyehelo ya seno.
15 Letsang lenaka Sione.
Phatlalatsang hore batho ba itime dijo, tsebisang batho hore ho na le kopano e kgethehileng.+
16 Bokellang setjhaba le se hlwekise e le hore phutheho e halalele.+
Bokellang bannabaholo,* bana le masea.+
Monyadi le monyaduwa le bona ba tswe ka kamoreng ya bona.
‘Hauhela batho ba hao Jehova.
O se ke wa dumella hore batho ba hao ba nyefolwe,
Ba buswe ke ditjhaba tse ding
Esere ditjhaba tseo tsa ba soma tsa re: “O kae Modimo wa bona?”’+
19 Jehova o tla araba batho ba hae a re:
‘Ke tla le fa dijo, veine le oli,
Le tla ja le be le di shebe feela.+
Ditjhaba di ke ke tsa hlola di le nyefola.+
20 Ya hlaselang a tswa leboya ke tla mo suthisetsa hole le lona,
Ke mo lelekele sebakeng se omeletseng, se se nang metsi,
Ke tla mo shebisa lewatleng le ka botjhabela,*
Ke mo furallise lewatleng le ka bophirimela.*
21 Wena naha, o se ke wa tshoha,
O thabe mme o nyakalle hobane Jehova o tla etsa dintho tse kgolo.
22 Lona diphoofolo tse hlaha, le se ke la tshoha
Hobane naheng ho tla ba le makgulo a matala.+
Le difate di tla beha,+
23 Bana ba Sione, thabang le nyakalle ka lebaka la dintho tseo Jehova Modimo wa lona a tla di etsa,+
Ka hwetla o tla le nesetsa pula eo le e hlokang,
A le nesetse pula ya ditlwebelele,
A le nesetse pula ya hwetla le ya selemo jwalo ka pele.+
25 Ke tla le buseletsa dintho tsohle tseo le lahlehetsweng ke tsona dilemo tsena tsohle,
Tse jeweng ke lebotho la ka le leholo la ditsie* tsa mefutafuta tseo ke neng ke di rometse ho lona.+
Le rorise lebitso la Jehova Modimo wa lona+
Ya le etseditseng dintho tse kgolo.
Batho ba ka ba ke ke ba hlola ba nyefolwa.+
27 Le tla tseba hore ke na le Baiseraele,+
Le tsebe hore ke nna Jehova Modimo wa lona+ mme ha ho e mong.
Batho ba ka ba ke ke ba hlola ba nyefolwa.
28 Ka mora moo, ke tla fa motho e mong le e mong moya o halalelang,+
Bara le baradi ba lona ba tla profeta,
Bannabaholo ba lona ba tla lora ditoro.
Bahlankana ba lona ba bone dipono.+
29 Ka nako eo, ke tla fana ka moya wa ka
Esita le ho makgoba a ka a banna le a basadi.
31 Pele letsatsi le leholo le le tshosang la Jehova le fihla,+
Letsatsi le tla fifala, kgwedi e be kgubedu jwalo ka madi.+
32 E mong le e mong ya tshepetseng* lebitsong la Jehova o tla pholoha+
Hobane Thabeng ya Sione le Jerusalema ho na le ba tla pholoha feela jwalo ka ha Jehova a boletse,
Ke bao Jehova a tla ba bitsa.”
Ke tla di ahlolela moo,+
Ke di ahlolele dintho tseo di di entseng ho setjhaba sa ka sa Iseraele
Hobane di ile tsa hasanya Baiseraele
Yaba di ikaba ka naha ya ka.+
3 Di lahla lotho hore di ikabe ka batho ba ka,
Di rekisa ngwana moshanyana e le hore di patale letekatse,
Di rekisa wa ngwanana hore di reke veine di tle di nwe.
4 Lona Tire, Sidone le lona dibaka tsohle tsa Filistia,
Le se nka kae sebete sa ho nketsa tjee?
Na ho na le ntho e mpe eo ke le entseng yona?
Na le a iphetetsa? Haeba ho jwalo,
Ke tla iphetetsa ka lebaka la dintho tseo le ba entseng tsona.+
5 Ka ha le nkile silevera ya ka le kgauta ya ka,+
La isa dintho tsa ka tsa bohlokwa ditempeleng tsa lona,
6 La rekisa baahi ba Juda le ba Jerusalema, la ba rekisetsa Bagerike+
E le hore le ba ise hole le naha ya habo bona,
7 Ke tla ba lata moo le ba rekiseditseng teng,+
Ke iphetetse ka lebaka la dintho tseo le ba entseng tsona.
8 Ke tla rekisetsa Bajuda bara ba hao le baradi ba hao,
Ba tla ba rekisetsa batho ba Sheba, batho ba dulang hole.
Nna Jehova ke a le tiisetsa.
9 Phatlalatsang hohle ditjhabeng le re:+
‘Itokisetseng ntwa. Bitsang banna ba matla.
Atametsang masole e le hore a hlasele.+
10 Etsang disabole ka mehoma ya lona, le etse marumo ka dikere tse kutang dimela.
Motho ya fokolang a ke a re o matla.
11 Lona ditjhaba tsohle tse haufi, tloong le tlo thusa.’+
Jehova, romela batho ba hao ba matla* sebakeng seo.
12 Ditjhaba di ke di itokise, di theohele Kgohlong* ya Josafate
Hobane ke tla dula teng ke ahlole ditjhaba tsohle tse haufi.+
13 Akgelang sekele hobane e se e le nako ya ho kotula.
Tloong le tlo hatakela morara hobane sehatelo se tletse.+
Dinkgo tse kgakeletsang veine di tletse hobane bokgopo ba ditjhaba tseo bo bongata haholo.
14 Ditjhaba di se di le ka kgohlong* ya kahlolo
Hobane haufinyane letsatsi la Jehova le tla tla kgohlong ya kahlolo.+
15 Letsatsi le kgwedi di tla fifala,
Dinaledi le tsona di tla fifala.
16 Jehova o tla bua ka lentswe le matla a le Sione,
A hweletse a le Jerusalema.
Lehodimo le lefatshe di tla reketla
Empa Jehova e tla ba setshabelo ho batho ba hae,+
E be sebaka se sireletsehileng ho bana ba Iseraele.
17 Le tla tseba hore ke nna Jehova Modimo wa lona, ya dulang Sione, thabeng ya ka e halalelang.+
18 Letsatsing leo, dithabeng ho tla rotha veine e monate,+
Ho phalle lebese maralleng,
Dinokana di phalle metsi Juda.
19 Egepeta yona e tla dula e se na baahi,+
Edomo e fetohe dithako
Hobane di ile tsa tshwara Bajuda hampe,+
Bao naheng ya bona ho ileng ha bolawa batho ba se nang molato.+
21 Le hoja ke ne ke ba nka ba le molato, ke tla ba nka ba se molato,*+
Nna Jehova ke tla dula Sione.”+
E bolelang “Jehova ke Modimo.”
Kapa: “baahi bohle ba lefatshe.”
Ka Seheberu ho sebedisitswe mefuta e mene ya ditsie.
Kapa: “feiga.”
Kapa: “morwetsana.”
Sheba Tlhaloso.
Kapa: “monyadi.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “itlameng.”
Kapa: “ikotle difuba.”
Sheba Tlhaloso.
Kapa mohlomong: “difeie tse omeletseng.”
Kapa: “Matlo a polokelo.”
Kapa: “ha ho na moo e fulang teng.”
Kapa: “mosa.”
Kapa: “o na le lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “baholo.”
E leng Lewatle le Shweleng.
E leng Lewatle la Mediterranean.
Kapa: “feiga.”
Moo ho polelwang le ho olosetswa teng.
Mona Seheberu se bua ka mefuta e mene ya ditsie.
Kapa: “ipiletsang.”
Kapa: “Phuleng.”
E bolelang “Jehova ke Moahlodi.”
Kapa: “bahlabani.”
Kapa: “Phuleng.”
Kapa: “phuleng.”
Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “ke tla nka madi a bona a se na molato.”