LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • nwt Obadia 1-21
  • Obadia

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Obadia
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Obadia

OBADIA

1 Pono ya Obadia:*

Ona ke molaetsa o tswang ho Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle oo Obadia a o bolelang mabapi le Edomo:+

“Re utlwile tlaleho e tswang ho Jehova,

Moromuwa o rometswe hara ditjhaba o re:

‘Emang, re itokisetseng ho lwantsha Edomo.’”+

 2 “Ke o entse ya se nang thuso hara ditjhaba.

Di o nyatsa haholo.+

 3 Boikgohomoso ba hao bo o thetsitse,+

Wena ya balehelang* lefikeng,

Ya dulang hodimo dithabeng, o ntse o re ka pelong,

‘Ke mang ya tla ntiha?’

 4 Le haeba o ka dula hodimo* jwalo ka ntsu

Kapa wa hahela hara dinaledi,

Ke tla o theola hona moo,” ke Jehova ya tjhong.

 5 “Haeba mashodu a ka tla ho wena, le dinokwane tsa tla bosiu,

(O ne o tla fediswa)*

Na di ne di ke ke tsa utswa dintho tseo di di batlang feela?

Kapa haeba batho ba kotulang morara ba ka tla ho wena,

Na ba ne ba ke ke ba siya o mong?+

 6 Wena Esau, dintho tsohle tsa hao di fumanwe.

Maruo ohle a hao ao o a patileng a nkilwe.

 7 Ba o tebetse naheng ya habo bona.

Bohle ba entseng tumellano le wena ba o thetsitse.

Banna ba entseng kgotso le wena ba o hlotse.

Ba jang bohobe le wena ba tla o tjhehela leraba

Empa o ke ke wa lemoha.

 8 Letsatsing leo,” ke Jehova ya tjhong,

“Ke tla timetsa ba bohlale ba tswang Edomo+

Le ba nang le temoho ba tswang dithabeng tsa Esau.

 9 Bahlabani ba hao ba tla tshoha,+ wena Temane+

Hobane e mong le e mong ya dithabeng tsa Esau o tla bolawa.+

10 Ka ha o kentse letsoho ho lwantsha ngwaneno Jakobo+

O tla swaba haholo+

Mme o tla timella ruri.+

11 Letsatsing leo o neng o emeletse ka thoko,

Mohla ba direng* ba isang masole a Jakobo botlamuweng,+

Ha ba direng ba kena motseng* wa hae mme ba arolelana maruo a Jerusalema ka lotho,*+

O ne o le hara bona.

12 O ne o sa lokela ho thabela ho bona ditsietsi tsa ngwaneno letsatsing la tlokotsi ya hae,+

O ne o sa lokela ho thabela batho ba Juda letsatsing la ho timela ha bona+

Ebile o ne o sa lokela ho ba soma letsatsing la mahlomola a bona.

13 O ne o sa lokela ho kena motseng wa batho ba ka mohla ba neng ba welwa ke koduwa,+

O ne o sa lokela ho thabela ho bona tlokotsi ya hae mohla a neng a hlahelwa ke koduwa.

O ne o sa lokela ho inkela maruo a hae letsatsing la koduwa ya hae.+

14 O ne o sa lokela ho ema mateanong a ditsela ho lalla ba phonyohileng ba hae e le hore o ba bolaye.+

O ne o sa lokela ho nehelana ka bona ho dira tsa hae letsatsing la mahlomola.+

15 Etswe letsatsi la hore Jehova a ahlole ditjhaba tsohle le haufi.+

Ho tla etswa ho wena jwalo ka ha o entse ho yena.+

O tla tshwarwa ka tsela eo o tshwereng ba bang ka yona.

16 Tsela eo le nweleng veine ka yona hodima thaba ya ka e halalelang,

Ke tsela eo ka yona ditjhaba tsohle di tla nne di nwe kgalefo ya ka.+

Di tla nwa kgalefo ya ka le ho e menyeletsa.

Di tla nyamela jwalo ka ha eka ha di eso ka di eba teng.

17 Empa ba phonyohileng ba tla dula Thabeng ya Sione,+

E tla halalela+

Mme ba ntlo ya Jakobo ba tla lata thepa ya bona.+

18 Ba ntlo ya Jakobo e tla ba mollo,

Ba ntlo ya Josefa e be lelakabe,

Ba ntlo ya Esau bona ba be jwalo ka ditlhaka.

Ba tla ba tjhesa mme ba ba fedise.

Ha ho motho ho ba ntlo ya Esau ya tla phonyoha+

Hobane Jehova o tjhulo.

19 Ba tla nka Negebe le sebaka se dithaba sa Esau,+

Sa Shefela le naha ya Bafilista.+

Ba tla nka naha ya Efraime le naha ya Samaria,+

Benjamine yena a nke Gileade.

20 Ha e le baphaphathehi ba tswang totomeng ena+

E leng Baiseraele, ba tla nka naha ya Bakanana ho ya fihla Sarepta.+

Baphaphathehi ba Jerusalema ba neng ba le Sefarade ba tla nka metse ya Negebe.+

21 Bapholosi ba tla nyolohela Thabeng ya Sione

Ho ahlola batho ba dulang dithabeng tsa Esau+

Mme Jehova e tla ba Morena.”+

E bolelang “Mohlanka wa Jehova.”

Kapa: “ya tshabelang.”

Kapa mohlomong: “fofela hodimo.”

Kapa mohlomong: “Di ne di ka senya hakae?”

Ka Seheberu: “batho bao o sa ba tsebeng.”

Ka Seheberu: “keiting.”

Sheba Tlhaloso.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share