LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • nwt Jonase 1:1-4:11
  • Jonase

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Jonase
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Jonase

JONASE

1 Jehova a bua le Jonase*+ mora wa Amitai a re: 2 “Ema, o ye Ninive+ motseng o moholo mme o phatlalatse hore ke tlo ahlola Baninive hobane ke hlokometse bokgopo ba bona.”

3 Empa Jonase a baleha Jehova yaba o ya Tarshishe. A theohela Jopa mme a fumana sekepe se yang Tarshishe. Ka hoo, a patala yaba o a se palama e le hore a lebe Tarshishe hole le Jehova.

4 Yaba Jehova o etsa hore ho be le moya o matla lewatleng mme ha tsoha sefefo se matla hoo sekepe se neng se le haufi le ho swahlamana. 5 Basesisi ba sekepe ba ne ba tshohile hoo e mong le e mong wa bona a ileng a qala ho hweletsa ho kopa thuso ho modimo wa hae. Ba ntsha dintho tse neng di le ka sekepeng, ba di lahlela ka lewatleng e le hore ba fokotse boima ba sona.+ Empa Jonase o ne a le karolong e ka tlase ya sekepe a ile le sephume sa boroko. 6 Motsamaisi wa sekepe a ya ho yena a re: “O robaletseng? Tsoha, o hweletse modimo wa hao. Mohlomong Modimo wa nnete o tla re hauhela, re se ke ra shwa.”+

7 Yaba ba a buisana ba re: “A re lahleng lotho+ e le hore re ka tseba hore na ke ka lebaka la mang re hlahelwang ke koduwa ena.” Ka hoo, ba lahla lotho yaba lotho e supa Jonase.+ 8 Ba re ho yena: “Re kopa o re bolelle, ke ka lebaka la mang re hlahelwang ke koduwa ee? Mosebetsi wa hao ke ofe? O tswa hokae? Naha ya heno ke efe? O tswa setjhabeng sefe?”

9 A re ho bona: “Ke Moheberu mme ke rapela* Jehova Modimo wa mahodimo, Yena ya entseng lewatle le lefatshe.”

10 Jwale banna bao ba tshoha le ho feta yaba ba re ho yena: “O entseng?” (Banna bao ba ile ba tseba hore o baleha Jehova hobane o ne a ba boleletse.) 11 Ka hoo, ba re ho yena: “Re etseng ka wena e le hore lewatle le ka kokobela?” Etswe lewatle le ne le ntse le befa le ho feta ka lebaka la sefefo se matla. 12 A re ho bona: “Ntahleleng ka lewatleng mme lewatle le tla kokobela ka ha ke a tseba hore ke ka lebaka la ka ho nang le sefefo sena se matla.” 13 Le ha ho le jwalo, banna bao ba leka ka matla ho kgutlisetsa sekepe lebopong empa ba hloleha hobane lewatle le ne le ntse le befa le ho feta ka ha sefefo se ne se le matla.

14 Yaba ba hweletsa ho Jehova ba re: “Jehova re a o kopa hle, e se eka re ke ke ra shwa ka lebaka la monna enwa! O se ke wa re nka re le madi matsohong ka lebaka la ho bolaya monna enwa ya se nang molato ka ha o entse thato ya hao Jehova.” 15 Jwale ba nka Jonase yaba ba mo lahlela ka lewatleng mme lewatle la kokobela. 16 Yaba banna bao ba qala ho tshaba Jehova haholo.+ Ba etsetsa Jehova sehlabelo mme ba ikana hore ba tla mo sebeletsa.

17 Jwale Jehova a romela tlhapi e kgolo hore e kwenye Jonase. Jonase a qeta matsatsi a mararo le masiu a mararo a le ka mpeng ya tlhapi.+

2 Jonase a rapela Jehova Modimo wa hae a le ka mpeng ya tlhapi+ 2 a re:

“Ke ile ka hweletsa ho wena Jehova ke le mahlomoleng mme wa nkaraba.+

Ka hweletsa ho kopa thuso ke le tlase ka hara* Lebitla.*+

O ile wa utlwa lentswe la ka.

 3 Ha o ntahlela tlase botebong ba lewatle,

Metsi a ile a nkwahela.+

Metsi le maqhubu ohle a hao a ile a feta ka hodima ka.+

 4 Yaba ke re, ‘O ntahletse hole le wena!

Na ke tla boela ke bone tempele ya hao e halalelang?’

 5 Metsi a ile a nkwahela mme bophelo ba ka ba eba kotsing,+

Ka tebela tlase lewatleng.

Ditlamatlama tsa nthatela hloohong.

 6 Ka tebela tlase metsong ya dithaba.

Mamati a lebitla* a nkwallela ruri.

Empa wa nnyolla lebitleng* ke ntse ke phela, Jehova Modimo wa ka.+

 7 Ha ke ne ke le makgatheng a lefu, Jehova ke yena eo ke ileng ka mo hopola.+

Yaba thapelo ya ka e fihla ho wena tempeleng ya hao e halalelang.+

 8 Ba rapelang ditshwantsho ba furalla mohlodi wa lerato.*

 9 Empa ha e le nna, ke tla o leboha ke be ke o etsetse sehlabelo.

Ke tla phetha dikano tsa ka.+

Jehova ke yena feela Mopholosi.”+

10 Ka mora nako, Jehova a laela tlhapi hore e hlatsetse Jonase lebopong la lewatle.

3 Jonase a utlwa Jehova ka lekgetlo la bobedi a re:+ 2 “Ema, o ye Ninive+ motseng o moholo mme o phatlalatse molaetsa oo ke o bolellang wona.”

3 Jonase a ema mme a ya Ninive+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse.+ Jwale Ninive e ne e le motse o moholo,* o ka tsamauwang ka maoto matsatsi a mararo. 4 Ka hoo, Jonase a kena motseng. Eitse ha a se a tsamaile sebaka se ka etsang letsatsi le le leng, a phatlalatsa a re: “Ho setse matsatsi a 40 feela, Ninive e tla fediswa.”

5 Batho ba Ninive ba ile ba dumela ho Modimo+ yaba ba phatlalatsa hore ho itingwe dijo mme ho aparwe lesela le hwashang,* ho tloha ho e moholo ho ya ho e monyenyane. 6 Ha morena wa Ninive a utlwa molaetsa, a ema teroneng ya hae mme a hlobola seaparo sa hae sa borena yaba o apara lesela le hwashang* mme o dula fatshe moloreng. 7 Ho feta moo, a laela hore motseng wohle wa Ninive ho phatlalatswe ho thwe:

“Ho ya ka taelo ya morena le matona a hae, ha ho motho ya lokelang ho ja dijo kapa ho nwa metsi. Hape ha ho mohlape kapa diphoofolo tse lokelang ho ja dijo kapa ho nwa metsi. 8 Batho le diphoofolo ba ke ba apare lesela le hwashang.* Bohle ba ke ba ipiletse ho Modimo mme ba tlohele diketso tsa bona tse kgopo le ho lwana. 9 Ho tseba mang? Mohlomong Modimo wa nnete a ka hauha mme a kokobela bohale hore re se ke ra shwa.”

10 Ha Modimo wa nnete a bona seo ba se entseng le hore ba tlohetse diketso tsa bona tse kgopo,+ ha a ka a ba fedisa jwalo ka ha a ne a boletse.+

4 Empa Jonase ha a ka a thabela taba ena ho hang yaba o a tuka ke bohale. 2 Ka hoo, a rapela Jehova a re: “Jehova, ke tsebile ke sa le haeso kwana hore ho tla etsahala tjena. Ke ka hoo di sa tloha feela ke ileng ka leka ho balehela Tarshishe+ hobane ke ne ke tseba hore o Modimo ya utlwelang batho bohloko, ya mohau, ya diehang ho halefa, ya lerato+ le ya sa rateng ho fana ka kotlo. 3 Jwale Jehova, ke kopa o ntlohele ke shwe hobane ho molemo hore ke shwe ho ena le ho phela.”+

4 Jehova a re: “Na ho nepahetse hore ebe o halefile hakaale?”

5 Jonase a tswa motseng mme a dula fatshe ka botjhabela ho motse. A iketsetsa lephephe moo yaba o dula tlasa moriti wa lona e le hore a bone hore na ho tla etsahalang ka motse oo.+ 6 Yaba Jehova Modimo o hlahisa semela sa mohope* hore se etse moriti hodima hlooho ya Jonase e le ho mo tshedisa. Jonase o ne a thabetse semela sena haholo.

7 Empa letsatsing le hlahlamang ha mafube a hlaha, Modimo wa nnete a romela seboko hore se je semela yaba semela seo se a omella. 8 Eitse hang ha letsatsi le tjhaba, Modimo a boela a etsa hore ho be le moya o tjhesang o hlahang botjhabela mme letsatsi la tjhesa Jonase hodima hlooho hoo a ileng a tsekela. A nna a ikopela ho shwa* mme a re: “Ho molemo hore ke shwe ho ena le hore ke phele.”+

9 Modimo a re ho Jonase: “Na ho nepahetse hore ebe o halefile hakaale ka lebaka la semela see?”+

Yaba o re: “Ke na le lebaka la ho halefa. Ke halefile hoo nka nnang ka shwa.” 10 Empa Jehova a re: “O utlwetse semela sena bohloko empa o sa ka wa se sebeletsa kapa hona ho etsa hore se hole. Se ile sa hola ka bosiu bo le bong feela, sa ba sa shwa ka bosiu bo le bong. 11 Na le nna ha ke a lokela ho utlwela Ninive motse o moholo bohloko,+ o nang le batho ba fetang 120 000 ba sa tsebeng phapang pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng,* o bileng o nang le diphoofolo tse ngata?”+

E bolelang “Leeba.”

Ka Seheberu: “tshaba.”

Ka Seheberu: “ka mpeng ya.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lefatshe.”

Ka Seheberu: “lefatshe.”

Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso. Kapa mohlomong: “ba kgaotsa ho tshepahala.”

Ka Seheberu: “motse o moholo ho Modimo.”

Sheba Tlhaloso.

Sheba Tlhaloso.

Sheba Tlhaloso.

Kapa mohlomong: “semela sa mohlafotha.”

Kapa: “hore moya wa hae o shwe.”

Kapa: “pakeng tsa letsoho la bona le letona le le letshehadi.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share