LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • nwt Haggai 1:1-2:23
  • Hagai

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Hagai
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Hagai

HAGAI

1 Selemong sa bobedi Morena Dariuse* a le pusong, letsatsing la pele la kgwedi ya botshelela, Jehova a fa moprofeta Hagai*+ molaetsa o yang ho mmusi wa Juda e leng Zorobabele+ mora wa Shalatiele le ho moprista ya phahameng Joshua mora wa Jozadake, o reng:

2 “Jehova wa mabotho o itse: ‘Batho bana ba re: “Nako ya hore ntlo* ya Jehova e hahuwe* ha e eso fihle.”’”+

3 Jehova a boela a fa moprofeta Hagai+ molaetsa o reng: 4 “Na ke nako ya hore le dule matlong a lona a kgabisitsweng ka mapolanka a matle, ha ntlo ya ka e le dithako?+ 5 Jehova wa mabotho o re: ‘Itlhahlobeng. 6 Le jetse peo e ngata empa le kotula hanyenyane.+ Le a ja empa eseng ho fihlela le kgotshe. Le nwa veine empa ha le na e lekaneng. Le apara diaparo empa ha ho ya futhumalang. Ya hirilweng o tshela mokgolo ka sepatjheng se masoba.’

7 Jehova wa mabotho o re: ‘Itlhahlobeng.’

8 ‘Nyolohelang thabeng mme le tlise difate tse renngweng.+ Le hahe ntlo+ ya ka e tla nkgotsofatsa mme ke tlotliswe,’+ ke Jehova ya tjhong.

9 Jehova wa mabotho o re: ‘Le ne le lebeletse tjhai e ngata empa le kotutse hanyenyane. Ha le e tlisa ka tlung, ke ile ka e butswella kwana.+ Ka lebaka lefe? Hobane ntlo ya ka ke dithako empa e mong le e mong wa lona o ntse a ya hodimo le tlase a hlokomela ntlo ya hae.+ 10 Ka hoo, mahodimo ha a ka a fana ka phoka ya ona mme lefatshe ha le a ka la medisa letho. 11 Ka nna ka etsa hore ho be le komello lefatsheng le dithabeng mme ha eba le kgaello ya dijo,* veine, oli le dijalo. Lona le diphoofolo tsa lona le a sotleha mme le sehlela lefeela.’”

12 Zorobabele+ mora wa Shalatiele+ le moprista ya phahameng Joshua mora wa Jozadake+ le batho bohle ba mamela lentswe la Jehova Modimo wa bona. Ba mamela le mantswe a moprofeta Hagai hobane Jehova Modimo wa bona o ne a mo romme mme ba tshoswa ke molaetsa wa Jehova.

13 Yaba Hagai moromuwa wa Jehova o bolella batho ditaba ho ya ka moo Jehova a mo laetseng o re: “‘Ke na le lona,’+ ke Jehova ya tjhong.”

14 Yaba Jehova o susumetsa+ mmusi wa Juda+ e leng Zorobabele mora wa Shalatiele le moprista ya phahameng Joshua+ mora wa Jozadake ha mmoho le batho bohle hore ba qale ho tsosolosa ntlo ya Jehova wa mabotho, Modimo wa bona.+ 15 Ba qadile ka letsatsi la bo24 la kgwedi ya botshelela selemong sa bobedi sa puso ya Morena Dariuse.+

2 Ka letsatsi la bo21 kgweding ya bosupa, Jehova a re ho moprofeta Hagai:+ 2 “Ke kopa o botse Zorobabele+ mmusi wa Juda+ mora wa Shalatiele le moprista ya phahameng Joshua+ mora wa Jozadake+ le setjhaba kaofela o re: 3 ‘Ke mang hara lona ya hopolang ka moo ntlo* ee e neng e le ntle ka teng pele?+ Le bona e le jwang hona jwale? Na ee ha se letho ha e bapiswa le eo?’+

4 Jehova o re: ‘Empa jwale eba sebete Zorobabele le wena moprista ya phahameng Joshua mora wa Jozadake, o be sebete.

Le lona le be sebete batho ba ka+ mme le sebetse,’ ke Jehova ya tjhong.

‘Hobane ke na le lona,’+ ke Jehova wa mabotho ya tjhong. 5 ‘Hopolang ntho eo ke ileng ka le tshepisa yona ha le ne le tswa Egepeta.+ Le hona jwale ke ntse ke le tataisa ka moya wa ka,*+ le se ke la tshoha.’+

6 Jehova wa mabotho o re: ‘Haufinyane ke tla boela ke sisinye mahodimo, lefatshe, lewatle le moo ho ommeng.+

7 Ke tla sisinya ditjhaba tsohle mme matlotlo* a ditjhaba tsohle a tla kena ka tlung ena.+ Ke tla etsa hore e hlomphehe, e be le seriti,’+ ke Jehova wa mabotho ya tjhong.

8 ‘Silevera ke ya ka le kgauta ke ya ka,’ ke Jehova wa mabotho ya tjhong.

9 ‘Ntlo ena e ntjha e tla hlompheha ho feta ya pele,’+ ke Jehova wa mabotho ya tjhong.

‘Ke tla le fa kgotso ntlong ena,’+ ke Jehova wa mabotho ya tjhong.”

10 Selemong sa bobedi sa puso ya Dariuse, ka letsatsi la bo24 la kgwedi ya borobong, Jehova a bua le moprofeta Hagai+ a re: 11 “Jehova wa mabotho o re: ‘Ke kopa o botse baprista hore na Molao o reng tabeng ena:+ 12 “Haeba motho a beha nama e halalelang* lemenong la seaparo sa hae mme lemeno la seaparo sa hae le thetsa bohobe, setjhu, veine, oli kapa dijo tsa mofuta le ha e le ofe, na di tla halalela?”’”

Baprista ba re: “Tjhe!”

13 Jwale Hagai a re: “Haeba motho ya sa hlwekang ka lebaka la ho thetsa setopo, a thetsa e nngwe ya dintho tsena, na e tla silafala?”+

Yaba baprista ba re: “E tla silafala.”

14 Ka hoo Hagai a re: “‘Setjhaba sena le batho bana ba jwalo,’ ke Jehova ya tjhong. ‘Mesebetsi yohle ya matsoho a bona e jwalo mme eng kapa eng eo ba e tlisang ka pela ka ha e a hlweka.

15 Empa ke a le kopa, ho tloha letsatsing lena ho ya pele, nahanisisang ka se ileng sa etsahala pele ho qalwa ho tsosoloswa tempele ya Jehova.+ 16 Ho ne ho le jwang? Ha motho a fihla qubung ya dijo* a lebeletse ho fumana mekotla e 20, o ne a fumana e leshome feela. Ha e mong a tla moo ho tlhotletsweng veine ho tlatsa dinkgo tse 50, o ne a tlatsa tse 20 feela.+ 17 Ke ile ka senya dijalo e leng mesebetsi yohle ya matsoho a lona. Ka di otla ka komello, phori*+ le ka sefako empa ha ho le ya mong wa lona ya ileng a kgutlela ho nna,’ ke Jehova ya tjhong.

18 ‘Ke kopa le tle le hlokomele hore na ho tla etsahalang ho tloha letsatsing lena ho ya pele, letsatsing la bo24 la kgwedi ya borobong ha ho behwa motheo wa tempele ya Jehova.+ Le hlokomele taba ena: 19 Ha ho sa na peo ka setorong.*+ Sefate sa morara, sa feie,* sa dikgarenate le sa mohlwaare ha di eso behe. Empa ho tloha letsatsing lena ke tla le hlohonolofatsa.’”+

20 Ka letsatsi la bo24 la kgwedi, Jehova a bua le Hagai ka lekgetlo la bobedi a re:+ 21 “Ere ho Zorobabele mmusi wa Juda: ‘Ke tla sisinya mahodimo le lefatshe.+ 22 Ke tla diha terone ya mebuso le ho fedisa matla a mebuso ya ditjhaba.+ Ke tla phethola kariki le bapalami ba yona mme dipere tsohle di tla shwa le bapalami ba tsona kaofela ba tla bolayana ka disabole.’”+

23 “Jehova wa mabotho o re: ‘Ka letsatsi leo, ke tla o bitsa, wena mohlanka wa ka Zorobabele+ mora wa Shalatiele,’+ ke Jehova ya tjhong. ‘Ke tla etsa hore o be jwalo ka reng e tempang* hobane ke wena eo ke mo kgethileng,’ ke Jehova wa mabotho ya tjhong.”

Dariuse I kapa Dariuse e Moholo

E bolelang “Ya Hlahileng Nakong ya Mokete.”

Kapa: “tempele.”

Kapa: “hahuwe hape.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “tempele.”

Kapa mohlomong: “le ha moya wa ka o ne o le hara lona.”

Kapa: “dintho tse lakatsehang tsa.”

Nama e halalelang e ne e le nama eo motho a fanang ka yona e le sehlabelo.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “sekoting se tshelang dijothollo.”

Kapa: “feiga.”

Ho bolela hore Jehova o tla nne a sebedise Zorobabele ho phetha morero wa Hae.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share