LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • nwt Malakia 1:1-4:6
  • Malakia

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Malakia
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Malakia

MALAKIA

1 Phatlalatso e tswang ho Modimo:

Ona ke molaetsa oo Jehova a o fang Baiseraele a sebedisa Malakia:*

2 Jehova o re: “Ke le bontshitse hore ke a le rata.”+

Empa lona le re: “O re bontshitse jwang hore o a re rata?”

Jehova a re: “Na Esau ha se ngwanabo Jakobo?+ Empa ke ne ke rata Jakobo 3 mme ke hloile Esau.+ Ke ile ka etsa hore dithaba tsa hae di se ke tsa eba le letho+ ka ba ka siya lefa la hae le diphokojwe naheng.”+

4 Baedomo ba re, ‘Le hoja re fedisitswe, re tla kgutla re lokise dintho tse sentsweng.’ Empa Jehova wa mabotho o re, ‘Ha ba haha ke tla heletsa mme ba tla bitswa “naha ya bokgopo” le “batho bao Jehova a ba ahlotseng ka ho sa feleng.”+ 5 Le tla bona ka mahlo a lona mme le tla re: “E se eka Jehova a ka roriswa naheng ya Iseraele.”’

6 Jehova wa mabotho o re ho lona baprista ba sa hlompheng lebitso la hae: ‘Mora o hlompha ntate wa hae+ le mohlanka o hlompha monghadi wa hae. Ka hoo, haeba ke ntate,+ ke hobaneng ha le sa ntlhomphe?+ Haeba ke monghadi,* ke hobaneng ha le sa hlomphe lebitso la ka?’*

Empa le re: “Ha re a hlompha lebitso la hao jwang?”+

7 “Ka ho tlisa dijo* tse silafetseng aletareng ya ka.”

Empa le re: “Re o silafaditse jwang?”

Ka hore le re: “Tafole* ya Jehova+ ke ntho e nyonyehang.” 8 Ha le tlisa phoofolo e foufetseng e le sehlabelo le re: “Ha re etse ntho e mpe.” Le ha le tlisa phoofolo e holofetseng kapa e kulang le ntse le re: “Ha re etse ntho e mpe.”+

Jehova wa mabotho o re: “Lekang ho di isa ho letona la lona le tle le bone hore na le tla le amohela kapa le le hauhele.”

9 Jehova wa mabotho o re: “Kopang Modimo hore a le hauhele. Na o tla le amohela le mo etsetsa mahlabelo a mofuta oo?”

10 Jehova wa mabotho o re: “Ha ho le ya mong ho lona ya batlang ho kwala mamati*+ kapa ho kgantsha aletare ya ka a sa patalwe.+ Ha le nthabise ebile ha ke thabele nyehelo eo le ntlisetsang yona e le mpho.”+

11 Jehova wa mabotho o re: “Lebitso la ka le tla hlomphuwa ditjhabeng ho tloha botjhabela ho ya bophirimela.+ Ho tla etswa hore mahlabelo a kubelle ho be ho etswe le dinyehelo e le hore ho roriswe lebitso la ka, e le mpho e amohelehang hobane lebitso la ka le tla hlomphuwa* ditjhabeng.”+

12 Empa le le* silafatsa+ ka ho re, ‘Tafole ya Jehova ha e a hlweka ebile ditholwana le dijo tsa yona di a nyonyeha.’+ 13 Jehova wa mabotho o re le boetse le re: ‘Mosebetsi ona o a tena!’ ebile le o swenyetsa dinko. Hape Jehova o re: “Le ntlisetsa diphoofolo tse utswitsweng, tse holofetseng le tse kulang. Le ntlisetsa dintho tsa mofuta oo e le mpho. Na le lebeletse hore ke di amohele?”+

14 Jehova wa mabotho o re: “Ho madimabe motho ya etsetsang Jehova kano le mahlabelo ka phoofolo e holofetseng* empa a ena le phoofolo e phetseng hantle mohlapeng wa hae. Ke nna Morena e moholo+ mme lebitso la ka le tla tshajwa le be le hlomphuwe hara ditjhaba.”+

2 “Baprista, taelo ena e ya ho lona.+ 2 Haeba le sa e mamele e le hore le tlotlise lebitso la ka, ke tla le tlisetsa bomadimabe+ mme ke etse hore ditlhohonolofatso tsa lona e be dithohako.+ Ka nnete ke tla etsa hore ditlhohonolofatso tsa lona di fetohe bomadimabe hobane ha le mamele ditaelo tsa ka,” ke Jehova wa mabotho ya tjhong.

3 “Ke tla senya peo eo le e jetseng ka lebaka la diketso tsa lona tse mpe.+ Hape ke tla le hasa ka bolokwe difahlehong e leng bolokwe ba diphoofolo tseo le etsang mahlabelo ka tsona meketeng ya lona mme le tla lahlwa le bolokwe boo.* 4 Le tla tseba hore ke nna ya le fileng taelo eo e le hore selekane sa ka le Levi se ka dula se le teng,”+ ke Jehova wa mabotho ya tjhong.

5 Selekane seo ke ileng ka se etsa le yena e ne e le sa hore ke mo fe bophelo le kgotso ke be ke etse hore a ntlhomphe.* O ile a fela a ntlhompha a ba a hlompha lebitso la ka. 6 O ne a ruta nnete*+ mme ha ho mohla a ileng a bua leshano. O ne a phela le nna ka kgotso a bile a lokile+ hape a thusa batho ba bangata hore ba tlohele ho etsa dintho tse mpe. 7 Moprista o lokela ho tseba* molao mme batho ba tla tla ho yena ho tla mamela molao+ ka ha ke moromuwa wa Jehova wa mabotho.

8 Jehova wa mabotho o re: “Empa lona ha le a mamela molao ebile le entse hore batho ba bangata ba se ke ba o mamela.*+ Le sentse selekane sa ka le Levi.+ 9 Ke tla etsa hore batho bohle ba le hloye ba be ba le kgelle fatshe hobane le ne le ahlola batho ka leeme.*+

10 Na kaofela ha rona ha re na ntate a le mong?+ Na kaofela ha rona ha re a boptjwa ke Modimo a le mong? Jwale ke hobaneng ha le etsetsana bolotsana+ mme le silafatsa selekane sa baholoholo ba rona? 11 Juda o entse bolotsana ebile ho entswe ntho e nyonyehang Iseraele le Jerusalema. Juda o tlotlolotse Jehova ya ratang ho halalela*+ mme o nyetse mosadi ya rapelang medimo e meng.+ 12 Jehova o tla fedisa batho bohle ba tswang setjhabeng sa Iseraele* ba etsang dintho tsena le ha ba ka tlisetsa Jehova wa mabotho dinyehelo.+

13 Ho na le ntho e nngwe hape* eo le e etsang, e etsang hore aletare ya Jehova e tlale dikeledi tsa batho ba llang ka lebaka la ho utlwa bohloko. Ntho ena e etsa hore Modimo a se ke a hlola a amohela dinyehelo kapa dintho tseo le fanang ka tsona.+ 14 Le re, ‘Hobaneng?’ Ke hobane Jehova o bone hore ha le tshepahalle basadi ba botjheng ba lona le hoja e le balekane ba lona ebile e le basadi bao le entseng selekane le bona.*+ 15 Le ha ho le jwalo, ho ne ho ena le ba bang hara lona ba neng ba ikemiseditse ho se etse jwalo. Ke eng eo ba neng ba e nka e le ya bohlokwa? Ke hore ba be le bana* bao e tla ba karolo ya batho ba Modimo. Ka hoo, le hlokomele dintho tseo le di nahanang le tseo le di etsang mme le se ke la etsetsa basadi ba botjheng ba lona bolotsana.” 16 Jehova Modimo wa Iseraele o re: “Ke hloile tlhalo+ ebile ke hloile motho ya ratang ntwa. Ka hoo, le hlokomele dintho tseo le di nahanang le tseo le di etsang mme le se ke la etsa bolotsana,”+ ke Jehova wa mabotho ya tjhong.

17 “Le entse hore Jehova a kgathale ke dintho tseo le di buang.+ Empa le re, ‘Ke jwang re entseng hore a kgathale?’ Ka hore le re, ‘Jehova o nka motho e mong le e mong ya etsang dintho tse mpe a lokile ebile o a mo rata,’+ le ka hore le re, ‘O kae Modimo ya nang le toka?’”

3 Jehova wa mabotho o re: “Ke romela moromuwa wa ka mme o tla ntokisetsa* tsela.+ Morena wa nnete eo le mo batlang, o tla tla tempeleng ya hae ka tshohanyetso.+ Moromuwa wa selekane eo le mo thabelang o tla tla. Ka nnete o tla tla.”

2 “Ke mang ya tla mamella letsatsi leo a tlang ka lona? Ke mang ya tla ema ha a hlaha? O tla ba jwalo ka mollo wa mohlwekisi le jwalo ka sesepa+ sa batho ba hlatswang. 3 O tla dula fatshe jwalo ka motho ya hlwekisang le ya hlatswang silevera+ mme a hlwekise bara ba Levi. O tla ba hlwekisa jwalo ka kgauta le silevera. Ho Jehova e tla ba batho ba nyehelang mpho ba se na molato. 4 Nyehelo ya mpho ya Juda le Jerusalema e tla kgahlisa* Jehova jwalo ka mehleng ya kgale le dilemong tsa kgalekgale.+

5 Jehova wa mabotho o re: “Ke tla tla ke tlo le ahlola mme ka potlako ke tla ahlola baloi,+ bafebi, ba etsang dikano tsa leshano,+ ba qhekellang motho ya hirilweng,+ mohlolohadi le kgutsana*+ le ba hanang ho thusa* moditjhaba.+ Batho bana ha ba a ka ba ntshaba.”

6 “Ke nna Jehova, ha ke fetohe.*+ Le bana ba Jakobo, ke ka lebaka leo le eso ka le fediswa. 7 Haesale le kgeloha melao ya ka ebile le sa e mamele ho tloha mehleng ya baholoholo ba lona.+ Kgutlelang ho nna mme ke tla kgutlela ho lona,”+ ke Jehova wa mabotho ya tjhong.

Empa le re: “Re tla kgutla jwang?”

8 “Na motho a ka utswetsa Modimo? Empa lona le a nkutswetsa.”

Le re: “Re o utsweditse jwang?”

“Ka ho se tlise karolo ya leshome* le menehelo. 9 Le rohakilwe* hobane le a nkutswetsa. Setjhaba sohle se a nkutswetsa. 10 Tlisang karolo yohle ya leshome* ka tlung ya polokelo+ e le hore ho be le dijo ka tlung ya ka.+ Ke kopa le nteke, le bone hore na nke ke ka le bulela dikgoro tsa mahodimo+ ke be ke le tshollele ditlhohonolofatso ho fihlela le se le sa hloke letho,”+ ke Jehova wa mabotho ya tjhong.

11 Jehova wa mabotho o re: “Ke tla thibela ditsie* hore di se ke tsa le senyetsa dijalo tsa naha ya lona+ ebile difate tsa lona tsa morara di tla dula di beha ditholwana.”

12 Jehova wa mabotho o re: “Ditjhaba tsohle di tla phatlalatsa hore le thabile+ hobane le tla ba naha ya thabo.”

13 Jehova o re: “Mantswe ao le a buileng ka nna a ntlhabile.”

Lona le re: “Re itseng ka wena e o hlabileng?”+

14 “Le re, ‘Ho sebeletsa Modimo ha ho na thuso.+ Re fumane melemo efe ka ho bontsha Jehova wa mabotho hore re swabetse dibe tsa rona le ka ho phetha seo re itlammeng hore re tla mo etsetsa sona? 15 Hona jwale re bona batho ba ikgohomosang ba thabile le ba etsang dintho tse mpe ba atleha.+ Ha ba tshabe ho leka Modimo ebile ha ho letho le ba etsahallang.’”

16 Ka nako eo, ba tshabang Jehova ba buisana, e mong le e mong a buisana le motswalle wa hae. Jehova a nna a ba mamela mme a utlwa seo ba se buang. Jehova a re ho ngolwe+ bukeng mabitso a batho bao a neng a tla ba hopola, batho ba mo hlomphang* le ba nahanisisang ka lebitso la hae.+

17 Jehova wa mabotho o re: “E tla ba batho ba ka+ mohla ke ba etsang setjhaba se kgethehileng.*+ Ke tla ba qenehela jwalo ka ha motho a qenehela mora wa hae ya mo sebeletsang.+ 18 Le tla boela le bone phapang pakeng tsa motho ya lokileng le ya kgopo+ le pakeng tsa motho ya sebeletsang Modimo le ya sa mo sebeletseng.”

4 Jehova wa mabotho o re: “Ho tla letsatsi le tjhesang jwalo ka mollo,+ ha bohle ba ikgohomosang le ba etsang dintho tse mpe ba tla tshwana le ditlhaka. Letsatsi leo le tla ba fedisa, le ba siye ba se na motso kapa lekala. 2 Empa lona ba hlomphang* lebitso la ka, le tla tjhabelwa ke letsatsi la ho loka leo mahlasedi* a lona a fodisang. Le tla tlolatlola jwalo ka manamane a nonneng.”

3 Jehova wa mabotho o re: “Letsatsing leo ke hlaselang ba kgopo, le tla ba hatakela hobane ba tla ba jwalo ka lerole tlasa maoto a lona.

4 Hopolang Molao oo ke o fileng mohlanka wa ka Moshe. Le hopole dikahlolo le ditaelo tseo ke ileng ka di fa Baiseraele bohle Horebe hore ba di mamele.+

5 Ke le romela moprofeta Elia+ pele letsatsi la Jehova le leholo le le tshosang le fihla.+ 6 O tla etsa hore dipelo tsa bontate di tshwane le tsa bana ba bona+ le hore dipelo tsa bana di tshwane le tsa bontate ba bona e le hore ke se ke ka tla otla lefatshe, ka le fedisa.”

(Phetolelo ya Mangolo a Seheberu le a Searame e fella mona. E tla latelwa ke ya Mangolo a Segerike a Bakreste)

E bolelang “Moromuwa wa Ka.”

Kapa: “monghadi e moholo.”

Kapa: “ntshabe.”

Ka Seheberu: “bohobe.”

Kapa: “Aletare.”

Ho buuwa ka mosebetsi wa ho kwala mamati a tempele.

Kapa: “le tla ba leholo.”

Kapa mohlomong: “le ntshilafatsa.”

Kapa: “e sa phelang hantle.”

E leng sebaka seo bolokwe ba diphoofolo tse entsweng mahlabelo bo neng bo lahlelwa ho sona.

Kapa: “ntshabe.”

Kapa: “ruta molao.”

Kapa: “ho ithuta.”

Kapa mohlomong: “ka thuto ya lona.”

Kapa: “ka ho hloka toka.”

Kapa mohlomong: “sehalalelo.”

Kapa: “ditenteng tsa Jakobo.”

Ka Seheberu: “ntho ya bobedi.”

Kapa: “bao le ba nyetseng ka molao.”

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “ntlhekela.”

Kapa: “kgotsofatsa.”

Kapa: “ngwana ya se nang ntate.”

Kapa: “ba hatellang ditokelo tsa.”

Kapa: “ha ke a fetoha.”

Kapa: “boshome.”

Kapa mohlomong: “Le nthohakile ka thohako.”

Kapa: “boshome.”

E ka nna yaba ho buuwa ka kotlo ya ditsie.

Ka Seheberu: “ba mo tshabang.”

Kapa: “thepa e kgethehileng.”

Ka Seheberu: “tshabang.”

Ka Seheberu: “mapheo.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share