Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • nwt Filemone 1-25
  • Filemone

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Filemone
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Filemone

LENGOLO LE YANG HO FILEMONE

1 Lengolo leo nna Pauluse motshwaruwa+ ka lebaka la Kreste Jesu le ngwanabo rona Timothea+ re le ngollang Filemone mosebetsimmoho eo re mo ratang, 2 Afia kgaitsedi ya rona, Arkipase+ lesolemmoho le rona le phutheho e kenelang ha hao:+

3 E se eka Modimo Ntate wa rona le Morena Jesu Kreste ba ka ba mosa* ho lona le ho le fa kgotso.

4 Filemone ngwaneso, ka mehla ke leboha Modimo ha ke bua ka wena dithapelong tsa ka,+ 5 ha ke ntse ke utlwa ka tumelo ya hao le ka moo o ratang Morena Jesu le badumedimmoho* ka teng. 6 Ke rapella hore tumelo eo re nang le yona e o susumeletse ho amohela ntho e nngwe le e nngwe e molemo eo Kreste a re fileng yona. 7 Etswe ke ile ka thaba haholo ka ba ka kgothala ha ke utlwa ka moo o leng lerato ka teng ngwaneso hobane o matlafaditse dipelo tsa* badumedimmoho.*

8 Ka hona, ke le moapostola wa Kreste ke na le tokelo ya ho o laela ho etsa se nepahetseng 9 empa ke kgetha ho o kopa ka lerato ka ha nna Pauluse ke monna ya hodileng ebile ke motshwaruwa ka lebaka la ho sebeletsa Kreste Jesu. 10 Ke ipiletsa ho wena malebana le ngwanaka Onesimase,+ eo ke bileng jwalo ka ntate+ ho yena ha ke ntse ke le teronkong.* 11 Pele o ne a se na thuso ho wena empa jwale o se a le molemo ho nna le ho wena. 12 Ke mo kgutlisetsa ho wena, yena Onesimase eo ke mo ratang haholo.*

13 Nka rata hore a dule mona le nna mme a ntshebeletse ka tsela eo o neng o ka rata ho ntshebeletsa ka yona ha ke ntse ke le teronkong e le hore ditaba tse monate di nne di bolelwe.+ 14 Empa ha ke batle ho etsa letho o sa ntumella e le hore o ka amohela kopo ya ka ka boithatelo eseng hobane o qobeletswe.+ 15 Mohlomong o o siile ka nakwana* e le hore o ka boela wa ba le yena ka mehla, 16 lekgetlong lena e se lekgoba+ empa e le ya bohlokwa ho feta lekgoba, e le modumedimmoho le rona.+ Ke mo rata haholo mme le wena o tla mo rata haholo e le lekgoba ebile e le Mokrestemmoho le rona. 17 Ka hona, haeba o nka hore nna ke motswalle wa hao, o mo amohele ka mosa ka tsela eo o neng o tla nkamohela ka yona. 18 Hape haeba o ile a o etsetsa phoso le ha e le efe kapa a o kolota ntho le ha e le efe, o nke e le nna ya o kolotang. 19 Nna Pauluse ke ngola ka letsoho la ka mme ke tshepisa hore ke tla o lefa. Empa o a tseba hore le wena o nkolota ho hongata.* 20 Ngwaneso, e se eka o ka nthusa ka ha re le Bakrestemmoho. Matlafatsa pelo ya ka jwalo ka ha o le molatedi wa Kreste.

21 Ke o ngolla ke kgodisehile hore o tla amohela kopo ya ka, ke tseba hore o tla be o etse ho fetang ntho eo ke e kopileng. 22 Hape o ntokisetse bodulo ka ha ke na le tshepo ya hore ka dithapelo tsa lona ke tla lokollwa ke tlo le bona.+

23 Epafrase+ ya teronkong jwalo ka nna ka lebaka la ho sebeletsa Kreste Jesu* o re o dumele. 24 Mareka, Aristakase,+ Demase+ le Luka+ basebetsimmoho le nna le bona ba re o dumele.

25 E se eka mosa wa Morena Jesu Kreste o ka ba le moya o motle oo le o bontshang.

Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “bahalaledi.”

Kapa: “lerato la.”

Ka Segerike: “bahalaledi.”

Ka Segerike: “ditlamong.”

Kapa: “ya pelong ya ka.”

Ka Segerike: “ka hora.”

Kapa: “bophelo ba hao.”

Kapa: “motshwaruwammoho le nna bonngweng le Kreste Jesu.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela