DILLO TSA JEREMIA KAKARETSO YA BUKA 1 Jerusalema e tshwantshwa le mohlolohadi Ha a sa na baahi ebile o jewa ke budutu (1) Dibe tsa Sione tse kgolo (8, 9) Modimo o lahlile Sione (12-15) Ha ho motho ya tshedisang Sione (17) 2 Jehova o halefela Jerusalema Ha e bontshwe mohau (2) Ekare Jehova ke sera ho yena (5) Sione e a llelwa (11-13) Batho ba fetang ka tsela ba soma motse o kileng wa ba motle (15) Dira di a thaba ka lebaka la ho wa ha Sione (17) 3 Jeremia o bua ka maikutlo a hae le tshepo ya hae ‘Ke tla leta ka mamello’ (21) Modimo o re hauhela letsatsi le leng le le leng (22, 23) Modimo o molemo ho ba mo tshepileng (25) “Ho molemo hore motho a jare joko a sa le motjha” (27) Modimo o thibile ka leru hore a se ke a atamelwa (43, 44) 4 Ho etsahala dintho tse bohloko ha Jerusalema e dikadikeditswe Kgaello ya dijo (4, 5, 9) Basadi ba pheha bana ba bona (10) Jehova o bonahaditse bohale ba hae (11) 5 Batho ba rapella ho kgutlela naheng ya habo bona “Hopola ntho e re hlahetseng” (1) “Ho madimabe rona hobane re entse sebe” (16) “Re boelanye le wena Jehova” (21) “Etsa hore dintho tsohle di tshwane le mehleng ya pele” (21)