Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • g17 No. 5 maq. 14-15
  • Tseba Haholwanyane ka Kazakhstan

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Tseba Haholwanyane ka Kazakhstan
  • Fadimehang!—2017
Fadimehang!—2017
g17 No. 5 maq. 14-15
Astana, Kazakhstan

Toropo ya Astana

DINAHA LE BATHO

Tseba Haholwanyane ka Kazakhstan

Mmapa wa Kazakhstan

BATHO ba Kazakhstan ba ne ba phela bophelo ba hloma o hlomole. Esita le ho tla fihlela lena le hodimo, badisa ba bang ba Makazakh, ba ntse ba isa diphoofolo tsa bona makgulong a fapafapaneng ho latela dinako tsa selemo. Ba qeta lehlabula lohle ba fudisa diphoofolo tsa bona dithabeng tse phodileng, tse nang le jwang bo botala. Athe mariha teng ha lehlwa le se le tlo kgetheha, ba theolela diphoofolo tsa bona dibakeng tse futhumetseng.

Batho ba bang ba Makazakh ba dula ditoropong tse tswetseng pele. Le ha ho le jwalo, setso, dijo le mekgabiso, di bontsha bophelo ba hloma o hlomole boo baholoholo ba bona ba neng ba bo phela. Makazakh a rata dithoko tsa setso sa habo bona, dipina le ho bapala mmino ka diletswa tsa bona tsa mmino.

Ntho e ikgethang hape ka naha ena, ke ntlo ya setso e etswang ka tente eo batho ba moo ba e sebedisang haholo ha ba ntse ba ya hodimo le tlase bophelong. Badisa ba moo ba ntse ba rata ntlo ena. Esita le batho ba Makazakh ba dulang ditoropong, hangata ba e sebedisetsa ho ba le diketsahalo tsa bohlokwa ho yona. Matlo ana a boetse a sebediswa le ke bahahlaudi. Ka hare ho ntlo ena, o kgona ho bona mesebetsi e fapafapaneng ya mekgabiso, dimmete le meloho e bontshang boqhetseke le bokgoni ba basadi ba Makazakh.

Lelapa le ka hara ntlo ya setso ya Makazakh e entsweng ka tente

Ntlo ya setso ya Makazakh

Batho ba Makazakh ba dulang mahaeng, ha ba batle letho ka dipere tsa bona. Makazakh a na le mabitso a ka bang 21 ao ba a rehang dipere tsa bona mme a na le meelelo e fapaneng. Ba boetse ba na le mantswe le ditlhaloso tse fetang 30 tse hlalosang mebala ya boya ba dipere tseo tsa bona. Pere e phetseng hantle e ntse e tura ebile e nkwa e le mpho ya bohlokwa haholo. Dibakeng tsa mahaeng, bashemane ba ithuta ho palama dipere ba sa le banyane.

Dijo tse ding le tse ding tsa setso tsa Makazakh, di dula di na le nama eo ka tlwaelo e sa tshelweng sepaese. Dinomaphodi tseo ba di ratang haholo ke koumiss e entsweng ka lebese la pere, eo hothweng e molemo haholo mmeleng. Se seng ke shubat, sona se mafura ebile se bodilanyana tjena mme se entswe ka lebese la kamele.

Ofisi ya lekala ya Dipaki Tsa Jehova e Almaty, e amohela baeti mme e butswe bakeng sa hore ba ka e bona.

Lengau le dulang lehlweng

Hlabula lengau lena leo ho leng thata ho le finyella, le qeta nako le le ka hodima dithaba tsa Kazakhstan

NA O NE O TSEBA?

Ho na le mefuta e ka bang 36 ya dipalesa tse bitswang dikgahla tsa naha tse melang Kazakhstan, mme sebopeho sa dipalesa tsena se sebediswa haholo ha ho torouwa le ho penta dintho tse ngata, hoo e seng e le karolo ya setso sa moo.

Metsi a letsha le bitswang Balkhash a letswai karolong e ka botjhabela, athe haele karolo e ka bophirima teng ha ana letswai le lengata.

Ho tsoma ka dinonyana tse jwalo ka phakwe, ntsu le tse ding ke ntho e tlwaelehileng haholo ho Makazakh. Ba ipabola haholo ka ho kwetlisa dintsu tse mmala wa kgauta, ebile ba di rata e le kannete.

Ntsu e rwetseng ntho e kang katiba hlohong e dutse hodima sephaka sa monna

Ntho e kang katiba e hlohong ya ntsu e e thusa hore e se ke ya tshaba batho

  • DIPUO TSE BUUWANG HAHOLO: SEKAZAKH, SERUSSIA

  • BAAHI: 17 563 000

  • MOTSEMOHOLO: ASTANA

  • TLELAEMETE: HLABULA KE KOMELLO EBILE HO A TJHESA, MARIHA HO A BATA EBILE LEHLWA LE A KGETHEHA

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela