Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • g18 No. 1 maq. 12-13
  • Eba le Sepheo Bophelong

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Eba le Sepheo Bophelong
  • Fadimehang!—2018
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Bophelo bo Bile Teng Jwang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Fadimehang!—2018
g18 No. 1 maq. 12-13

O KA FUMANA THABO YA SEBELE JWANG BOPHELONG?

Eba Le Sepheo Bophelong

RE LE BATHO RE IKGETHA KA TSELA TSE FAPANENG, KA MOHLALA, RE KGONA HO NGOLA, HO PENTA LE HO QAPA, EBILE KA DINAKO TSE DING RE IPOTSA DIPOTSO TSE NGATA TSE KANG: Ke hobaneng ha dintho tsohle di le teng? Re tswa ho kae? Re phelelang? Bokamoso bo re tshwaretseng?

Batho ba bangata ba qoba ho botsa dipotso tsena, ba nka hore dikarabo tsa tsona di ka nqane ho matla a bona. Ba bang bona ba re ka ha dintho di iphetotse, ha ho hlokahale hore ba itshwenye ka dipotso tse jwalo. Moprofesa e mong wa histori le baeloji ya bitswang William Provine, o ile a bolela hore “ha ho na medimo ebile bophelo ha bo na thuso. Hape ha ho na moo melao le ditekanyetso tsa batho di thehilweng teng.”

Le ha ho le jwalo, batho ba bang bona ha ba dumellane le sena. Ba bona dintho tsohle di tsamaya ka tlhophiso ebile di laolwa ka tsela e nepahetseng. Ba hlollwa ke ho bona ka moo dintho di entsweng ka boqhetseke ka teng. Ke ka hoo batho ba lekileng ho di kopitsa ha ba etsa disebediswa tse itseng. Ka lebaka leo, pono ya bona e ba netefalletsa hore ho na le motho ya bohlale ya di bopileng.

Mabaka ana a entse hore batho ba bang ba dumelang hore dintho di iphetotse, ba fetole pono ya bona. A re ke re boneng mehlala e mmedi e latelang.

DOCTOR YA BOKO E BITSWANG ALEXEI MARNOV. E re: “Dikolo tseo ke ileng ka di kena di ne di ruta thuto ya hore Modimo ha a yo le hore dintho di iphetotse. Motho ya neng a dumela ho Modimo o ne a nkwa a haellwa ke tsebo.” Le ha ho le jwalo, ka 1990 Alexei o ile a qala ho bona dintho ka tsela e fapaneng.

O re: “Ke ne ke leka ka hohle hore ke utlwisise mabaka ao dintho di etsahalang ka ona, haholoholo ha ke sheba boko. Tsela e hlollang eo bo entsweng ka yona, e rarahane ho feta ntho le ha e le efe e kileng ya ba teng. Empa na boko bo ne bo etseditswe ho bokeletsa tsebo le bokgoni ebe ka mora moo bo a itjhwella? Sena se ne se sa utlwahale. Ka ho na, ke ile ka ipotsa: ‘Re tswa ho kae? Re phelelang?’ Ka mora ho nahanisisa ka dintho tsena, ke ile ka fihlella qeto ya hore hona le Mmopi.”

Alexei o ile a qala ho ithuta Bibele ka mora ho hlollwa ke ho bona ka moo dintho di entsweng ka teng. Hamorao, mosadi wa hae eo le yena e neng e le doctor, a bile a sa dumele hore Modimo o teng, o ile a ithuta Bibele e le hore feela a tshwaye monna wa hae phoso! Hona jwale ba a dumela hore Modimo o teng, ebile ba utlwisisa ka ho hlaka hore na ba phelelang jwalo ka ha Mangolo a hlalosa.

RASAENSE YA BITSWANG HUABI YIN. Huabi Yin o ile a ithuta fisiks ka dilemo tse ngata. O ile a etsa dipatlisiso ka saense e amanang le letsatsi.

Huabi o re: “Jwalo ka borasaese ha re ithuta ka dintho tsa tlhaho, re a hlollwa ha re bona ka moo di hlophisitsweng ka tsela e phahameng ka teng. Sena se bontsha hore ho na le melao e tobileng e laolang tlhaho. Ke ile ka ipotsa, ‘Ebe melao ena e tswa ho kae?’ Ka mohlala, haeba re hloka ho laola mollo ha re phehile, jwale ke mang ya ikarabellang ka hore a laole letsatsi ka tsela e hlollang hakaale? Qetellong ke ile ka fihlela qeto ya hore seo Bibele e se rutang ke nnete, ha e re: ‘Tshimolohong Modimo o ile a bopa mahodimo le lefatshe.’”—Genese 1:1.

Ke nnete hore saense e re fa lesedinyana dipotsong tseo re nang le tsona bophelong. Tse ding tsa dipotso tseo re ipotsang tsona ke hore: Disele tsa boko di sebetsa jwang? Letsatsi le hlahisa motjheso le kganya jwang? Empa Alexei le Huabi, ba ile ba hlokomela hore Bibele yona e etsa ho fetang hoo, e fana ka mabaka dipotsong tseo re nang le tsona bophelong, tse kang: Ke hobaneng ha dintho tsohle di bopilwe? Ke hobaneng ha di hlophisehile hakaale? Re phelelang?

Bibele ha e bua ka lefatshe e re: “[Modimo] ya sa kang a le bopela lefeela, ya le etseditseng hore le be le baahi.” (Esaia 45:18) Ho a thabisa ho tseba hore ho na le seo Modimo a tlo re etsetsa sona, jwalo ka ha re tlo bona sehloohong se latelang.

DINTLHA TSA BOHLOKWA

‘Modimo ha a bopela lefatshe lefeela, empa o le etseditse hore le be le baahi.’—Esaia 45:18.

“Re lokela ho ba le sepheo bophelong”

Profesa e nngwe ya psychology e bitswang William McDougall, e ile ya re, “E le hore re dule re phetse hantle, e mong le e mong wa rona o hloka ho sebedisa matla a hae ho etsa ntho e itseng e tla mo thusa hore a be le sepheo bophelong.” Carol Ryff eo le yena e leng Profesa ya psychology, o bontsha hore ho bonahala ha batho ba nang le “sepheo bophelong, e le bona ba phetseng hantle mmeleng. Hangata ha ba be le mathata a kelello a kang ho lebala haholo kapa ho hloleha ho nahana, e leng mathata a ka tliswang ke ho hola . . . , lefu la pelo, setorouku. . . le mafu a mang a kang ao. Hape ba phela nako e telele.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela