Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • g20 No. 1 leq. 4
  • Ke Eng e Bakang ho Tshwenyeha?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ke Eng e Bakang ho Tshwenyeha?
  • Fadimehang!—2020
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Ho Tshwenyeha ke Eng?
    Fadimehang!—2020
  • Na o Tshwenyehile?
    Fadimehang!—2020
  • Tse ka Hare
    Fadimehang!—2020
  • O ka Etsang Hore o Kgaotse ho Tshwenyeha?
    Fadimehang!—2020
Fadimehang!—2020
g20 No. 1 leq. 4

O KA KGONA HO KGAOTSA HO TSHWENYEHA

Ke Eng e Bakang ho Tshwenyeha?

Tleniki e tsebahalang ya Mayo, e bontsha hore batho ba baholo ba bangata ba ba le kgatello ya kelello e ntseng e eketseha haholo letsatsi le letsatsi, hobane bophelo ba kajeno bo tletse ka diphetoho tse ngata. Hlokomela tse ding tsa diphetoho tse bakang ho tshwenyeha:

  • tlhalo

  • ho hlokahallwa ke motho eo o mo ratang

  • ho kula

  • ho hlahelwa ke kotsi

  • bokebekwa

  • bophelo bo maphathephathe

  • dikoduwa tsa tlhaho kapa tse bakilweng ke batho

  • kgatello sekolong kapa mosebetsing

  • ho tshwenyeha ka maemo a ditjhelete le ho hloka mosebetsi

HO FELLWA KE MOSEBETSI

“Ho fellwa ke mosebetsi ho ka etsa hore motho a utlwe bohloko, a kule, a be le mathata a lenyalo, a nyahame, a be le kgatello ya maikutlo ebile maemong a mang a ipolaye. Ho ka ama karolo e nngwe le e nngwe ya bophelo ba hae.” Ho bolela The American Psychological Association.

BANA BA KA BA LE KGATELLO YA KELELLO

Le bana ba ka ba le kgatello ya kelello. Ba bang ba a hlekefetswa sekolong kapa ha ba tshwarwe hantle lapeng. Ba bang ba hlekefetswa mmeleng, maikutlong kapa ka thobalano. Ha ba bang ba tshwenyehile ka di tlhahlobo kapa ka di maraka tsa bona tsa sekolo. Ba bang batswadi ba bona ba a hlalana. Bana ba nang le kgatello ya kelello ba ka lora ditoro tse tshosang bosiu, ba se ke ba ithuta hantle sekolong, ba ba le kgatello ya maikutlo kapa ba se thabele ho ba hara batho. Ho bonahala ba bang ba sa kgone ho laola maikutlo a bona. Ngwana ya nang le kgatello ya kelello o hloka ho thuswa ka potlako.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela