Seo re Tlo Ithuta Sona
Kaha batho ha ba sa hlomphana mehleng ena, ba a makala ha motho e mong a bontsha tlhompho.
Ka mohlala, batho ba bangata ha ba sa hlomphana ebile ha ba sa hlompha le batswadi ba bona, batho ba hodileng, mapolesa, bahiri ba bona esita le matitjhere. Ho ekelletsa moo, batho ba bua dintho tse mpe ka ba bang le ho ba utlwisa bohloko inthaneteng. Sehlooho se seng se hlahang makasineng ya Harvard Business se re ho se hlomphe batho ba bang “ho ntse ho ata le ho feta mme ke ntho e tswelang pele.”