Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • bt leq. 224
  • Index ya Ditshwantsho

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Index ya Ditshwantsho
  • Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
bt leq. 224

Index Ya Ditshwantsho

Ho Ya Ka Leqephe Leo Di Hlahang Ho Lona

  • Ditshwantsho tse ka ntle Pauluse, Tabitha, Galio, Luka, molaodi wa tempele hammoho le baapostola, Mosaduse, Pauluse o felehetswa ho ya Sesarea ho etswa mosebetsi wa ho paka ka koloi e nang le sebuelahole le ka keramafono.

  • Leqephe la 1 Pauluse, o tlanngwe ka diketane, o na le Luka mme ba palame sekepe sa thepa se yang Roma.

  • Leqephe la 2, 3 Morabo rona J. E. Barr le Morabo rona T. Jaracz ba Sehlopha se Busang ba shebile mmapa wa lefatshe.

  • Leqephe la 11 Jesu o roma baapostola ba tshepahalang ba 11 hammoho le balatedi ba bang a le thabeng ya Galilea.

  • Leqephe la 14 Jesu o nyolohela lehodimong. Baapostola ba mo shebile.

  • Leqephe la 20 Ka Pentekonta, barutuwa ba qala ho bua le baeti ka dipuo tsa habo bona.

  • Leqephe la 36 Baapostola ba eme ka pela Kaifase ya lolomang ke bohale. Lekgotla le Phahameng la Bajuda le laela balaodi ba tempele hore ba yo tshwara baapostola.

  • Leqephe la 44 Tlaase: Ka mora Ntwa ya II ya Lefatshe, lekgotla la Jeremane Botjhabela le ile la ahlola Dipaki Tsa Jehova ka ho hloka toka la re ke dihlwela tsa Amerika.​—Koranta ya Neue Berliner Illustrierte, ya la 3 October, 1950.

  • Leqephe la 46 Setefane o qoswa ka pela Lekgotla le Phahameng la Bajuda. Morao mane ke Basaduse ba barui, mme pele mona ke Bafarisi ba kgomaretseng dineano ka ho feteletseng.

  • Leqephe la 54 Petrose o beha matsoho hodima morutuwa e motjha; Simone o nkile mokotlana wa tjhelete.

  • Leqephe la 75 Petrose le bo mphato ba hae ba kena ha Korneliase. Korneliase o apere seaparo se kgethehileng seo a se akgetseng lehetleng ho bontsha hore ke molaodi wa lekgolo.

  • Leqephe la 83 Petrose o tataiswa ke lengeloi; mohlomong o ne a kwaletswe Toreng ya Antonia.

  • Leqephe la 84 Tlaase: Barababo rona ba hlaselwa ke mokgopi haufi le Montreal, Quebec, ka 1945.​—Weekend Magazine, ya July 1956.

  • Leqephe la 91 Pauluse le Barnabase ba lelekwa Antioke ya Pisidia. Ka morao ke lerako le letjha la motse, leo mohlomong le hahilweng mathwasong a lekgolo la pele la dilemo C.E.

  • Leqephe la 94 Pauluse le Barnabase ba hana ho rapelwa ke batho ba Listra. Hangata ha ho etswa mahlabelo phatlalatsa batho ba ne ba kgaba mme ba bina ba bile ba etsa lerata.

  • Leqephe la 100 Hodimo: Silase le Judase ba kgothatsa phutheho ya Antioke e Siria. (Dik. 15:​30-32) Tlaase: Molebedi wa potoloho o fana ka puo phuthehong ya Uganda.

  • Leqephe la 107 Phutheho ya Jerusalema e tshwere seboka lelapeng la motho.

  • Leqephe la 124 Pauluse le Timothea ba palame sekepe sa kgwebo sa Roma. Morao mane ke tora e kgantshetsang basesisi ba dikepe.

  • Leqephe la 139 Pauluse le Silase ba sebakeng se kwetsweng ka diheke, ba baleha mokgopi o halefileng.

  • Leqephe la 155 Galio o kgalemela baqosi ba Pauluse. O apere diaparo tse bontshang maemo a hae: seaparo se sesweu sa borena se harelwang mmeleng ebe se akgelwa lehetleng, se nang le motsero o sephara o pherese mme o rwetse seeta se bitswang calcei.

  • Leqephe la 158 Demetriase o bua le ditei tsa silevera Efese. Diemahale tsa Artemise di rekisetswa batho.

  • Leqephe la 171 Pauluse le bo mphato ba hae ba palama sekepe. Seemahale se ka morao ke Great Harbor Monument, e hahilweng lekgolong la pele la dilemo B.C.E.

  • Leqephe la 180 Tlaase: Motjha wa Paki o tsamaisa dingodilweng tsa Bibele ka sekgukgu dilemong tsa bo 1940 ha dingodilweng di ne di thibetswe Canada. (Hase setshwantsho sa sebele.)

  • Leqephe la 182 Pauluse o etsa seo baholo ba kōpang hore a se etse. Luka le Timothea ba dutse ka morao, ba tlisitse monehelo.

  • Leqephe la 190 Motjhana wa Pauluse o bua le Claudiase Lisiase Toreng ya Antonia, moo e ka nnang yaba Pauluse o kwaletswe teng. Morao mane ke tempele ya Heroda.

  • Leqephe la 206 Pauluse o rapella batho ba kgathetseng ba leng ka moo thepa e laelwang teng ka sekepeng.

  • Leqephe la 222 Pauluse wa motshwaruwa, o tlameletswe lesoleng la Roma, mme o shebile motse wa Roma.

BATHO BAO HO BUUWANG KA BONA MABOKOSENG

Basokolohi

Petrose

Johanne

Baprista

Gamaliele

Filipi

Leqhalaha la Ethiopia

Saule

Tabitha

Korneliase

Heroda Agripa I

Barnabase

Jakobo

Mareka

Timothea

Luka

Lidia

Bo sesare

Baepikure le Bastoike

Basaduse le Bafarisi

Felixe

Porkiase Festase

Heroda Agripa II

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela