Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • ll karolo 13 maq. 28-29
  • Re Lokela ho Etsang e le Hore re Kgahlise Modimo?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Re Lokela ho Etsang e le Hore re Kgahlise Modimo?
  • Mamela Modimo Mme O Phele ka ho sa Feleng
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Karolo ya 13
    Mamela Modimo
  • Tsela e Nepahetseng ya ho Rapela Modimo
    Bibele e re Rutang?
  • Re Lokela ho Rata Modimo ka ho sa Feleng
    Ka Moo o ka Dulang o Ratwa ke Modimo
Mamela Modimo Mme O Phele ka ho sa Feleng
ll karolo 13 maq. 28-29

KAROLO YA 13

Re Lokela ho Etsang e le Hore re Kgahlise Modimo?

Qoba dintho tse mpe. 1 Bakorinthe 6:9, 10

Dintho tse Modimo a di hloileng—ho utswa, botawa, ho sebedisa dithethefatsi, ntwa, ho rapela ditshwantsho

Haeba re rata Jehova, re ke ke ra etsa dintho tseo a di hloileng.

Jehova ha a batle hore re utswe, re tahwe kapa re sebedise dithethefatsi.

Modimo o hloile ho bolaya, ho ntsha mpa le banna ba robalang le banna ba bang le basadi ba robalang le basadi ba bang. Ha a batle hore re be meharo kapa re lwane le batho ba bang.

Ha rea lokela ho rapela medimo ya ditshwantsho kapa hore re sebedisane le bademona.

Lefatsheng la Paradeise le tlang, ho ke ke ha ba le batho ba etsang dintho tse mpe.

  • Modimo o nka boselamose jwang?​—Deuteronoma 18:10-12.

  • Ke hobaneng ha re sa lokela ho rapela medimo ya ditshwantsho? ​—Esaia 44:15-20.

Etsa se Molemo. Matthew 7:12

Dintho tseo Modimo a di ratang—ho bontsha ba bang lerato, ho bua nnete le ho tshwarela ba bang

E le hore re kgahlise Modimo, re lokela ho leka ho mo etsisa.

Bontsha batho ba bang hore o a ba rata ka hore o be mosa ho bona o be o fane.

Tshepahala.

Eba mohau o be o tshwarele batho ba bang.

Dipaki Tsa Jehova tse pedi di pakela monna e mong

Bolella batho ba bang ka Jehova le ditsela tsa hae.​—Esaia 43:10.

  • Etsisa Jehova.​—1 Petrose 1:14-16.

  • Bontsha lerato.​—1 Johanne 4:7, 8, 11.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela