THUTO YA 33
Ruthe le Naomi
Naomi o ile a fallela naheng ya Moabe ha mmoho le monna wa hae le bara ba bona ba babedi, ka ha ho ne ho ena le tlala naheng ya Iseraele. Ha morao, monna wa Naomi o ile a hlokahala. Bara ba hae ba ile ba nyala basadi ba Moabe, e leng Ruthe le Orpa. Empa ka maswabi bara bao ba Naomi le bona ba ile ba hlokahala.
Ha Naomi a utlwa hore tlala e fedile Iseraele, o ile a etsa qeto ya ho kgutlela teng. Ruthe le Orpa ba tsamaya le yena, mme ha ba le tseleng a re ho bona: ‘Le bile molemo ho nna le ho bara ba ka. Ke lakatsa hore le nyalwe hape. Kgutlelang Moabe.’ Basadi bao ba re: ‘Re a o rata! Hape ha re batle ho o siya.’ Naomi a nna a ba kopa hore ba kgutlele habo bona. Qetellong, Orpa a kgutla empa Ruthe yena a hana. Naomi a re ho Ruthe: ‘Orpa o kgutletse ho batho ba habo le ho medimo ya habo. Kgutla le yena.’ Empa Ruthe a re: ‘Nke ke ka o siya. Batho ba heno e tla ba batho ba heso le Modimo wa hao e tla ba Modimo wa ka.’ O nahana hore Naomi o ile a ikutlwa jwang ha Ruthe a tjho jwalo?
Ha Ruthe le Naomi ba fihla Iseraele, e ne e le nakong eo ho kotulwang harese ka yona. Ka letsatsi le leng, Ruthe a ya ho bokella harese e setseng tshimong ya mora wa Rahaba ya bitswang Boase. Boase a utlwa hore Ruthe ke mosadi wa Momoabe ya ileng a hana ho arohana le matsale wa hae. A re ha batho ba mo sebeletsang ba kotula, ba siele Ruthe harese.
Mantsiboyeng ao, Naomi a botsa Ruthe a re: ‘O ne o ntse o bokella tshimong ya mang tsatsing lee?’ Ruthe a re: ‘Tshimong ya monna ya bitswang Boase.’ Naomi a re: ‘Boase o amana le monna wa ka. O nne o sebetse tshimong ya hae le basadi ba bang. O tla sireletseha ha o le moo.’
Ruthe o ile a sebetsa tshimong ya Boase ho fihlela ho qetilwe ho kotula. Boase o ile a bona hore Ruthe o sebetsa ka thata le hore ke mosadi ya molemo. Mehleng eo, haeba monna a ne a hlokahala a se na bara, motho ya amanang le yena o ne a ka nyala mosadi wa hae. Ke lona lebaka le entseng hore Boase a nyale Ruthe. Ba ile ba e ba le mora ya bitswang Obede, eo ha morao e ileng ya e ba ntatemoholo wa Morena Davida. Metswalle ya Naomi e ile ya thaba. Ya re: ‘Jehova o o file Ruthe, ya o hlokometseng, jwale o na le setloholo sa moshanyana. E se eka Jehova a ka roriswa.’
“Ho na le motswalle ya tshepahalang haholo ho feta ngwanabo motho.”—Diproverbia 18:24