Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • lfb thuto 36 leq. 88-leq. 89 ser. 1
  • Tshepiso ya Jafeta

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Tshepiso ya Jafeta
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Jafeta e ne e le Monna ya Dulang a Nahana ka Jehova
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
  • Batho ba Tshepahalang ba Phetha Dikano Tsa Bona
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • “O Phethe Boitlamo Boo o bo Etsang”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 36 leq. 88-leq. 89 ser. 1
Jafeta o tabola diaparo tsa hae ha moradi wa hae a tswa ho tla mo kgahlanyetsa

THUTO YA 36

Tshepiso ya Jafeta

Baiseraele ba ile ba boela ba lahla Jehova mme ba rapela medimo ya bohata. Medimo eo ha ya ka ya ba thusa ha Baamone ba ba lwantsha. Baiseraele ba ile ba sotleha ka dilemo tse ngata. Qetellong ba re ho Jehova: ‘Re entse sebe. Re kopa o re sireletse ho dira tsa rona.’ Yaba ba senya ditshwantsho tseo ba neng ba di rapela mme ba rapela Jehova hape. Jehova o ne a sa rate ha ba sotleha.

Jehova o ile a kgetha monna ya matla ya bitswang Jafeta hore a etelle masole a Baiseraele pele ha a yo lwantsha Baamone. Jafeta o ile a re ho Jehova: ‘Ha o ka re thusa ho hlola ntweng ena, ke tla o fa motho wa pele ya tla tswa ka tlung ya ka ho nkgahlanyetsa.’ Jehova o ile a mamela thapelo ya Jafeta yaba o mo thusa hore a hlole ntweng eo.

Ha Jafeta a kgutla ntweng, motho wa pele ya ileng a tswa ho tla mo kgahlanyetsa ke moradi wa hae, ngwana ya mong feela. O ile a tla a ntse a tantsha, a letsa moropa. Jafeta o ile a etsang? O ile a hopola tshepiso ya hae yaba o re: ‘Jo! moradi wa ka! O nkutlwisitse bohloko. Ke tshepisitse Jehova hore motho ya tla tswa pele ho tla nkgahlanyetsa, ke tla fana ka yena tabernakeleng Shilo. Ka hoo, ke lokela ho fana ka wena tabernakeleng.’ Moradi wa hae a re ho yena: ‘Ntate, haeba o tshepisitse Jehova, phetha tshepiso ya hao. Empa pele ke ya, ke kopa ho qeta dikgwedi tse pedi thabeng le metswalle ya ka. Ka mora moo ke tla ya Shilo.’ Moradi wa Jafeta o ile a sebeletsa Jehova ka botshepehi tabernakeleng bophelo bohle ba hae. Metswalle ya hae e ne e mo tjhakela Shilo selemo le selemo.

Metswalle ya moradi wa Jafeta e mo tjhakela tabernakeleng

“Ya ratang mora kapa moradi ho mpheta, ha a tshwanelwe ke ho ba morutuwa wa ka.”​—Matheu 10:37

Dipotso: Jafeta o ile a tshepisa Jehova eng? Moradi wa Jafeta o ile a reng ha a utlwa tshepiso ya ntate wa hae?

Baahlodi 10:6–11:​11, 11:​29-40; 1 Samuele 12:​10, 11

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela